Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g19 no. 1 leq. 3
  • Batho ba Itšoere Lihlooho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Itšoere Lihlooho
  • Tsoha!—2019
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ’Muso oa Molimo o Tla Rarolla Mathata a Lichelete?
    Lihlooho Tse Ling
  • Tsa Mona Le Mane
    Tsoha!—2007
  • “Tlokotsi ea Chelete”
    Tsoha!—1995
  • Re Atlehile Hakae ho Sireletsa Tikoloho?
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2019
g19 no. 1 leq. 3

BOTHATA

Batho ba Itšoere Lihlooho

The Global Risks Report 2018, World Economic Forum e re: “Mehleng ena batho ba imona menoana ka theknoloji, saense le moruo o tsoetseng pele. . . Empa ho bonahala lintho li ntse li tsoa taolong ho akaretsa [lipolotiki, moruo le tikoloho]. Haesale! ntho e tjena e qala ho etsahala.”

KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANGATA BA TŠOENYEHILE HAKAALE KA LEFATŠE LE BOKAMOSO? A RE BUENG KA MATHATA A SENG MAKAE FEELA.

  • Computer e koetsoeng

    INTHANETE: Koranta e bitsoang The Australian e re: “Hona joale ho na le batho ba bangata ba sebelisang Inthanete hampe. E se e fetohile sentele sa batho ba hlekefetsang bana le batho ba bang. Ba utsoa litokomane tsa batho tsa boitsebiso hape ba kena liak’haonteng tsa bona ka bolotsana ba sebelisa eona Inthanete. Ba bang ba e sebelisetsa feela ho etsetsa batho ba bang bokhopo.”

  • Matsoho a batlang ho nka chelete

    BOFUTSANA: Tlaleho ea Oxfam International e re batho ba robeli ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng, ba na le chelete e lekanang le eo halofo ea baahi ba lefatše ba futsanehileng haholo ba nang le eona. E boetse e bontša hore batho ba ruileng ba tsoela pele ho rua athe ba futsanehileng bona ba ntse ba futsaneha ho ea pele, haholo-holo batho ba bo-’mè. Kahoo, batho ba bang ba belaela hore lefatšeng ho tla ba le ntoa ka lebaka la litaba tsena.

  • Libomo

    HO HLORISOA: Tlaleho ea United Nations Refugee Agency ea 2018 e re: “Mehleng ena batho ba bangata haholo baa baleha libakeng tseo ba lulang ho tsona. Ka mor’a metsotsoana e meng le e meng e ’meli ho na le motho ea balehang sebakeng seo a lulang ho sona.” Ba ka bang limilione tse 68 ba qetella ba tloha malapeng a bona ka lebaka la ho hlorisoa kapa ho se utloane.

  • Mosi o tsoa chomeleng

    TIKOLOHO: The Global Risks Report 2018 e re: “Limela le liphoofolo li ntse li ea li fokotseha hape batho ba kotsing ka lebaka la tšilafalo ea moea le metsi a leoatle.” Batho ba sentse ba ba ba qeta le likokoanyana hoo bo-rasaense ba tšohang hore tikoloho e mathateng kaha likokoanyana li jala peo ea lipalesa. Limela tse hlahang ka har’a leoatle le tsona li tsietsing. Bo-rasaense ba lumela hore ho tloha lilemo tse 30 tse fetileng ho fihlela joale, hoo e ka bang halofo ea libaka tseo limela li hlahang ho tsona ka leoatleng e senyehile.

Na re ka khona ho itšireletsa mathateng aa? Batho ba bang ba lumela hore ho ruteha ke eona feela tharollo. Haeba ke ’nete, ke thuto ea mofuta ofe eo re e hlokang? Makasine ena e tl’o arabela lipotso tsena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela