E ne e le Setsi sa Motlakase Joale e se e le sa Leseli la Moea
KA MONGOLI OA TSOHA! ITALY
◼ Mathoasong a lilemo tsa bo-1900, ho ile ha e-ba le liindasteri tse ngata lithabeng tsa Pistoia, Italy. E le hore ho tsamaisoe thepa e sebelisoang le e hlahisoang, ho ile ha hahoa seporo sa terene ea motlakase. Seporo seo se sesesaane, se bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 15 se ile sa buloa ka la 21 June, 1926, ’me se ne se tsoelipana maralleng le lithabeng.
Literene li ne li fumana motlakase o tsoang setsing seo o fehloang ho sona (holimo ka ho le letšehali). Leha ho le joalo, ka mor’a nako ho fokotseha ha sephethephethe khoebong ena ho ile ha etsa hore seporo sena se qetelle se sa sebetse, ’me ka 1965 se ile sa koaloa. Empa ho ile ha etsahala’ng ka mehaho e neng e hahiloe pel’a seporo see? E meng e ile ea putlama; e meng qetellong ea fetoloa libara le boemelo ba libese.
Setsi seo ho neng ho fehloa motlakase ho sona se ile sa tsosolosoa. Ka 1997, Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova oa San Marcello Pistoiese o ile oa se reka ’me sa fetoloa, sa etsoa hore e be e ’ngoe ea Liholo Tsa ’Muso tse ikhethang ka ho fetisisa Tuscany (ka tlaase ka ho le letšehali). Litho tsa phutheho ena e kopanelang sebakeng sena seo pele ho neng ho fehloa motlakase ho sona li ‘khanya e le maseli’ libakeng tse talana tse lithaba, li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Bafilipi 2:15; Matheu 24:14) Ka sebele, mohaho oo pele o neng o sebelisetsoa ho fana ka motlakase hona joale o sebelisetsoa ho khantša leseli la moea ho pholletsa le sebaka sena.—Matheu 5:14-16; 28:19, 20.