Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/06 maq. 26-27
  • Ngoana ea Bileng le Tumelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ngoana ea Bileng le Tumelo
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Naheng ea Mexico
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2007
  • Kamoo Bibele e ka Thusang Batho ba Tšoeroeng ke Lefu la Tsoekere
    Tsoha!—2003
  • Ke Hobane’ng ha ke Kula Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 8/06 maq. 26-27

Ngoana ea Bileng le Tumelo

DUSTIN o ile a qala ho ba teng ka linako tse ling ha ’mè oa hae a ithuta Bibele le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Le hoja a ne a le lilemo li 11 feela, o ne a nahana lintho ka ho teba ’me a botsa lipotso tse ngata tse bontšang hore o ne a nahanisitse ka tsona. Ka mor’a nakoana o ile a kōpa hore le eena a rutoe Bibele ke motho eo ea neng a ithuta le ’mè oa hae, eo e kileng ea e-ba moromuoa. O ile a ba a qala ho bolella bana bao a kenang sekolo le bona lintho tseo a neng a ithuta tsona.

Dustin o ile a qala ho ea libokeng Holong ea ’Muso e sebakeng sa habo, a ba a kopanela ho faneng ka likarabo nakong eo bamameli ba nkang karolo. Ha eena le banab’abo ba banyenyane ho eena ba chakela ntate oa bona, ntate oa bona o ile a tsitlella hore kaofela ba tsamaee le eena ho ea kerekeng. Dustin o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a khetha ho ea Holong ea ’Muso. Ntate oa hae ha aa ka a ba le bothata ’me a re o tla lumella Dustin ho ea moo.

Mantsiboeeng a mang ka mor’a liboka Holong ea ’Muso, ’mè oa Dustin o ile a mo batla a sa tsebe hore na o hokae. Dustin o ne a ile ho molebeli oa Sekolo a sa bolella ’mè oa hae ho ea kōpa ho ngolisoa sekolong. ’Mè oa hae o ile a lumela. O ile a lebella ka thabo e khōlō nakong eo a tla fana ka puo ea hae ea pele. Leha ho le joalo, ka nako eona eo o ile a qala ho ba le mahlaba a bohloko qholong, ka hona, a isoa lingakeng tse fapa-fapaneng ho ea hlahlojoa. Qetellong, nako eo Dustin a neng a e letetse ka tabatabelo ea hore a fane ka puo Holong e ile ea fihla. Ka nako eo, o ne a se a tsamaea ka lithupa. Le hoja ho ne ho bonahala hore o opeloa haholo, o ile a ea sethaleng a sa li nka.

Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha fumanoa hore Dustin o ne a tšoeroe ke lefu le bitsoang Ewing’s sarcoma, kankere e sa tloaelehang ea masapo. Selemong se hlahlamang, boholo ba nako o ile a bo qeta a le sepetlele sa bana se San Diego, California. Tumelo ea hae e matla le lerato leo a neng a rata Jehova ka lona ha lia ka tsa felisoa ke ho phekoloa ka lik’hemik’hale, ka mahlaseli, esita leha a se a pongoa leoto le letona le lesapo la qholo. Ha a se a fokola haholo hore a ka ipalla, ’mè oa hae, eo boholo ba nako a neng a e-na le eena, o ne a mo balla.

Le hoja boemo ba Dustin bo ile ba mpefala, ho ne ho se mohla a tletlebang. O ne a lula a phathahane, a tsamaea ka setulo sa hae sa batho ba holofetseng a khothatsa bakuli ba bang le batsoali ba bona, ho kopanyelletsa le mokuli e mong oa Paki. Basebetsi ba sepetlele ba ile ba bona hore Dustin le mocha eo e mong oa Paki ba ne ba fapane le ba bang—tumelo ea bona e ne e ba matlafatsa.

Dustin o ile a batla ho kolobetsoa. Ka hona, a robetse sofeng kaha o ne a se a fokola haholo hore a ka lula, baholo ba Bakreste ba ile ba tšohla le eena lipotso tse hlahlojoang le ba batlang ho kolobetsoa e le Lipaki Tsa Jehova. Ka la 16 October, 2004, a le lilemo li 12 le halofo, Dustin o ile a kolobetsoa kopanong ea potoloho.

Ha puo ea kolobetso e le haufi le ho qala, Dustin o ile a khannoa ka setulo sa hae hore a lule le ba bang ba eang kolobetsong. Ha ba kōptjoa hore ba eme, Dustin o ile a ema ka leoto le le leng ’me a itšoareletsa ka setulo, a apere sutu ea hae e ntle. O ile a arabela lipotso tsa kolobetso ka lentsoe le phahameng le le hlakileng. Lelapa lohle labo Dustin le ne le le teng, ho kopanyelletsa le ntate oa hae le mosali oa hae oa bobeli. Basebetsi ba sepetlele le batsoali ba bana ba bang ba tšoeroeng ke kankere sepetleleng seo le bona ba ne ba le teng.

Letsatsing le hlahlamang ka mor’a hore Dustin a kolobetsoe, o ile a khutlela sepetlele. Kankere e ne e se e nametse masapong ’ohle ’meleng. Ha a ntse a fokolloa ke bophelo le ho feta ’me a nkhella lefu, o ile a botsa ’mè oa hae hore na ebe e se e le hona ha a hlokahala na. ’Mè oa hae o ile a botsa: “Ke hobane’ng ha u botsa? E le hore u tšaba ho shoa?”

O ile a re: “Che. Ke tla tutubala feela, ’me ha ke bula mahlo a ka tsohong ea bafu, e tla ka ke tutubetse metsotsoana feela. Ke tla be ke se ke sa opeloe ho hang.” Joale a hlalosa lebaka: “Ke tšoenyehile ka lelapa leso.”

Khoeling e hlahlamang Dustin o ile a hlokahala. Tšebeletsong ea lepato la hae ho ne ho tlile lingaka, baoki, malapa a batho ba sebetsang sepetlele, matichere, baahelani, le ba lelapa labo Dustin—bao e leng Lipaki Tsa Jehova le bao e seng tsona. Dustin o ne a kōpile hore bohle ba tla tla puong ea lepato la hae ba fuoe bopaki bo hlakileng ka lintho tseo a neng a li lumela. Molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ea neng a ile a mo fa kabelo ea puo sekolong, eo a ileng a khona ho fana ka e le ’ngoe feela, o ile a fana ka puo e babatsehang e matlafatsang tumelo ho letšoele leo ba bang ba neng ba bile ba eme ka maoto.

Ho ne ho hatisitsoe mangolo a mabeli ao Dustin a neng aa rata ka ho fetisisa bakeng sa ba tlileng lepatong la hae—e leng lengolo la Matheu 24:14 le la 2 Timothea 4:7. Tumelo ea hae e matla le botšepehi ba hae li ile tsa khothatsa bohle ba mo tsebang. Re lebeletse ka cheseho nakong eo re tla mo amohela tsohong ea bafu.—Joalokaha ho boletse Paki e ithutileng le Dustin.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]

“Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo.”—2 Timothea 4:7

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ka holimo: Dustin ha a e-s’o kule

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ka tlaase: Ha Dustin a kolobetsoa, a le lilemo li 12 le halofo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela