Moetlo oa Bajuda oa ho Itlhatsoa—Na e ne e le Selelekela sa Kolobetso?
JOHANNE MOKOLOBETSI o ile “a bolela ka kolobetso tšoantšetsong ea pako.” Jesu le eena o ile a laela balateli ba hae hore ba etse barutuoa ’me ba ba kolobetse.—Mareka 1:4; Matheu 28:19.
Bibele e bontša hore ho ea ka kolobetso ea Bokreste motho o lokela ho qoelisoa metsing ka ho feletseng. Buka e bitsoang Jesus and His World, e bolela hore “litloaelo tse tšoanang li ka bonoa malumeling a mangata, a nakong e fetileng le a mehleng ena, linaheng tse ngata le litsong tse ngata.” Buka eo e tiisa hore “kolobetso ea Bokreste e simolohile . . . Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda.” Polelo ee e nepahetse hakae?
Matangoana a Moetlo oa Bajuda oa ho Itlhatsoa
Baepolli ba lintho tsa khale ba neng ba cheka haufi le Thaba ea Tempele Jerusalema ba fumane libate kapa matangoana a moetlo oa ho itlhatsoa a ka bang 100, a lekholong la pele la lilemo B.C.E. le a lekholong la pele la lilemo C.E. Mantsoe a ngotsoeng ka synagogeng lekholong la bobeli kapa la boraro la lilemo C.E. a bua ka hore libate tse joalo li ne li lokiselitsoe “baeti ba neng ba li hloka.” Matangoana a mang a fumanoe karolong ea Jerusalema moo ho neng ho lula malapa a barui le a baprista; hoo e ka bang ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e ne e e-na le bate ea eona ea ho itlhatsoa ka mokhoa oa moetlo.
Libate tseo e ne e le matangoana a likhutlo li ’nè a fatiloeng lefikeng kapa a cheketsoeng fatše ebe a aletsoa ka litene kapa ka majoe. A ne a liloa hore a se ke a lutla. Boholo ba ’ona a ne a ka ba bophara ba limithara tse 1,8 le bolelele ba limithara tse 2,7. Likotopo li ne li lebisa metsi a pula matangoaneng ao. Botebo ba metsi e ne e ka ba limithara tse 1,2, ’me kahoo metsi a ne a khona ho koahela motho ka ho feletseng ha a iname. Ka linako tse ling litepisi tse theohelang metsing li ne li aroloa ka lebota bohareng. Ho nahanoa hore lehlakore le leng la lebota le ne le sebelisetsoa ho kena bateng eo e hloekisang, haeba motho ea kenang ho eona a ne a sa hloeka, ebe o tsoa ka lehlakore le leng hore a qobe tšilafalo leha e le efe.
Libate tsena li ne li sebelisetsoa moetlo oa Bajuda oa ho itlhoekisa. See se ne se akarelletsa eng?
Molao le Moetlo oa ho Itlhatsoa
Molao oa Moshe o ne o hatisa bohlokoa ba hore batho ba Molimo ba hloeke moeeng le ’meleng. Baiseraele ba ne ba silafatsoa ke lintho tse ngata tseo ba neng ba lokela ho itlhoekisa tsona ka hore ba itlhatsoe ba be ba hlatsoe le liaparo tsa bona.—Levitike 11:28; 14:1-9; 15:1-31; Deuteronoma 23:10, 11.
Jehova Molimo o hloekile ka ho feletseng ’me oa halalela. Kahoo, e le hore baprista le Balevi ba se ke ba otloa ka lefu, ho ne ho hlokahala hore ba itlhatsoe matsoho le maoto pele ba atamela aletareng ea hae.—Exoda 30:17-21.
Litsebi li lumela hore lekholong la pele la lilemo C.E., tsamaiso ea bolumeli ea Sejuda e ne e entse hore molao oo oa hore baprista ba itlhoekise o fetele le ho batho bao e seng Balevi. Baessene hammoho le Bafarisi ba ne ba tloaetse ho itlhatsoa ka mokhoa oa moetlo. Mabapi le mehla ea Jesu, buka e ’ngoe e tlaleha tjena: “Ho ne ho hlokahala hore Mojuda a itlhoekise ka mokhoa oa moetlo pele a kena Thabeng ea Tempele, pele a etsa sehlabelo, pele a fumana molemo oa nyehelo e etsoang ke moprista esita le bakeng sa merero e meng e tšoanang le eo.” Litemana tsa Talmud li bolela hore ho ne ho lebeletsoe hore batho ba itlhoekisang ba qoele ka ho feletseng.
Jesu o ile a nyatsa Bafarisi ka ho tsitlella ha bona moetlo ona oa ho itlhoekisa. Ka ho hlakileng, ba ne ba etsa “likolobetso tse sa tšoaneng,” tse akarelletsang “ho ina linoelo le lijeke le lijana tsa koporo metsing.” Jesu o ile a re Bafarisi ba ne ba tlōla litaelo tsa Molimo e le hore ba iketsetse lineano tsa bona. (Baheberu 9:10; Mareka 7:1-9; Levitike 11:32, 33; Luka 11:38-42) Ha ho karolo ea Molao oa Moshe e neng e laela hore batho ba qoele ka ho feletseng.
Na kolobetso ea Bokreste e simolohile moetlong oa ho itlhatsoa oo Bajuda ba neng ba o etsa? Che!
Moetlo oa ho Itlhatsoa le Kolobetso ea Bokreste
Bajuda ba ne ba itlhoekisa ka mokhoa oa moetlo. Leha ho le joalo, kolobetso eo Johanne a neng a e etsa e ne e se moetlo oa ho itlhatsoa oo Bajuda ba neng ba o tloaetse. Hore ebe Johanne o ile a tsejoa e le Mokolobetsi ho bontša hore qoeliso eo a neng a e etsa e ne e fapane. Baeta-pele ba Bajuda ba bile ba romela moifo ho eena hore o mo botse: “Ke hobane’ng ha u kolobetsa?”—Johanne 1:25.
Ho itlhoekisa ho neng ho hlokoa ke Molao oa Moshe ho ne ho lokela hore ho ’ne ho phetoe hangata nakong eo morapeli a sa hloekang. Empa ho ne ho se joalo ka kolobetso e neng e etsoa ke Johanne esita le e ileng ea etsoa ke Bakreste hamorao. Kolobetso ea Johanne e ne e bontša hore motho o bakile ebile o tlohetse tsela eo a neng a phela ka eona pele. Kolobetso ea Bokreste e ne e bontša hore motho o inehetse ho Molimo. Mokreste o ne a etsa seo hanngoe, eseng ka makhetlo-khetlo.
Moetlo oa ho itlhatsoa o neng o etsoa malapeng a baprista ba Bajuda le libateng tsa sechaba tse neng li le haufi le Thaba ea Tempele o ne o mpa feela o tšoana le kolobetso ea Bokreste ka tsela e itseng. Moelelo oa qoeliso ea moetlo oo oa Bajuda le kolobetso ea Bokreste o ne o fapane ka ho feletseng. The Anchor Bible Dictionary e re: “Litsebi li lumellana ka botlalo hore Johanne [Mokolobetsi] ha aa ka a nka mokhoa o itseng oa kolobetso kapa a o feto-fetola empa o tsoa tumelong e itseng,” ke hore Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda. Ho ka boleloa joalo le ka kolobetso e etsoang ke phutheho ea Bokreste.
Kolobetso ea Bokreste e emela “kōpo e etsoang ho Molimo bakeng sa letsoalo le letle.” (1 Petrose 3:21) E bontša hore motho o inehetse ho Jehova ka ho feletseng hore a Mo sebeletse e le morutuoa oa Mor’a Hae. Ho qoelisoa ka ho feletseng ka metsing ke tšoantšetso e loketseng ea boinehelo boo. Ha motho a nyamela ka tlas’a metsi seo se emela hore oa shoa mokhoeng oo a neng a phela ka oona pele. Ha a hlaha ka holim’a metsi, seo se tšoantšetsa hore o phelisetsoa ho etsa thato ea Molimo.
Ba inehelang ka tsela eo ’me ba kolobetsoa, Jehova Molimo o ba fa letsoalo le letle. Kahoo, moapostola Petrose o ile a bululeloa hore a bolelle balumeli-’moho le eena tjena: ‘Kolobetso ea le pholosa.’ Seo se ne se ke ke sa finyelloa ke moetlo leha e le ofe oa Bajuda oa ho itlhatsoa.