Maikutlo a Babali
Ngoana ea Bileng le Tumelo (August 2006) Ke lebeletse ka thabo ho bona Dustin le bana ba bang ba limilione ba shoeleng, ba matha ba bile ba tlōla-tlōla e le bacha ba mafolofolo lefatšeng le lecha le tlang haufinyane.
A. A., Sri Lanka
Ke ile ka angoa ka ho teba ke tumelo ea Dustin le sebete sa hae. Phihlelo ea hae e nthusitse hore ke hlahlobisise kamoo ’nete e leng ea bohlokoa kateng bophelong ba ka le hore ke tsebe se lokelang ho tla pele bophelong. Joale kea hlokomela hore lintho tse lokelang ho tla pele bophelong ke ho ba le kamano e ntle le Jehova le ho etelletsa pele lintho tse amanang le ’Muso.
M.C. V., Brazil
Ke ile ka angoa pelo ke maikutlo a susumetsang le a matle ao Dustin a neng a e-na le ’ona mabapi le ’nete. Liketso tsa hae li ile tsa bontša hore o ne a batla ho khahlisa Jehova le ho sebeletsa batho ba bang. Joaloka Dustin, le ’na ke batla ho ‘matha tseleng ea peiso ho fihlela qetellong ’me ke boloke tumelo’!
M. N., Japane
Ke na le lilemo tse supileng. Kea le leboha hore ebe le hatisitse phihlelo ena. Ke ile ka khahloa ke tumelo e matla eo Dustin a neng a e-na le eona ho Jehova, le hoja a ne a kula haholo. Mohlala oa hae o nkhothalitse hore ke sebeletse Molimo haholo.
T. D., Italy
Libōpeho Tse Hlollang Tsa Limela (September 2006) Ke ile ka qeta hora le halofo ke bala sehlooho sena! Se nthutile lintho tse ngata! Ke ile ka iketsetsa litšoantšo e le hore nka se utloisisa habonolo. Leha ho le joalo, ke kōpa ho le hlokomelisa feela hore palo ea 13/21 ha e ea atamela haufi le karo-karolelano ea ho sekama ho ikhethang ho bang teng likaroloaneng tse ncha tsa semela, empa, e nepahetseng ke karo-karolelano ea likhato tse setseng tse 222,5 ho etsa potoloho e feletseng.
L. C. United States
Karabo ea “Tsoha!”: Babali ba ’maloa ba buile se tšoanang ka nepo hore karo-karolelano ea ho sekama ho ikhethang ho bang teng likaroloaneng tse ncha tsa semela e ka ba likhato tse 222,5 potolohong. Joale ke hobane’ng ha sehlooho sa rōna se ile sa re ho sekama ho ikhethang ha likaroloana tse ncha tsa semela ke likhato tse 137,5—e leng ho sekama ho baliloeng ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona? Mocha oa boitsebiso Inthaneteng o bitsoang MathWorld o re: “Ho sekama ho ikhethang ha likaroloana tse ncha semeleng ke ho sekama ho arolang potoloho e feletseng [360°] karo-karolelanong eo e ikhethang (empa e baloa ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona e le hore e ka ba ka tlase ho likhato tse 180).” Ha Dr. Ron Knott, eo e leng setsebi sa lipalo sa Brithani, a hlalosa lebaka le etsang hore litsebi tsa saense li hlalose ho sekama ho ikhethang ka tsela ena, o re: “Ho bonahala re ‘lebisa tlhokomelo’ likhatong tse tlaase tsa ho sekama ha likaroloana tsa semela.” Ka hona, le hoja karo-karolelano ea ho sekama ho ikhethang ho bang teng likaroloaneng tse ncha tsa semela e ka ba palo ea 13/21 (palo e fetang halofo), ho sekama hona ho ikhethang ka tloaelo ho hlalosoa e le likhato tse 137,5 (likhato tse ka tlase ho halofo).
“Li Hlahleloa Chankaneng ka Lebaka la Tumelo ea Tsona” (April 2006) ’Na ha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, empa seo ha se nthibele hore ke hlomphe litho tsa bolumeli ba lōna ka ho tebileng. Ke ile ka kopana le Lipaki tse ’maloa ha ke ne ke koaletsoe likampong tsa mahloriso tsa Gross-Rosen le Buchenwald. Boitšoaro ba tsona bo ne bo le botle ’me tumelo ea tsona e le e ikhethang hoo li neng li hlomphuoa li bile li rorisoa ke batšoaruoa ba bang kaofela. Esita le ma-SS a ne a khahloa ke tsona. Ke tla lula ke amohela Lipaki Tsa Jehova ha ka.
P. V., United States