Na ho na le Bolumeli bo le Bong Feela ba ’Nete?
Batho ba bang ba khopisoa ke potso ena. Ba beha lebaka la hore kaha ho na le malumeli a mangata haholo, motho leha e le ofe ea lumelang hore ba hae ke bona feela ba ’nete ha a amohele likhopolo tsa ba bang, ebile oa ikakasa. Ka sebele, e tlameha ebe ho na le ho itseng ho lokileng malumeling ’ohle kapa bonyane malumeling a mangata. Na ke kamoo u ikutloang kateng?
KE ’NETE hore maemong a mang ke bohlale ho amohela hore maikutlo a ba bang ha a fosahala. Ka mohlala, motho e mong a ka ’na a lumela hore lijo tse itseng li tla etsa hore a phele hantle ’meleng. Empa na o lokela ho qobella motho e mong le e mong ho ja lijo tseo, joalokaha eka ke tsona feela tse phelisang hantle? Ka sebele e ka ba bohlale le ho loketseng hore a lumele hore lijo tseo motho e mong a khethang ho li ja li ka ba molemo joaloka tsa hae kapa tsa e-ba molemo le ho feta ho motho eo.
Na le bolumeling ho joalo? Na ho na le litsela tse sa tšoaneng tse amohelehang tseo re ka khethang ho tsona, ho itšetlehile ka hore na motho o hōtse joang le hore na o utloisisa litaba joang? Kapa na ho na le bolumeli bo le bong feela ba ’nete boo batho bohle ba ka latelang lithuto tsa bona? A re boneng hore na Bibele e re’ng. A re qaleng ka ho hlahloba hore na ho ka khoneha hore batho ba fumane ’nete. Haeba e sa fumanehe, ha ho lebaka la ho batla bolumeli bo le bong feela ba ’nete.
Na ’Nete ea Bolumeli e ka Fumanoa?
Nakoana pele Jesu Kreste a bolaoa, o ile a bolella ’Musisi oa Moroma ea neng a mo hloma lipotso, e leng Ponse Pilato, a re: “E mong le e mong ea leng ka lehlakoreng la ’nete o mamela lentsoe la ka.” E ka ’na eaba Pilato o ne a botsa ka ho phoqa, ha a re: “’Nete ke eng?” (Johanne 18:37, 38) Jesu o ile a bua ka sebete mabapi le ’nete. O ne a se na pelaelo hore ke ntho e teng. Ka mohlala, nahana ka lipolelo tseo Jesu a ileng a li bua bathong ba fapaneng mabapi le ’nete.
“Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.”—Johanne 18:37.
“Ke ’na tsela le ’nete le bophelo.”—Johanne 14:6.
“Molimo ke Moea, ’me ba mo rapelang ba tla rapela ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:23, 24.
“Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:31, 32.
Kaha Jesu o ile a bua ka kholiseho e kaalo hore ’nete e teng le hore re ka ithuta eona, na bonyane ha rea lokela ho hlahloba monyetla oa hore ’nete ea bolumeli e teng le hore e ka fumanoa?
Na ’Nete e Feletseng Ehlile e Teng?
Ha ho pelaelo hore ho na le lintho tseo u kholisehileng hore li fela li le teng. U kholisehile hore ua phela le hore lintho tse u pota-potileng ke tsa sebele. Lihloliloeng tseo u li bonang, e leng lifate, lithaba, maru, letsatsi le khoeli hase lintho tseo u inahanelang hore li teng. Ke ’nete hore batho ba nang le filosofi e itseng ba ka ’na ba belaella boteng ba lintho tsena. Empa e ka ’na eaba ha u lumellane le khopolo eo e makatsang.
Hape ho na le melao ea tlhaho. Le eona u ka kholiseha ka ho feletseng hore e teng. Ka mohlala, haeba u itihela selomong, u tla oa; haeba u sa je, u tla lapa; ’me haeba u sa je nako e telele, u tla shoa. Ha u nke hore melao eo ea tlhaho e sebetsa ho batho ba bang feela. E sebetsa bathong bohle ’me ka hona ho ka thoe e ama batho bohle.
Bibele e bua ka tsela e sa tobang ka o mong oa melao eo e amang batho bohle, ha e botsa: “Na motho a ka bokella mollo sefubeng sa hae leha ho le joalo liaparo tsa hae li sa che?” Ka sebele, nakong eo ho neng ho ngoloa mantsoe ana, e ne e le ’nete e tsebahalang hohle hore liaparo li tla cha haeba li tšoara mollo. Leha ho le joalo, maele ana a boletsoeng ka holimo a Bibele ha e le hantle a bolela ho hoholo, e leng hore “mang kapa mang ea bang le likamano [ho kopanela liphate] le mosali oa oa habo” o tla khola litholoana tse babang.—Liproverbia 6:27, 29.
Na re ka kholiseha hore mantsoe ao ke ’nete e feletseng? Ba bang ba ka ’na ba re hase ’nete. Ba ka ’na ba re boitšoaro ke taba ea motho ka mong, ’me e itšetlehile ka hore na motho o hōtse joang, o lumela eng le hore na o boemong bofe. Empa ak’u nahane ka melao e ’maloa ea boitšoaro eo Molimo a faneng ka eona ka Bibeleng. Na ha e ame batho bohle?
Bibele e nyatsa bofebe. (1 Bakorinthe 6:9, 10) Batho ba bang ha ba lumellane le molao ona oa Bibele, ’me baa feba. Empa leha ho le joalo, ba atisa ho khola litholoana tse babang, tseo hangata li akarelletsang ho jeoa ke letsoalo, tlhalo le ho utloisa bohle ba amehang bohloko bo tebileng.
Botahoa le bona Molimo oa bo nyatsa. (Liproverbia 23:20; Baefese 5:18) Ho etsahala’ng ha batho ba tahoa? Ba atisa ho felloa ke mosebetsi, ba kule ’me malapa a bona a qhalane, ao litho tsa ’ona li utloang bohloko haholo maikutlong. (Liproverbia 23:29-35) Liphello tseo li hlahela le batho ba sa lumeleng hore ho tahoa ho fosahetse. Na hore melao ee ea boitšoaro ke ’nete ho itšetlehile ka seo motho ka mong a se lumelang kapa a se nahanang?
Ho na le lintho tse ling tse ntle tseo Bibele e laelang hore re li etse—tse kang hore monna a rate mosali oa hae, mosali a hlomphe monna oa hae, le hore re etse se molemo ho batho ba bang. (Matheu 7:12; Baefese 5:33) Ho mamela litaelo tsena ho hlahisa liphello tse ntle. Na u nahana hore likeletso tse joalo tsa boitšoaro li molemo ho ba bang empa ha li molemo ho ba bang?
Ho sa tsotellehe hore na batho ba mamela melao ea boitšoaro ea Bibele kapa che, liphello tsona li ba teng. Sena se paka hore melao e joalo hase feela taba ea ho fapana ha maikutlo a batho. Ho e-na le hoo, ke ’nete. Bopaki bo bontša hore ha batho ba mamela melao ea Bibele ea boitšoaro, ho ba le liphello tse ntle, empa ho ba le liphello tse mpe ha ba sa e mamele.
Ka hona, nahana: Haeba melao ea boitšoaro ea Bibele e sebetsa bathong bohle, na ha ho joalo le ka melao e Lentsoeng la Molimo tabeng ea borapeli? Ho thoe’ng ka seo le se buang tabeng ea hore na ho etsahala’ng ha re e-shoa le hore na re na le tšepo efe ka bokamoso bo sa feleng? Qeto e utloahalang eo re ka e fihlelang ke hore lithuto tsena tsa Bibele le tsona ke ’nete, ’me li filoe batho bohle. Melemo ea lithuto tsena le liphello tse bang teng ha motho a li latela, ha li ame batho ba itseng feela ba li lumelang.
Batho ba ka fumana ’nete. Jesu o itse Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, ke ’nete. (Johanne 17:17) Leha ho le joalo, ho ntse ho ka bonahala eka ’nete ke ntho e ke keng ea fumanoa. Hobane’ng? Hobane malumeli a mangata haholo a bolela hore a ruta seo Bibele e se rutang. Ke bolumeli bofe bo rutang ’nete e ka Lentsoeng la Molimo? Na re lokela ho nka hore ke bolumeli bo le bong feela? Na ’nete kapa bonyane karolo e itseng ea eona, e ka fumanoa malumeling a mangata?
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 4]
Liphello tsa ho bokella mollo sefubeng li amana joang le ho se mamele melao ea Molimo?