Likokoanyana le Liboko Tse Jeoang—Lijo Tseo re ke Keng ra li Lebala
’NA LE mosali oa ka re ile ra mengoa ke metsoalle ea rōna hore re tl’o thabela lijo le bona motseng o khutsitseng oa Bangui, e leng motse-moholo oa Central African Republic.
Ha re fihla ba re ho rōna “Kenang! Le tlameha le lapile!” Eitse le pele re kena, ra khahlametsoa ke monko o monate oa eiee, konofolo le linōko hammoho le lerata la metsoalle e qoqang. Ella e leng eena ea re memmeng o re bolella ka lijo tseo re tl’o li ja.
Ella o re: “Likokoanyana le liboko ke mohloli oa protheine ho batho ba bangata ba Central Africa. Ha re li je hobane re tlamehile, empa re li ja hobane li le monate.” O phaella ka ho re: “Kajeno ke re tl’o ja liboko tse bitsoang makongo.”
Seo se ne se sa tlameha ho re makatsa. Le hoja e se batho bohle ba ka natefeloang ke likokoanyana le liboko, hoo e ka bang linaheng tse ka holimo ho lekholo, likokoanyana tse ling li nkuoa e le limenyemenye.
Mokete oa Lijo Morung
Naheng ea Central African Republic, ho jeoa likokoanyana le liboko tse sa tšoaneng. Nakong ea lipula, likokobele tse bitsoang bobo li tlala ho potoloha seolo sa bohloa kapa maboneng a metseng ea litoropo. Ka mor’a hore pula e ne mantsiboea, bana ba mathela ho ea li bokella—hangata ba ntse ba li lahlela ka hanong ha ba ntse ba hooa ka thabo. Likokobele li jeoa li omisitsoe, li halikiloe ka letsoai hape li tšeloa pepere kapa li kenngoa ka sechung kapa maqebelekoaneng.
Kindagozo, ke marutle a ’mala o motala a bang teng sebakeng seo nakong ea ha lipula li sa ne. Batho ba Central African Republic ba halika marutle kapa ba a pheha ka metsi ka mor’a hore baa hlothe masiba le maoto.
Ho jeoa mefuta e fapaneng ea liboko ho pholletsa le naha eo. Re ne re memetsoe ho tla ja liboko tsa Imbrasia. Tšoele e khōlō e sootho e behela mahe lifateng tsa sapelli. Ha liboko li qhotsitsoe, batho ba motseng baa li bokella ebe baa li hlatsoa. Ebe joale liboko li phehoa hammoho le tamati, eiee le lijo tse ling tseo lelapa le li ratang. Tse ling li ka omisoa kapa tsa behoa mosing e le hore li se ke tsa bola. Li ka boetse tsa behoa ’me tsa jeoa ka mor’a likhoeli tse tharo.
Li Bolokehile Ebile li na le Phepo
Le hoja e se liboko le likokoanyana tsohle tse jeoang, tse ling li bolokehile hore li ka jeoa haeba li nkiloe libakeng tse se nang chefo e bolaeang likokoanyana le manyolo le ha li phehiloe ka tsela e nepahetseng. Ho hlakile hore batho ba kulisoang ke liphoofolo tsa metsing tse kang makhala, ao le ’ona a se nang lesapo la mokokotlo, ba lokela ho qoba ho ja likokoanyana. Ho fapana le li shellfish tse jang lintho tse bolileng, likokoanyana tse jeoang tsona li ja makhapetla a hloekileng le limela tse ling tseo batho ba sa khoneng ho li sila.
Le hoja liboko li le nyenyane li na le phepo e ngata. Ho ea ka Mokhatlo oa Lijo le Temo oa Machaba a Kopaneng, liboko tse ommeng li na le protheine e ngata ho feta e fumanoang nameng ea khomo. Litsebi tsa lijo li boetse li sibollotse hore likokoanyana le liboko ke mohloli oa phepo e ntle linaheng tse ntseng li tsoela pele.
Ho itšetlehile ka hore na motho o ja mofuta ofe oa liboko, ligrama tse 100 tsa tsona li ka fana ka k’halsiamo, tšepe, magnesium, phosphorus, potassium le zinki hammoho le livithamine tse ngata e leng lintho tseo ’mele o li hlokang ka letsatsi. Ho ekeletsa moo, liboko tse sitsoeng li ka tšeloa ka motohong e le hore li matlafatse bana ba sa fepehang hantle.
Ho ja liboko ha ho fane ka phepo feela empa ho boetse ho na le melemo e meng. Ho ja liboko ho ka boetse ha baballa tikoloho. Ha batho ba ja liboko ha ba sebelise metsi a mangata ebile liboko ha li ntše khase e ngata e futhumatsang lefatše. Ho phaella moo, ho ja liboko ke tsela ea tlhaho ea ho fokotsa likokoanyana.
Nako ea ho ja
Ha re ntse re letetse ho ja, re ile ra hopola hore Molao oa Moshe o neng o filoe sechaba sa Iseraele ea boholo-holo, o ne o bolela hore marutle a hloekile. Basebeletsi ba Molimo oa ’nete ba kang Johanne Mokolobetsi, ba ne ba a ja. (Levitike 11:22; Matheu 3:4; Mareka 1:6) Leha ho le joalo, re ka ’na ra ba leqe ho ja lijo tseo re sa li tloaelang.
Ella o ile a khutla ka kichineng a tšoere lijo tse kubellang tseo motho e mong le e mong a neng a thabetse ho li bona. Re ne re e-na le batho ba bang ba robeli ba Central African Republic ba neng ba thabile ’me ka pel’a rōna e le likotlolo tse peli tse khōlō tse tletseng liboko. Kaha re ne re le baeti, re ile ra hlomphuoa ka ho ngoatheloa pele, le hona ba hla ba re ngoatheloa mohlohlo oa lijo!
Re ka qetella ka ho re: “Haeba u fumana monyetla oa ho ja lijo tse sa tureng, tse monate le tse nang le phepo, u se ke ua qea-qea! Ke lijo tseo u ke keng ua li lebala.”
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Liboko tsa makongo tse e-s’o ka li phehoa
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Marutle a kindagozo a phehiloeng