Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/07 leq. 22
  • Maikutlo a Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Babali
  • Tsoha!—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo bo Botle ba ’Mele—Leseli le Lecha?
    Tsoha!—2000
  • Mefuta e Meng ea Phekolo—Lebaka Leo ba Bangata ba e Sebelisang ka Lona
    Tsoha!—2000
  • Phekolo eo U e Khethang
    Tsoha!—2000
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 9/07 leq. 22

Maikutlo a Babali

Ha ho Kula ho se ho le Sieo! (January 2007) Ha le bolela hore batho ba bang “ba senya chelete le nako ka mekhoa ea phekolo le ka litlhare tse sa sebetseng kapa tse bileng li ka ba ntšang kotsi,” ho bonahala le bua ka mefuta e meng ea phekolo, kaha sehlooho sena se fane ka pelaelo ea hore na mekhoa e meng ea phekolo e fela e thusa kapa hona ho ba e sireletsehileng na. Na see se bolela hore Tsoha! e buella phekolo ea bongaka ba sekhooa e le eona e sireletsehileng le e batlang e sebetsa? Ho latela U.S. General Accounting Office, ho na le bopaki bo bongata bo hananang le seo.

G. C., United States

Karabo ea “Tsoha!”: Mefuta e mengata ea phekolo eo ka nako e ’ngoe e neng e nkoa e sireletsehile ebile e sebetsa hamorao ho ile ha fumanoa hore ha ea sireletseha. Sena se etsahetse lingakeng tsa sekhooa le mefuteng e meng ea phekolo. Tsela e bohlale ke ea ho fumana boitsebiso bo lekaneng ba hore na melemo le likotsi tsa phekolo eo u nahanang ho e sebelisa ke life, ebang ke lingaka tsa sekhooa kapa mefuta e meng ea phekolo, ’me u kholisehe hore ha e loantšane le melao-motheo ea Bibele. Ena ke qeto ea motho ka mong. Joalokaha re boletse ka makhetlo a mangata nakong e fetileng, “Tsoha!” ha e buelle phekolo ea mofuta o itseng. Hape, Bakreste ba qoba ho ahlola kapa ho nyatsa khetho ea phekolo eo ba bang ba e etsang. Joalokaha sehlooho seo se bontšitse, qetellong, hase mefuta e meng ea phekolo kapa lingaka tsa sekhooa tse tla felisa maloetse ’ohle a tšoarang moloko oa batho. Ke ’Muso oa Molimo feela o tla tlisa nako eo ka eona ho kula ho ke keng ha hlola ho e-ba teng.—Tšenolo 21:3, 4.

Ke Tla ‘Tlōla Joaloka Khama e Tona’ (August 2006) Mamello le boikokobetso ba Francesco Abbatemarco li ile tsa etsa hore ke nahane ka ho teba. O ile a iteka ho sa tsotellehe ho holofala ha hae e le hore a sebeletse Jehova, hape o ile a sebetsa ka thata ho hlōla maikutlo a sithabetsang ao a neng a e-na le ’ona. Phihlelo ea hae e nthusitse hore ke lule ke hopola hore ho sa tsotellehe hore na re tobane le boemo bofe, re ka sebeletsa Jehova ka hohle kamoo re ka khonang kateng. Ke ile ka boela ka khothatsoa ke ho bona kamoo ho sebelisa Lentsoe la Molimo ho ileng ha mo thusa kateng hore a etse liphetoho tse khōlō bophelong ba hae.

N. G., Cambodia

Francesco o ne a e-na le mathata a mangata ao a neng a lokela ho a hlōla. Leha ho le joalo, hang ha a fumana ’nete, o ile a sebetsana le ’ona ka cheseho le ka boikemisetso. Ke mohlala o motle haholo oa motho ea ikemiselitseng! Ke tšepa hore pale ea hae e tla susumetsa ba bang ka tsela e tšoanang le eo e ntšusumelitseng ka eona.

M. D., Afrika Boroa

Ke ratile sehlooho sena haholo! Ekare nka bolella Francesco Abbatemarco ka seqo hore na se nkhothalitse hakaakang hore ke etse boiteko bo matla tšebeletsong ea ka ho Jehova!

J. B., United States

Francesco, kea u leboha ka mohlala oa hao o babatsehang oa cheseho le mamello. Ke kholisehile hore tsamaisong e ncha, u tla fela u tlōle joaloka khama e tona. U lule u tseba hore u na le bara le barali beno ba u ratang haholo le ba u rapellang.

S. G., Russia

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela