Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/08 maq. 10-11
  • Na Bibele e Lumellana le Litumela-khoela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bibele e Lumellana le Litumela-khoela?
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohloli oa Litumela-khoela
  • “Ntho e Manyala ho Jehova”
  • Ho Itokolla Litumela-khoeleng
  • Litumela-khoela—Ke Hobane’ng ha li Tšoarella Hakaale?
    Tsoha!—1999
  • Bolumeli ba ’Nete bo Leleka Tšabo—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na Litumela-khoela li Laola Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Litumela-khoela—Ke Hobane’ng ha li le Kotsi Hakaale?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 3/08 maq. 10-11

Pono ea Bibele

Na Bibele e Lumellana le Litumela-khoela?

MOQOLOTSI e mong oa litaba o ile a hana ho palama sefofane selemo kaofela hobane senohe se ne se mo boleletse hore o ne a tla shoela kotsing ea sefofane. Batho ba mefuta eohle, ho akarelletsa bo-ralipolotiki, bo-rakhoebo, batšoantšisi, baatlelete le liithuti tsa k’holeje ba latela litumela-khoela. Ha ba qakehile, ba imetsoe kelellong kapa ba tšoenyehile, ba ka ’na ba nka hore ho etsa lintho tse itseng tsa litumela-khoela ho ba sireletsa likotsing kapa ho ba thusa hore ba atlehe mererong ea bona.

Litumela-khoela tse ngata li nkoa e le mokhoa o thabisang oa khale kapa e le ntho feela e se nang taba e imollang kelello. Eo e neng e le setsebi sa thuto e mabapi le batho, e leng Margaret Mead ea seng a hlokahetse, o ile a re: “Litumela-khoela li senola takatso ea rōna e matla ea ho batla hore ntho e itseng e etsahale kapa ho thibela e itseng e mpe hore e se ke ea etsahala. Ho latela litumela-khoela le hoja re sa li kholoe hakaalo ho re fa tšepo e itseng.” Leha ho le joalo, ba batlang ho khahlisa Molimo ba lokela ho ipotsa, ‘Na Bakreste ba lokela ho kholoa litumela-khoela?’

Mohloli oa Litumela-khoela

Batho ka kakaretso ba ’nile ba apareloa ke tšabo—ba tšaba lefu, ba tšaba lintho tse sa tsejoeng esita le ho tšaba se bitsoang Bophelo ba ka Mor’a Lefu, ha re se re bolela lintho tse ’maloa feela. Satane, e leng lerabele le hanyetsang Molimo, o ikemiselitse ho etsa batho makhoba, ’me o ’nile a tšosa batho ka mashano a joalo a tšabehang. (Johanne 8:44; Tšenolo 12:9) Hase Satane feela ea lekang ho hoka batho hore ba furalle Molimo. Ka Bibeleng, Satane o bitsoa “’musi oa bademona.” (Matheu 12:24-27) Bademona ke bo-mang? Mehleng ea Noe, mangeloi a mangata a ile a ikopanya le Satane ho fetoheleng Molimo ’me a iphetola bademona. Ho tloha ka nako eo, ba ’nile ba leka ho susumetsa likelello tsa batho. Tsela e ’ngoe eo ba ’nileng ba e sebelisa ke litumela-khoela.—Genese 6:1, 2; Luka 8:2, 30; Juda 6.

Leshano le leng la Satane le fetohile motheo oa tumela-khoela. Leshano leo ke tumelo ea hore ho na le ntho e itseng e sa bonahaleng e tsoang ’meleng ha motho a e-shoa ’me e ka ama ba phelang. Empa Bibele e re: “Ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” Hape e re ha motho a se a shoele, “ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale.”—Moeklesia 9:5, 10.

“Ntho e Manyala ho Jehova”

Batho ba bangata ba khethile ho kholoa mashano a Satane. Leha ho le joalo, lilemong tse ngata tse fetileng, Molimo o ile a fa batho ba hae ba Baiseraele litaelo tse hlakileng tabeng ena. Lentsoe la hae le re: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang ea . . . sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele kapa leha e le mang ea botsang bafu. Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.”—Deuteronoma 18:10-12.

Ka masoabi, ka linako tse ling Baiseraele ba ne ba sa mamele temoso ena. Ka mohlala, mehleng ea moprofeta Esaia, ba bang ba ne ba lumela hore chai e tla ba khōlō haeba ba ne ba ka thabisa “molimo oa Mahlohonolo”—e leng tumela-khoela e ileng ea tlisa liphello tse babang. Jehova o ile a ba furalla ’me a se ke a hlola a ba hlohonolofatsa.—Esaia 65:11, 12.

Boikutlo ba Jehova ka tumela-khoela ha boa ka ba fetoha ha ho thehoa Bokreste. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa batho ba kholoang litumela-khoela ba motse oa Lystra hore ba ‘furalle lintho tsena tsa lefeela [“bosaoana” kapa “litumela-khoela,” The Emphatic Diaglott] ba tle ho Molimo ea phelang, ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.’—Liketso14:15.

Ho Itokolla Litumela-khoeleng

Ho na le litumela-khoela tse ngata haholo, ’me kaofela ha tsona li tšoana ka ntho e le ’ngoe—ha li utloahale. Har’a lintho tse ling, litumela-khoela li ka etsa hore batho ba nke hore ke bomalimabe ha lintho li sa ba tsamaele hantle ho e-na le hore ba jare boikarabelo ka liketso tsa bona.

Ho thabisang ke hore ba bangata ba lokolohile litumela-khoeleng. Jesu o itse: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Clementina oa Brazil, eo e bileng senohe ka lilemo tse 25, o itse: “Ho ba senohe ke eona feela tsela eo ke neng ke iphelisa ka eona. Empa ’nete ea Bibele e ntokolotse litumela-khoeleng.” Ha e le hantle, ho ithuta Bibele kamehla le ho rapela Jehova Molimo ho tloha botebong ba pelo ho ka matlafatsa boikemisetso ba rōna. Sena se ka tsitsisa menahano ea rōna, e leng ho ka etsang hore re etse liqeto tse bohlale tse ka re phemisang litlokotsi le matšoenyeho.—Bafilipi 4:6, 7, 13.

Bibele ea botsa: “Leseli le na le karolo efe le lefifi? Ho ekelletsa moo, ho na le tumellano efe pakeng tsa Kreste le Beliale [Satane]?” Ka hona, Bakreste ba ’nete ha baa lokela ho ikamahanya le litumela-khoela.—2 Bakorinthe 6:14-16.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Mehleng ea Esaia, ho e-na le hore Baiseraele ba tšepe Molimo, ba ile ba tšepa mang?—Esaia 65:11, 12.

◼ Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa batho ba kholoang litumela-khoela ba Lystra hore ba etse eng?—Liketso 14:15.

◼ Na Bakreste ba ’nete ba lokela ho kholoa litumela-khoela?—2 Bakorinthe 6:14-16.

[Litšoantšo leqepheng la 10]

Tumela-khoela e etsa hore batho ba ee le khongoana holimo ba nahane hore ba sireletsehile

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela