Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Mocha ea Thahasellang Literene o Ithuta ’Nete
HAEBA pelo ea motho e sekametse ho lokeng, joale Jehova Molimo, a sebelisa Kreste Jesu le mangeloi a leholimo, o tla tiisa hore qetellong motho ea joalo ea kang nku o fumana litaba tse molemo tsa ’Muso. Ka nako e loketseng motho eo a ka ’na a tla ka lehlakoreng le letona la Jesu la kamohelo. (Mattheu 25:31-33) Ho bile joalo ka mocha e mong ea neng a thahasella literene Austria ea ileng a tseba ’nete ka tsela e ikhethang.
Ntho e neng e thabisa haholo mosebetsing oa boikhathollo oa mohlankana enoa e ne e le ho palama ka moo moqhobi oa terene a leng ka teng, ka tumello ea batsamaisi ba maeto a literene. O ne a rekota leeto ka leng ka k’hamera ea hae ea video e le hore a ka le shebella hape ha a le hae. Leetong leo a ileng a le nka ho tloha Vienna ho ea Salzburg, moqhobi oa terene e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Paki eo e ile ea sebelisa monyetla oa ho bua ka ’Muso ho mocha ea thahasellang literene. Qalong mohlankana eo o ne a maketse ho utloa moqhobi oa terene a bua ka Molimo le Bibele, empa nakong ea leeto, o ile a nahanisisa haholo ka seo a se bonang ho feta seo moqhobi oa terene a neng a ’molella sona.
Ha a le hae hape, mocha enoa ea chesehang o ile a shebella rekoto ea hae ea video eseng hanngoe feela empa ka makhetlo a leshome, kaha o ne a thahasella leeto lena haholo. Ka lebaka la hore o ne a bile a rekotile le molumo, khafetsa o ile a utloa seo Paki e neng e ’moleletse sona. Ha a ntse a shebella video eo haholoanyane, o ile a tloaelana haholoanyane le seo a neng a se boleletsoe. Joale o ile a qala ho nahana ka sona, ’me qetellong o ile a chesehela boitsebiso bo babatsehang bo neng bo nehelanoa bo tsoa Bibeleng. O ne a batla ho tseba ho eketsehileng.
O ne a hopola lebitso la moqhobi oa terene ’me a tseba hore o lula kae-kae Vienna. Ka hona o ile a leba posong ’me a qala ho qhoaea linomoro tse ngata thelefonong tse neng li thathamisitsoe tlas’a lebitso leo bukeng e fanang ka linomoro tsa thelefono. Potso ea hae ho ba neng ba arabela thelefono e ne e le: “Na u moqhobi oa terene?” Haeba karabelo e ne e le che, o ne a letsetsa nomorong e ’ngoe. Qetellong, o ile a fumana moqhobi eo oa terene. O ile a mo phetela litaba tsa hae le hore o thahasella molaetsa oa Bibele oo a o utloileng ho video.
Paki eo e ile ea etsa litokisetso ka ofisi ea lekala hore mohlankana eo a eteloe ke motho e mong ea neng a lula haufi le eena. Ho ile ha etsahala hore phuthehong ea moo ho be le Paki e ’ngoe eo ka ho tšoanang e neng e le moqhobi oa terene. Moqhobi enoa oa terene oa bobeli o ile a etela mocha eo ea thahasellang literene, ’me thuto ea Bibele e ile ea qalisoa. Lehlabuleng la 1991, mohlankana eo o ile a kolobetsoa.
E tlameha ebe Jehova, ea batlisisang lipelo tsohle, o ile a bona hore motho enoa o na le lerato le tšepahalang bakeng sa ho loka. Ka hona, o ile a etsa hore a fumane ’nete ea Bibele—le hoja e le ka tsela e ikhethang.—1 Likronike 28:9; Johanne 10:27.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]
Courtesy of the Austrian Railways