Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 11/1 maq. 4-7
  • Bolumeli ba ’Nete bo Leleka Tšabo—Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolumeli ba ’Nete bo Leleka Tšabo—Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motso le Makala a Tumela-Khoela
  • Ho Tšaba Bafu—Ho Theiloe Holim’a Eng?
  • Moea ho Latela Bibele
  • Tšabo e Theiloe Thetsong
  • ‘Ikokobetseng Katlase ho Molimo’—Na Ua ho Etsa?
  • Bolumeli le Tumela-khoela—Metsoalle kapa Lira?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na Bibele e Lumellana le Litumela-khoela?
    Tsoha!—2008
  • Litumela-khoela—Ke Hobane’ng ha li Tšoarella Hakaale?
    Tsoha!—1999
  • Na Litumela-khoela li Laola Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 11/1 maq. 4-7

Bolumeli ba ’Nete bo Leleka Tšabo—Joang?

LINGOLI tsa Manyesemane Edwin le Mona Radford li ne li hloletsoe. Kamor’a ho bokella litumela-khoela tse kaholimo ho likete tse peli, li ile tsa fumana tšabo e tšoanang ea tumela-khoela Scotland, India, Uganda, le Amerika e Bohareng. Ba ile ba ipotsa, ‘Ebe see se bakoa ke eng?’ Sengoli Robertson Davies, ka nepo sea hlokomela: “Tumela-khoela e bonahala e e-na le kamano le sehlopha sa litumelo tse ling tse itseng tse qalehileng khale haholo pele ho malumeli ao re a tsebang.” Joale, ke “sehlopha sa litumelo” life tsa pele ho Bokreste tseo e leng motso oa tumela-khoela?

Motso le Makala a Tumela-Khoela

Bibele e supa naheng ea Shineare (sebaka se pakeng tsa linōka ea Tigris le ea Eufrate, seo hamorao se ileng sa bitsoa Babylonia) e le hahabo likhopolo tsa bolumeli ba bohata, ho akarelletsa litumela-khoela. Mono “setsomi sa senatla” se bitsoang Nimrode se ile sa qala ho haha Tora ea Babele e nyatsehang. E ne e tla sebelisetsoa borapeli ba bohata. Leha ho le joalo, Jehova Molimo a senya merero ea lihahi ka ho ferekanya puo ea tsona. Butle-butle, mosebetsi oa kaho oa emisa, ’me tsa qhalanngoa. (Genese 10:8-10; 11:2-9) Empa kae kapa kae moo ba neng ba aha teng, ba ne ba fihla ka litumelo tse tšoanang, likhopolo, le litšōmo. Leha ho le joalo, Babele ea sala e le setsi sa bolumeli ba bohata, kamor’a nako ea ba ea atolosa karolo ea eona e le ’mè le moanyesi oa bosela-mose, boloi, le litumela-khoela tse kang, bolepi. (Bapisa Esaia 47:12, 13; Daniele 2:27; 4:7.) Ka hona, buka Great Cities of the Ancient World ea hlokomela: “Bolepi ba linaleli bo ne bo theiloe likhopolong tse peli tsa Bobabylona: Setšoantšo se bontšang kamano ea linaleli le liphoofolo tse itseng, bomolimo ba lihloliloeng tsa leholimo. . . . Bababylona ba ne ba tlotla linaletsana bakeng tsa tšusumetso eo motho a neng a ka e lebella melingoaneng ea tsona e fapa-fapaneng.”

Liketsahalo tsee tsa boholo-holo li re amme joang? Buka ea Bibele ea Tšenolo e bontša hore tsamaiso ea bolumeli ba bohata e lefatšeng ka bophara e hahiloe ho tsoa likhopolong tsa Babylona ea boholo-holo. E ntse e le teng ho tla fihlela mehleng ea rōna ’me e bitsoa “Babylona e moholo.” (Tšenolo 17:5) Ke ’nete hore ho feta ha nako le tsoelo-pele ea libaka ka ho fapana li amme likhopolo tseo tsa qalong tsa Bobabylona. Phello ke ho pharalla ho hoholo ha bolumeli bo bonoang kajeno. Empa joalokaha lifate tse fapa-fapaneng li atisa ho mela mobung o tšoanang, le litumela-khoela tse fapa-fapaneng ho pota lefatše li metse sebakeng se le seng—Babylona. Ho etsa mohlala, a re boneng kamoo e ’ngoe ea litumela-khoela tsa Babylona e phunyellelitseng ho kena ho hoo e batlang e le malumeli ’ohle a lefatše kajeno.

Ho Tšaba Bafu—Ho Theiloe Holim’a Eng?

