Kamoo Lebitso la Molimo le ’Nileng la Tsebahatsoa Kateng
DAVIDA, ea ngotseng lipesaleme tsa Bibele o ile a bina a re: “Ke tla rorisa lebitso la Molimo ka pina.” Davida o ne a tseba lebitso la Molimo, ’me o ile a khothalletsa batho tjena, ha a bina: “Ho bokoe Jehova . . . Ho bokoe lebitso la hae le khanyang.” (Pesaleme ea 69:30; 72:18, 19) Tsela e tloaelehileng eo lebitso la Molimo le ngoloang ka eona ka Sesotho ke Jehova, e fetoletsoeng ho tsoa lebitsong la Seheberu יהוה, le hlahang ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Bibeleng.
Makholong a sa tsoa feta a lilemo lebitso la Molimo le ’nile la sebelisoa hangata libakeng tse ling ntle le Bibeleng. Ka mohlala, mantsoe ana a Selatine a reng Benedictus Sit Iehova Deus, a bolelang hore “Jehova Molimo a ke a Rorisoe,” a fumanoa licheleteng tsa tšepe tsa khauta tse neng li etsoa ka lilemo tse ngata Switzerland [1]. Ha e le hantle, lilemong tse makholo a ’maloa tse fetileng, lebitso la Molimo ka Seheberu le ka Selatine le ’nile la hlaha mefuteng e sa tšoaneng e fetang sekete ea lichelete tsa tšepe, lika-chelete, limentlele le li-jeton (tse emelang chelete ea tšepe).
Ho tlile joang hore lebitso la Molimo le sebelisoe haholo hakaalo, joalokaha ho bonahala mehlaleng e leqepheng lee le le latelang?
Ke Hobane’ng ha Lebitso la Molimo le Lokela ho Sebelisoa?
Mathoasong a lekholo la bo16 la lilemo, ho ile ha kupa lintoa tsa bolumeli pakeng tsa Mak’hatholike a Roma le Bo-raliphetoho ba Maprostanta ka Bophirimela ho Europe. Liprofinse tse ’maloa tse neng li le tlas’a puso ea Spain li ile tsa ikhula Kerekeng ea Roma e K’hatholike, e leng bona bolumeli bo neng bo le ka sehloohong, eaba li khetha ho imatahanya le Kereke e Buellang Liphetoho. Sena se ile sa etsa hore ho be le ntoa ea lehae ea bolumeli. Lichelete tsa tšepe le litšoantšo tse neng li le ho tsona li ne li sebelisoa hore ho ngoloe molaetsa oa hore na Molimo o ne a tšehetsa sehlopha sefe.
Kamoo Lebitso la Molimo le Neng le Sebelisoa Kateng
Batho ba neng ba ngola chelete ea tšepe ka ho e fata ba ne ba ngola litlhaku tse ’nè tse emelang lebitso la Molimo ka Seheberu, Jehova, tse tsejoang e le Tetragrammaton. Ha litlhaku tseo li nkoa li le joalo li isoa Senyesemaneng ke JHVH kapa YHWH. Ka tloaelo, batho ba neng ba ngola chelete ea tšepe kapa batho ka kakaretso ba ne ba sa tsebe ho bala Seheberu. Kahoo ha litlhaku tsena tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo li ntse li kopitsoa khafetsa, litlhaku tseo li ile tsa ngoloa ka litsela tse sa tšoaneng.
Hoo e ka bang ka selemo sa 1568 [2], Sweden e ile ea etsa chelete ea tšepe e neng e ngotsoe lebitso la Molimo ’me Scotland le eona ea e etsa hoo e ka bang ka 1591. Hoo e ka bang ka 1600, Morena Charles IX oa Sweden o ile a ngola lebitso la Molimo cheleteng ea tšepe ka mekhoa e sa tšoaneng e akhang Ihehova, Iehova le Iehovah [3]. O ile a re ho etsoe chelete e ’ngoe ea tšepe ea khauta e hlollang ka botle, e neng e sebelisoa lipontšong, eo boleng ba eona bo neng bo feta moputso oa likhoeli tse ’nè oa motho ea etsang mosebetsi oa matsoho!
Ho tloha nakong ea morena oa Denmark le Norway ea bitsoang Christian IV, ea busitseng ho tloha ka 1588 ho ea ho 1648, ho fumanoe lichelete tsa tšepe tse fetang 60 tseo ho thoeng ke tsa Jehova. Ho ella bohareng ba lekholo la bo17 la lilemo, lichelete tsa tšepe tseo ho neng ho thoe ke tsa Jehova li ile tsa etsoa hape Poland le Switzerland ’me li ile tsa etsoa le Jeremane.
Nakong ea Ntoa ea Lilemo Tse Mashome a Mararo, e neng e kupa Europe ho tloha ka 1618 ho ea ho 1648, e ileng ea qala e le ntoa ea bolumeli, lichelete tse joalo tsa tšepe li ile tsa ata. Ka mor’a hore Morena Gustav II Adolph oa Sweden a hlōle Ntoeng ea Breitenfeld ka 1631, o ile a laela hore ho etsoe chelete ea tšepe e ngotsoeng litlhaku tse ’nè tse emelang lebitso la Molimo ka Seheberu [4]. Lichelete tseo tsa tšepe li ile tsa etsoa motseng oa Erfurt, Fürth, Mainz le Würzburg. Hoo e ka bang nakong eo, linaha tse neng li entse selekane le Sweden le tsona li ile tsa qala ho etsa lichelete tsa tšepe tse nang le lebitso la Molimo.
Lilemo tse ka bang 150 ka mor’a hore Ntoa ea Lilemo Tse Mashome a Mararo e mahlo-mafubelu e lale, lebitso la Molimo le ile la tsoela pele ho hlaha licheleteng tsa tšepe, limentleleng le matšoaong a mang. Linaha tse ling tse ileng tsa etsa lichelete tsa tšepe tse nang le lebitso la Molimo li kenyelletsa Austria, Fora, Mexico le Russia. Leha ho le joalo, mathoasong a lekholo la bo18 la lilemo ho sebelisoa ha lebitso la Molimo ka tsela eo ho ile ha ’na ha fokotseha. Qetellong, le ile la batla le nyamela ka ho feletseng lithulusing le litempeng tse etsang chelete ea tšepe.
Ho Tsebahatsa Lebitso la Molimo
Le hoja mohlomong lebitso la Molimo le sa hlahe licheleteng tse sebelisoang kajeno, le phatlalatsoa ho feta leha e le neng pele ebile le lokela ho phatlalatsoa. Khale koana, Molimo o ile a khetha batho ba neng ba tla mo sebeletsa eaba o re ho bona: “Le lipaki tsa ka, . . . ’me ke ’na Molimo.” (Esaia 43:12) Ha ho na chelete leha e le efe ea tšepe e ka etsang mosebetsi oo oa bohlokoa. Ha e le hantle, ba neng ba sebelisa lebitso la Molimo licheleteng tsa bona tsa tšepe ba ne ba mo pakela ka bohata, kaha ba ne ba re ke eena ea ba tšehetsang lintoeng tseo tsa bona tse sehlōhō. Leha ho le joalo, kajeno batho ba bang ba tsebahatsa lebitso la Molimo ka litsela tse amohelehang ho eena.
Lipaki Tsa Jehova li u khothalletsa hore u ithute haholoanyane ka Molimo oa ’nete, Jehova le hore na lebitso la hae le emela eng. Mongoli oa lipesaleme tsa Bibele, o ile a re ka Jehova: “E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” (Pesaleme ea 83:18) Ho tseba Jehova ke habohlokoa haholo, joalokaha Mora oa Hae ea ratoang a ile a bolela ha a ne a rapela: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.
[Setšoantšo se leqepheng la 20, 21]
Lithulusi tse neng li sebelisoa ke batho ba etsang chelete ea tšepe
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng leqepheng la 20]
Coin 1 and tools: Hans-Peter-Marquardt.net; coin 2: Mit freundlicher Genehmigung Julius Hagander
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 21]
Coins 3 and 4: Mit freundlicher Genehmigung Sammlung Julius Hagander