Leihlo la Kokoanyana
Na le Entsoe?
◼ “Le na le likarolo tse ngata tse hlophisehileng hantle.” Ke kamoo Moprofesa Luke Lee oa Univesithi ea California U.S.A., a hlalosang leihlo la likokoanyana tsa mefuta-futa, le nang le lilense tse ngata.
Ak’u nahane: Leihlo la likokoanyana tse itseng, tse kang notši le lefehlo, le na le lilense tse ngata-ngata, tseo ka ho fapana ha tsona li shebang mahlakoreng a sa tšoaneng ka nako e le ’ngoe. Ha lilense li bona lintho tse sa tšoaneng, lia li kopanya ’me leihlo le bona ka ho pharaletseng lintho tse tsamaeang.
Bo-rasaense ba ntse ba hlahloba litsela tseo ba ka etsisang leihlo la kokoanyana e le hore ba etse mechine e lemohang lintho tse fetang ka lebelo le lik’hamera tse nyenyane haholo tse khonang ho nka lintho foto ka mahlakoreng ’ohle. Mechine ena e ka sebelisetsoa merero e sa tšoaneng. Ka mohlala, mochine o mong o ka sebelisoa litabeng tsa phekolo, tse kang ho hlahloba motho ka mpeng. Mochine ona oo ba rerang ho o sebelisa litabeng tsa phekolo ho thoe e tla ba “mochine o monyenyane” oo mokuli a ka o koenyang. Ha o se o le ka mpeng, mochine ona o nang le lilense tse ngata o tla bokella boitsebiso o ntan’o bo fetisa o sa hokelloa ho o mong.
Thimi ea bo-rasaense ba etsisang lintho tsa tlhaho e se e entse mochine o nang le lilense tse 8 500 o lekanang le hloohoana ea nale. Empa mochine ona hase letho ha o bapisoa le leihlo la kokoanyana le nang le lilense tse ngata. Ka mohlala, lefehlo le na le lilense tse ka bang 30- 000 leihlong ka leng!
Ipotse: ‘Na leihlo lee le tsotehang la kokoanyana le nang le lilense tse ngata le bile teng ka tšohanyetso? Kapa na le entsoe?’
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Karolo e hōlisitsoeng ea leihlo la notši
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng leqepheng la 26]
Background: © Stephen Dalton/Photo Researchers, Inc.; close-up: © Raul Gonzalez Perez/Photo Researchers, Inc.