Bababylona ba ne ba lumela hore karolo ea motho ea moea e ne e pholoha lefung la ’mele oa nama ’me e ne e ka boela ea khutla ho ama ba phelang hantle kapa hampe. Ka hona ba ile ba qapa litšebeletso tsa bolumeli tse reretsoeng ho khahlisa bafu le ho qoba boiphetetso ba bona. Tumelo ena e ntse e phela linaheng tse ngata kajeno. Ka mohlala, Afrika, e “phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba letsatsi le leng le le leng ho hoo e batlang e le . . . sechaba se seng le se seng.”—African Religions—Symbol, Ritual, and Community.

Esita le ba ipolelang hore ke Bakreste linaheng tse joalo baa ameha. Ka mohlala, Henriette, mosali ea lilemo li 63 oa Moafrika, oa lumela: “Le hoja ke ne ke le setho se mafolo-folo sa kereke e sebakeng sa heso ea Boprostanta, ke ne ke tšaba ‘meea’ ea ba shoeleng. Re ne re lula haufi le setša sa mabitla, ’me nako le nako ha mokoloko o eang phupung o atamela ntlo ea rōna, ke ne ke ee ke tsose ngoan’a ka ke mo sike ho fihlela mokoloko o fetile. Ho seng joalo, ‘moea’ oa ea shoeleng o ne o tla kena ka tlung ea ka ’me o tšoare ngoana ea robetseng.”

Tumela-khoela e joalo e ntse e le teng hobane thuto ea ho se shoe ha moea e atile ho Bokreste-’mōtoana. Pale e bontša hore Bo-ralifilosofi ba Magerike—haholo-holo Plato—ba ile ba thasiselletsa khopolong ea Bobabylona ea ho se shoe ha moea. Tlas’a tšusumetso ea bona, morupeli e moholo oa Lenyesemane thutong ea litaba tsa bolumeli, John Dunnett, oa ngola, “Mohopolo oa ho se shoe ha moea o ile oa kenella haholo-holo ka Kerekeng ea Bokreste.” Thuto ena ea Bobabylona, e bolokile ba bangata bokhobeng ba tšabo ea tumela-khoela.

Leha ho le joalo, bolumeli ba ’nete bo leleka tšabo e joalo. Hobane’ng? Hobane bolumeli ba ’nete ha boa theoa litumelong tse metseng Babylona empa lithutong tse fumanoang ka Bibeleng.

Moea ho Latela Bibele

Buka ea pele ea Bibele e re bolella hore motho o ile a fetoha moea, motho ea phelang. (Genese 2:7) Kahoo ha motho a e-shoa, moea oa shoa. Moprofeta Ezekiele oa ho tiisa: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4; Ba-Roma 3:23) Moea oa shoa ’me ha o tsoele pele o phela kamor’a lefu. Ho e-na le hoo, ho joalokaha Pesaleme ea 146:4 e re: “Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.” Kahoo, morupeli John Dunnett o fihlela qeto ea hore ho se shoe ha moea “ho sala e ntse e se tumelo ea Bibele.”

Haeba ho se moea o sa shoeng, ho ke ke ha e-ba le “meea” ea ba shoeleng e tšosang batho lefatšeng. Ka hona motheo oa tšabo ea bafu ea tumela-khoela oa heleha.

Tšabo e Theiloe Thetsong

Tšabo ea tumela-khoela ea bafu e itsetsepetse. Hobane’ng? Hobane lintho tse tšosang li hlile lia etsahala—joaloka bosiung bo bong ha mosali oa lilemo tse bohareng oa Suriname a utloa motho e mong a bitsa lebitso la hae. O ile a iphapanyetsa hoo, empa “matsoho” a sa bonahaleng a qala ho mo thetsa, ’me ha a hana hoo, o ile a batla a e-shoa ke ho khangoa ke matla a sa bonahaleng. Mohlomong ua ipotsa, ‘Haeba “meea” ea ba shoeleng ha e phele, joale ke mang ea neng a ikarabella?’ Le hona mona, tsebo ea Bibele e rarolla tšabo ea tumela-khoela.

E hlalosa hore matla a meea e khopo, e bitsoang bademona, a teng. Leha ho le joalo, bademona bao, hase meea ea ba fetileng. Ke mangeloi a Molimo a ileng a rabela ’me a tla ka lehlakoreng la Satane, “ea thetsang lefatše kaofela.” (Tšenolo 12:9; Jakobo 2:19; Ba-Efese 6:12; 2 Petrose 2:4) Bibele e bontša hore bademona ba thabisoa ke ho thetsa, ho tšosa, le ho tlatlapa batho. Tlaleho e ho Luka 9:37-43 e bolela hore modemona o ile a ‘ilibanya moshanyana le ho mo ntšisa makoeba,’ ’me a mo ntše matetetso. Esita leha moshanyana a tlisoa ho Jesu, ‘modemona o ile oa mo tabanya fatše ’me oa mo shoesa sethoathoa.’ Tlaleho e tsoela pele, “Empa Jesu a khalemela moea o litšila, a folisa ngoana, ’me a mo nea ntat’ae.”

