Pono Ea Bibele
Molimo o Lebeletse Hore U Etse Eng?
RE PHATHAHANE ka lintho tse ngata haholo bophelong. Ka linako tse ling re ka ’na ra thatafalloa ke ho phetha boikarabelo bohle boo re nang le bona. Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore bophelo ka bobona ke mpho e tsoang ho Molimo. (Pesaleme ea 36:9) Molimo o lebeletse hore re mo fe nako e kae le matla a makae? Karabo ea Bibele e utloahalang ea khothatsa.
Jesu o ne a tseba hantle ho feta leha e le mang hore na Ntate oa hae o lebeletse eng ho batho. (Matheu 11:27) Ha Jesu a ne a botsoa hore na molao o moholo ka ho fetisisa ke ofe, o ile a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mareka 12:30) See se bolela’ng? Na Molimo o batla se ka holimo ho matla a rōna?
Se Boleloang ke ho Rata Molimo ka Moea Oohle
Ha re nahana ka melemo e se nang palo eo Molimo a re fang eona, re ka mo rata le ho feta. Haeba re rata Molimo ka pelo eohle, re tla susumelletseha hore re mo fe sohle se matleng a rōna. Re tla ba le maikutlo a tšoanang le a mongoli e mong oa Bibele ea ileng a botsa, a re: “Ke tla buseletsa eng ho Jehova bakeng sa melemo eohle ea hae ho ’na?” (Pesaleme ea 116:12) Ho rata Molimo ka tsela eo ho ama joang mokhoa oo re sebelisang nako ea rōna ka oona?
Bibele ha e fane ka lihora tse tobileng tseo re lokelang ho li behella ka thōko beke le beke hore re rapele Molimo. Leha ho le joalo, e bolela lintho tse lokelang ho tla pele bophelong le hore na ke hobane’ng ha ho le joalo. Ka mohlala, Jesu o ile a ruta hore ho tseba Molimo ke mohato oa bohlokoa o lebisang ‘bophelong bo sa feleng.’ (Johanne 17:3) O ile a boela a re balateli ba hae ba lokela ho thusa ba sa tsebeng Molimo hore ba fumane bophelo ka hore ba ba rute ka Molimo. (Matheu 28:19, 20) Bibele e re laela hore re kopane le balumeli-’moho le rōna kamehla e le hore re matlafale moeeng ’me re khothatsane. (Baheberu 10:24, 25) Lintho tsena kaofela li hloka nako.
Na Molimo o lebeletse hore re chesehe ka ho feteletseng—re se ke ra etsa lintho tse ling bophelong haese ho rapela feela? Che! Mesebetsi e hlokahalang ea letsatsi le letsatsi le eona e lokela ho etsoa. Bibele e laela lihlooho tsa malapa hore li lokisetse seo ba malapa a tsona ba se hlokang, e re: “Ka sebele haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa litho tsa lelapa la hae, o . . . mobe ho feta motho ea se nang tumelo.”—1 Timothea 5:8.
Molimo o entse hore motho a thabele bophelo. Ka hona, ke ntho e loketseng hore motho a be le nako eo a e qetang a e-na le ba lelapa le metsoalle, ba thabela lijo tse monate le boikhathollo bo hlomphehang. Morena Solomone o ngotse: “Kea tseba hore ha ho letho le molemo ho bona ho feta ho thaba le ho etsa se molemo nakong ea bophelo ba motho; le hore motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata. Ke mpho ea Molimo.”—Moeklesia 3:12, 13.
Jehova Molimo o boetse o utloisisa mefokolo ea rōna, “oa hopola hore re lerōle.” (Pesaleme ea 103:14) Bibele e bontša hore re lokela ho fumana phomolo e lekaneng. Ka mor’a hore Jesu le barutuoa ba hae ba qete nako ba tšoarehile, o ile a re ba ee ‘boinotšing sebakeng se ka thōko ’me ba phomole hanyenyane.’—Mareka 6:31.
Ka hona, bophelo bo khahlisang Molimo ke bo leka-lekaneng ’me bo ka akarelletsa ho etsa lintho tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, lintho tsohle tseo re li etsang—ebang li amana ka ho toba le borapeli kapa che—li lokela ho bonahatsa hore re rata Molimo ka moea oa rōna oohle. Keletso ea Bibele e re: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”—1 Bakorinthe 10:31.
Ho Beha Lintho Tse Tlang Pele Bophelong ka Nepo
Na ho beha borapeli ba Molimo pele bophelong ho bonahala e le ntho e sa utloahaleng le eo re ke keng ra e finyella? Ke ’nete hore ho ka ’na ha hlokahala hore re etse liphetoho tse itseng mokhoeng oo re sebelisang nako ka oona—re be re tele ho itseng—e le hore re etse seo Molimo a se lebeletseng. Empa ruri ’Mōpi oa rōna ea lerato ha a re kōpe ntho eo re ke keng ra e finyella. Ha e le hantle, o re thusa haholo e le hore re etse thato ea hae. Re ka atleha haeba re itšetleha “ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona.”—1 Petrose 4:11.
U ka ’na ua imeloa mona le mane ha u fetola mokhoa oo u etsang lintho ka oona e le hore u kenyelletse mesebetsi e amanang le borapeli. Khafetsa, iphe nako ea ho bua le Jehova Molimo, “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Ha u rapela, u ka mo bolella matšoenyeho leha e le afe a hao, etsoe ua tseba hore ‘oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Morena Davida o ile a rapela: “Nthute ho etsa thato ea hao, etsoe u Molimo oa ka.” (Pesaleme ea 143:10) Le uena u ka kōpa Molimo hore a u thuse ho etsa liphetoho tseo u lokelang ho li etsa bophelong ba hao.
Bibele e na le memo ena e thabisang: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) Ha u qala ho etsa lintho tse thabisang Molimo, tse kang ho ithuta Bibele le ho ea libokeng tsa Bokreste, u tla atamela haufi le Molimo. ’Me o tla u matlafatsa e le hore u hatele pele ka ho eketsehileng.
Jelena, ea ithutang Bibele le Lipaki Tsa Jehova, o re mabapi le boiteko boo a bo entseng ba ho fetola lintho tse tlang pele bophelong ba hae: “Ha hoa ba bonolo ho ’na hore ke etse joalo.” Empa oa phaella: “Ka mor’a hore ke ee libokeng tsa Bokreste, ke ile ka fumana matla a ho sebelisa seo Bibele e se rutang. Ke thusitsoe hape ke tšehetso e sa khaotseng eo ke neng ke e fumana ho ba bang.” Ho una melemo e tlisoang ke ho sebeletsa Molimo le hona ho ka susumetsa motho le ho feta. (Baefese 6:10) Jelena o re: “Ke ntlafalitse tsela eo ke sebelisanang le monna oa ka ka eona le eo ke laeang bana ba ka ka eona.”
Ho sa tsotellehe khatello e tlisoang ke bophelo ba mehla ena, moea o halalelang o matla oa Jehova o ka u matlafatsa le ho u susumelletsa hore u hlahlobisise hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong, ’me u “ithekele nako” ea ho sebeletsa Molimo. (Baefese 3:16; 5:15-17) Jesu o ile a re: “Lintho tse ke keng tsa khoneha ho batho lia khoneha ho Molimo.”—Luka 18:27.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Ke hobane’ng ha ho etsa thato ea Molimo e le eona ntho e lokelang ho tla pele bophelong ba hao?—Pesaleme ea 116:12; Mareka 12:30.
◼ Molimo o lebeletse hore u phethe mesebetsi efe?—Matheu 28:19, 20; Johanne 17:3; Baheberu 10:24, 25.
◼ U ka atleha joang hore u fetole lintho tse tlang pele bophelong e le hore u khahlise Molimo?—Baefese 5:15-17; Jakobo 4:8.
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
E le hore re khahlise Molimo, re lokela ho ba ba leka-lekaneng