Ho ja Maqepe
KA MONGOLI OA TSOHA! ZAMBIA
BATHO ba bang ha ba rate ho ja libōkō. Empa batho ba bangata ba thabela ho ja liphoofotsoana tsena tse se nang masapo tse hlabosang. Sejo se ratoang haholo likarolong tse ling tsa Afrika ke maqepe a tsoang tšoeleng ea Imbrasia belina. Libakeng tseo, sehahabi sena se tsebahala haholo e le sebōkō sa mopane, se rehelletsoe ka sefate sa mopane seo se ratang ho lula ho sona. Baahi ba bangata ba mahaeng ba letela ka tjantjello nako ea ho kotula lintho tsena tse menekang tse nang le phepo tse monate o tsoang ka litsebe. Keith Leggett oa Kalahari Conservation Society o re: “Li na le protheine e ngata haholo.” Libōkō tsena li boetse li phetha karolo ea bohlokoa ho sireletseng tikoloho e ommeng, e letsoatlare le lintho tse phelang ho eona.
Ha lipula tsa lehlabula li na karolong e ka boroa ea Afrika mathoasong a November, naha ea hlasimoloha. Nakong ena, lipopane tse limilione tse ka tlas’a mobu tse khonang ho ikhoantlella e se e le tšoele e ntle. Nakong ea libeke tse ’maloa, bana ba tsona ba tla hōla ho tloha maheng a manyenyane ho ba libōkō tseo qetellong e bang “lisoseje” tse tenya tse mebala.
Libakeng tseo ho jeoang haholo lijo tse nang le setache tse joaloka cassava le poone, maqepe ana ke lijelello tse ratoang. Le hoja e se lijo tse ratehang hakaalo ho ba bangata ba rōna, ke a bohlokoa haholo kaha a na le protheine e fetang liphesente tse 60, haholo libakeng tseo lijo tse nang le protheine e ntle li bitsang chelete e ngata kapa li fumanehang ka thata. Ho ja maqepe ana ho tšoana le ho ja nama kapa tlhapi, ho fana ka hoo e ka bang likarolo tse tharo ho tse ’nè tseo motho e moholo a li hlokang letsatsi le letsatsi tsa protheine, livithamine le liminerale. Ruri ke lihaha-’mele!
Ba jang maqepe ana ha ba utloisise hore na ke hobane’ng ha libakeng tse ling lihoai li sebelisa lik’hemik’hale tse theko e boima ho bolaea likokoanyana tsena tse nang le phepo e matlafatsang. Ha lihahabi tsena tse limilione li ja, hangata li fetola makhasi a sa latsoeheng, le ao ka linako tse ling a leng chefo, ho a etsa lijo tsa bohlokoa. ’Me li phetha sena habonolo feela ho sa hlokahale thepa e bitsang ea temo le ho lefa litsebi tsa temo! Maqepe ana a kotuloa ka letsoho ’me ke sejo sa bohlokoa se fumanehang habonolo.
Libōkō tsa mopane li thusa haholo ho eketsa manoni mobung o hlatheng hammoho le ho tsitsisa tikoloho e joalo le lintho tse phelang ho eona. Le hoja litlou tsa Afrika li e-ja haholo, hase letho ha li bapisoa le libōkō tsena tsa mopane tseo motho a sa li iseng hloohong. Libekeng tse tšeletseng tseo maqepe a li qetang a phela, nyeu-nyeu ea ’ona e harela lijo tse fetang tse jeoang ke litlou ka makhetlo a leshome ’me e ntša manyolo a fetang a litlou ka makhetlo a mane, sebakeng se lekanang le seo litlou li fulang ho sona. Hase feela ’mele ea maqepe ana e sarolohang ka makhetlo a 4 000! Ka hona, ha ho makatse hore haeba ho ka kotuloa maqepe ana ka tsela e hlokang taolo, mobu o ka ameha hampe ’me tikoloho le lintho tse phelang ho eona tsa hloka botsitso.
Maqepe aa a kotuloa joang? Nakong e ’ngoe le e ’ngoe ea lipula, basali ba libakeng tsa mahae ba kotula libōkō tsa mopane ka lekhetlo la pele, tseo selemo le selemo ba li kotulang habeli. Ba qeta libeke tse ’maloa ba bokella libōkō, ba li ntša likahare, ba li belisa le ho li ala hore li ome. Leha ho le joalo, ho kotula le ho lokisa maqepe a mang a jeoang ho hloka kelo-hloko. Boea kapa meutloa e fumanehang mefuteng e meng ea ’ona e lokela ho tlosoa. Ho hlokahala hore batho ba be hlokolosi ha ba a lokisa hobane maqepe a mang a ja limela tse chefo ho batho. Ha a se a lokisitsoe, maqepe a ommeng a ka phuphuroa joaloka sejo se bobebe, le hoja hangata a tšeloa metsi, a phehoe ho etsa sechu, kapa a halikelloe le tamati le eiee.
Khopolo ea ho ja maqepe e ka ’na ea etsa hore u batle ho a leka kapa u tšabe ho a ja. U ka ’na ua khetha ho se je lijo tsena tse sa tloaelehang. Empa hopola hore ke tsa bohlokoa kaha li na le protheine e ngata ’me li kenya chelete malapeng a mangata a Afrika.
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Protheine e ngata e libōkōng tsa mopane e etsa hore e be tsa bohlokoa haholo
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
’Mele ea libōkō tsa mopane e ka saroloha ka makhetlo a 4 000 libekeng tse tšeletseng tseo li li phelang