Ho thahasellisang, Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature e hlalosa tumela-khoela e le “borapeli ba melimo ea bohata.” Ka hona, haeba u etsa liketso tse joalo tsa tumela-khoela, mohlomong e se ka boikemisetso, u khahlisa “melimo ea bohata,” kapa bademona! Borapeli bo joalo ba bohata ke tlōlo e tebileng khahlanong le Jehova Molimo.—Bapisa 1 Ba-Korinthe 10:20 le Deuteronoma 18:10-20.a

‘Ikokobetseng Katlase ho Molimo’—Na Ua ho Etsa?

Na u ne u ka ba le sebete sa ho furalla bademona bao ka ho hana tumela-khoela? Ke ’nete hore bademona ba matla. Empa kamor’a ho bontša hore re tlameha ho khetha ho sebeletsa Jehova Molimo kapa ho sebeletsa bademona, moapostola Paululse o ile a botsa: “Hleka re mo [Jehova] fetisa ka matla na?” (1 Ba-Korinthe 10:21, 22) Che, ha re mo fete—empa hopola, le Satane le bademona ba hae ha ba mo fete! Ho e-na le hoo, bademona bao baa “thothomela” ka baka la ho tšaba Jehova. (Jakobo 2:19) Empa Molimo o Matla ’Ohle o u tšepisa tšireletso ea oona haeba u e kōpa. Mongoli oa Bibele Jakobo o tsoela pele hore: “Ipeeng ka tlase ho Molimo, le hanele Diabolose, ’me o tla le balehela.” (Jakobo 4:7) Tšabo ea hao ea tumela-khoela le eona ka ho tšoanang e tla baleha.

Ba likete ho pota lefatše ba kileng ba phela ka tšabo le bokhoba meetlong ea ho lumela khoela hona joale ba ka netefatsa seo. Diabolose o ile a ba baleha! Ka tsela efe? Hopola, sera sa tšabo ea ho lumela khoela ke tsebo. Moprofesa Rudolph Brasch, setsebi tšimolohong ea litumela-khoela, o re: “Taba ke thuto—ha batho ba ruteha haholoanyane, tumela-khoela ea bona ea fokotseha.”

Ka hona, ha Henriette, ea boletsoeng pele, a amohela memo ea Lipaki tsa Jehova ea ho qalisa thuto ea mahala ea Bibele, bolotsana ba bademona ba senoleha ka potlako ho eena. Liketane tsa tumela-khoela tsa felloa ke matla. Eena, ’moho le ba likete ba kang eena, ba ikutloetse bonnete ba mantsoe a ho Ba-Heberu 2:15. Mono, moapostola Pauluse o re Jesu o tla “lokolla bao bophelo bohle ba bona ba neng ba kentsoe bokhobeng ke tšabo ea bona ea lefu.” (New International Version) Feela joalokaha letsatsi la libaka tse chesang la hoseng le omisa phoka e ngata ea meru e teteaneng, leseli la Bibele le leleka tšabo eohle ea tumela-khoela.

Kajeno, ba bangata bao pele e neng e le ‘makhoba a tšohileng’ ba rotse likhoeetsa melaleng ea bona le ho tlosa mehala e sireletsang baneng ba bona. Joale ba ikutloa joaloka Isaac, ea lilemo li 68 eo pele e neng e le ngaka ea meetlo ea Afrika Boroa. Kamor’a ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, o itse: “Ke ikutloa ke thabile haholo ke bile ke lokolohile hobane ha ke sa hateletsoe ke tšabo ea meea.” Mantsoe a Jesu a ipaka e le ’nete hakaakang: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla”!—Johanne 8:32.

E, bolumeli ba ’nete bo leleka tšabo!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Liphetolelo tse ling tsa Bibele (ka mohlala, King James Version, Douay, The Comprehensive Bible) li sebelisa lentsoe “tumela-khoela” ho Liketso 25:19 ho fetolela lentsoe la Segerike dei·si·dai·mo·niʹas, le bolelang “tšabo ea bademona.” Bona hape mongolo o botlaaseng ba leqephe ho New World Translation Reference Bible.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Litumela-khoela li atile lefatšeng ka bophara li tsoa mohloling oa tsona Babylona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela