Naheng ea Metsi a Futhumetseng
LILEMONG tse ka holimo ho 2 000 tse fetileng, Macelt a ile a aha sebakeng se nang le liliba tse ngata tseo metsi a tsona a nang le liminerale ’me a se reha Ak-Ink, e bolelang “Metsi a Mangata.” Kajeno, Ak-Ink e bitsoa Budapest, e leng motse-moholo oa Hungary, ’me ke o mong oa metse ea khale ka ho fetisisa Europe. Ka linako tse ling baahi bao ba pele ba ne ba thabela ho sesa matamong a metsi a futhumetseng, a neng a ba khatholla le ho ba thoba mahlaba.
Lekholong la pele la lilemo C.E., karolo ena ea Europe e ne e busoa ke Baroma. Baroma ba ile ba atolosa motse ona ’me ba haha kampo ea masole moo, eo ba ileng ba e bitsa Aquincum. Ho lumeloa hore lebitso leo le tsoa lentsoeng la Secelt le bolelang metsi kapa polelong ea Selatine e reng aqua quinque, e bolelang “matša a mahlano.” Baroma ba ile ba etsa likotopo tsa metsi, tsamaiso ea likhoerekhoere le libaka tsa boikhathollo tsa sechaba le tsa malapeng. Kahoo ke khale ho na le libaka tsa boikhathollo Budapest.
Lilemo tse makholo ka mor’a hore ’Muso oa Roma o felloe ke matla, libaka tsa boikhathollo li ile tsa boela tsa ratoa. Bangoli ba lekholong la bo15 la lilemo ba ile ba bua hantle ka matamo a metsi a futhumetseng a haufi le motse-moholo oa Hungary, kahoo ba etsa hore motse oo o tume haholo. Morena Matthias Corvinus, ea busitseng Hungary ho tloha ka 1458 ho ea ho 1490, o ne a entse tsela e sirelelitsoeng e tlohang ntlong ea borena e ea mohahong o nang le letamo leo a le ratang, e leng Letamo la Rácz. Kahoo o ne a ka ea moo neng le neng ho sa tsotellehe hore na boemo ba leholimo bo joang.
Lekholong la bo16 le la bo17 la lilemo, Maturkey a ile a hapa karolo e khōlō ea Hungary, ho akarelletsa motse-moholo oa eona. A ile a haha libaka tsa ho arubela le matamo a metsi a chesang, tseo e leng tsa bohlokoa moetlong oa Maislamo oa ho itlhoekisa ’me Maturkey a li rata haholo bakeng sa ho ikhatholla. Matamo a matlehali a Maturkey a ne a ruletsoe ho latela bochitja ba ’ona ’me a e-na le litepisi ka mahlakoreng. A ne a e-na le metsi a ka khutlang motho mahetleng. Banna le basali ba ne ba sebelisa libate tsa ho hlapela le libaka tsa boikhathollo tse haufi le matamo ana ka ho fapanyetsana. Tse ling tsa libate tsena li ntse li sebelisoa.
Ka 1673, tokomane ea bohahlauli e ile ea hlalosa hore libaka tsa boikhathollo tse nang le matamo tse sebakeng seo hona joale e leng Budapest, ke tse ling tse ipetsang pele ka ho fetisisa Europe kaha li ne li e-na le “liliba tse ngata tsa metsi a futhumetseng a bileng a nang le matla a ho phekola, hape li na le mehaho e meholo le e metle eo ho sesoang ho eona.” Lekholong la bo19 la lilemo, libaka tsena tsa boikhathollo li ile tsa ratoa le ho feta ha ho e-ba le sauna e neng e qapiloe ke Mafinnishe. Ha nako e ntse e ea, libakeng tsena tsa boikhathollo tsa Budapest ho ile ha boela ha e-ba le li-sauna le libaka tse ntšang mouoane o chesang hammoho le matamo a metsi a batang.
Sebōpeho sa Sebaka Seo
Liliba tse 123 tsa Budapest tsa metsi a chesang le tse 400 tsa metsi a babang li ntša lilithara tse limilione tse ka bang 70 tsa metsi ka letsatsi. Ke’ng se etsang hore li be le metsi a mangata hakaale? Ke ka lebaka la sebōpeho sa sebaka seo li leng ho sona.
Nōka ea Danube, e parolang Budapest ka lehare, e arola maralla a Buda a ka bophirimela ho eona ho lesabasaba la Pest le ka bochabela. Khale-khale, sebaka sena e ne e le leoatle eaba le siea majoe a mokoetla le a dolomaete. Majoe ao a ile a koaheloa ke letsopa, marlstone, lehlabathe le mashala.
Mapetso a fatše a etsa hore metsi a pula a ee tlaase-tlaase, moo a futhumatsoang ke majoe a chesang a nang le liminerale. Metsi ao a khutla ka sefutho le mapetsong kapa lilibeng, a se a e-na le mouoane.
Libaka tse kang tsena ha li Budapest feela empa li teng ho pholletsa le Hungary. Kahoo naheng eo ho na le matamo a mangata a metsi a nang le liminerale le libaka tsa boikhathollo, tseo batho ba bang ba lumelang hore li thusa ho folisa maloetse a itseng.a
Ho tloha khale esale liliba tsa metsi a futhumetseng li nkoa e le tsa bohlokoa likarolong tse ngata tsa lefatše. Mehleng ea bapatriareka ba Bibele, ho bile ha buuoa ka ho sibolloa ha tsona lefeelleng la Seire, le pakeng tsa Leoatle le Shoeleng le Kou ea Aqaba.—Genese 36:24.
Batho ba ntse ba lokela ho ithuta lintho tse ngata ka polanete e rarahaneng eo re phelang ho eona. Molimo o ralile metheo ea lefatše joang, hona o entse lintho tsohle tse hlollang tse ho lona joang? Ho thuisa ka lipotso tse kang ena ho susumetsa batho ba tšabang Molimo hore ba hlolloe ke bohlale bo ke keng ba lekanngoa ba ’Mōpi.—Jobo 38:4-6; Baroma 1:20.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! ha e buelle phekolo ea mofuta leha e le ofe ka ho khetheha.
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Letamo la metsi a futhumetseng Hoteleng ea Gellért
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Libaka Tsa Boikhathollo Tsa Rudas, tse hahiloeng ke Maturkey
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Libaka Tsa Boikhathollo Tsa Széchenyi nakong ea mariha
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 24]
All photos: Courtesy of Tourism Office of Budapest