Tsa Mona Le Mane
◼ Ho eketseha ha mocheso lefatšeng ke taba “e totobetseng,” ’me “ho bonahala eka” lintho tseo batho ba li etsang ke tsona tse bakang bothata bona.—INTERGOVERNMENTAL PANEL ON CLIMATE CHANGE (IPCC), SWITZERLAND.
◼ Batho ba ka bang limilione tse 1,4 ho isa ho ba limilione tse 1,9 ba Jeremane ba “lemaletse meriana.” Bothata bona bo tebile hoo bo tšoanang le ba batho ba lemaletseng tahi.—TAGESSCHAU, JEREMANE.
◼ Brithani, bana ba ka tlaase ho selemo ba kotsing e khōlō ea ho bolaoa.—THE TIMES, BRITHANI.
◼ Libakeng tse ling, moeli o pakeng tsa United States le Canada o koahetsoe ke limela hoo ba boholong “ba thatafalloang ho o fumana.” Dennis Schornack oa International Boundary Commission, o re: “Haeba le sitoa ho o fumana, joale le kee la khona ho o sireletsa.”—ASSOCIATED PRESS, UNITED STATES.
’Mele o Etselitsoe Hore o Khone ho Iphekola
Moprofesa Gustav Dobos, eo e leng ngaka e nang le tsebo e khethehileng Sepetleleng sa ’Maene se motseng oa Essen, Jeremane, o re: “Maloetseng ’ohle a teng, ’mele oa motho o khona ho iphekola a ka etsang karolo ea 60 ho isa ho ea 70 lekholong.” Ho thoe ’mele o iphekola ka ho hlahisa meriana e ka bang 30 ho isa ho 40, e joaloka cortisone le e meng e thibelang matsoai ho ipōpa majoana liphieong. Bafuputsi ba utloisisa tse ling tsa lintho tse etsahalang e le hore ’mele o iphekole, empa ba sa ntsane ba sa tsebe ho hongata. Makasine ea Vital e re bo-rasaense baa lemoha hore “ho na le tšebelisano e rarahaneng ea lihormone le masole a ’mele” le hore “tsela eo motho a ikutloang ka eona le eona e phetha karolo ea bohlokoa.” Leha ho le joalo, e tsoela pele ho bolela hore khatello ea maikutlo le mathata ao motho a bang le ’ona e ka “fokolisa tsela eo ’mele o itšireletsang ka eona mafung ’me seo se ka tsoela pele ka nako e telele.”
Ho Ajoa ha Leruo la Lefatše
The Guardian ea London ea tlaleha: “Batho ba baholo ba etsang 1% ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng ba na le 40% ea leruo la lefatše.” Koranta eo e re: “Ba fanang ka litšebeletso tsa lichelete le tsa inthanete ke bona ba itlhommeng pele har’a barui ba hafang ka nkatana.” Phuputso e entsoeng ke UN e fumane hore ho barui ba bang le ba bang ba lekholo ba hafang ka nkatana, ba 37 ke ba United States, ba 27 ke ba Japane ’me ba 6 ke ba United Kingdom. Halofo ea batho ba baholo ba futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng e na le karolo e le ’ngoe feela lekholong ea leruo la lefatše. Duncan Green, ea okametseng lefapha la liphuputso mokhatlong o fanang ka liphallelo oa Brithani o bitsoang Oxfam, o re “ho se leka-lekane hona hoa nyarosa. . . . Ha ho khonehe ho lokafatsa borui bo bokaalo ha batho ba limilione tse 800 ba robala ka tlala letsatsi le chabang le le likelang.”
Lipalo Tse sa Leka-lekaneng Tsa ba Batona le ba Batšehali Chaena
Ka 2005, ha ho ne ho hlaha masea a 100 a banana Chaena, ho ne ho hlaha a 118 a bashemane. China Daily e tlaleha hore likarolong tse ling tsa naha, “palo ea masea a bashemane e ne e fihla ho 130 ho a mang le a mang a 100 a banana.” Phapang ena e hlahisoa ke ho ntšoa ha limpa ka mor’a ho hlahloba hore na ngoana ke mong. Ba boholong ba re boemo bona bo amana le leano la Chaena la thero ea malapa, le behelang banyalani ba bangata ba lulang metseng e meholo hore ba be le ngoana a le mong feela. Koranta eo e bolela hore “ka 2020, ho tla be ho e-na le banna ba ka bang limilione tse 30 ba lilemong tsa ho nyala ba bangata ho feta palo ea basali ba teng,” ’me ho se leka-lekane hoo ho tla “ama botsitso ba sechaba.”