Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/08 maq. 27-29
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntšepe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntšepe?
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mathata a Tsamaeang le ho Hōla
  • Bontša Hore U ka Tšeptjoa
  • Ho Etsa Hore U Boele U Tšeptjoe
  • Nka Etsa’ng Hore ke Fumane Bolokolohi bo Eketsehileng?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ho Tšepa ba Bang ke Habohlokoa Hore Motho a Thabele Bophelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • 10 Ho Tšepahala
    Tsoha!—2018
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 4/08 maq. 27-29

Bacha Baa Botsa

Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntšepe?

“Ke lakatsa eka batsoali ba ka ba ka be ba ntlohela ho se hokae. Ha se hore ke batla ho hahlaula lefatše. Ke mpa ke batla hore ka linako tse ling ke n’o chakele Rakhali ’Mè a sa ngongorehe ka hore ke batla ho tloha lapeng.”—Sarah, ea lilemo li 18.a

“Ke botsa batsoali ba ka kamehla hore na ke hobane’ng ha ba sa ntšepe ha ke kōpa ho intša le metsoalle ea ka. Hangata ba re: ‘Rea u tšepa. Metsoalle ea hao ke eona eo re sa e tšepeng.’ Ha ba bua joalo, ke khathatseha haholo!”—Christine, ea lilemo li 18.

HO TŠEPTJOA ho tšoana le chelete. Ho thata ho e fumana, empa ho bonolo ho lahleheloa ke eona, ’me ho sa tsotellehe hore na u fumana e kae, ha ho mohla ho bonahalang e lekane. Iliana ea lilemo li 16 o re: “Neng le neng ha ke batla ho intša, batsoali ba ka ba ntlhomaka lipotso tsa hore na ke ea hokae, ke tsamaea le bo-mang, re tla be re etsa’ng le hore na ke tla khutla neng. Kea tseba hore ke batsoali ba ka empa kea teneha ha ba ntlhoma lipotso joalo!”

Na ka linako tse ling u ee u lakatse eka batsoali ba hao ba ka be ba u tšepa haholoanyane? Haeba u ee u ikutloe joalo, u ka etsa’ng? A re qaleng ka ho hlahloba hore na ke hobane’ng ha taba ea ho tšeptjoa e le e ka phahamisang maikutlo hakana ho batsoali le bacha ba bangata.

Mathata a Tsamaeang le ho Hōla

Bibele e re ‘monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae.’ (Genese 2:24) Ho joalo le ka mosali. Ebang u moshanyana kapa u ngoanana, morero o ka sehloohong oa ho ba mocha ke ho u lokiselletsa ho ba motho e moholo, ha u se u tloha lapeng, mohlomong ho ea theha lelapa la hao.

Leha ho le joalo, ho kena lilemong tsa ho ba motho e moholo ha ho tšoane le monyako o butsoeng oo u ikenelang habonolo feela ka oona ha u le lilemong tse itseng. Ho tšoana le litepisi tseo u lokelang ho hloa se le seng ka nako nakong ea ha u ntse u fetoha motho e moholo. Ke ’nete hore uena le batsoali le ka ’na la fapana ka maikutlo tabeng ea hore na u se u le hokae ha u ntse u hloa litepisi tsena. Maria, ea nkang hore ha a tšeptjoe tabeng ea ho khetha metsoalle, o re: “Ke na le lilemo tse 20, empa le hona joale ke ntse ke sa tšeptjoe. Batsoali ba ka ba nahana hore nke ke ka ba le sebete sa ho tloha ha ba bang ba etsa lintho tse tsoileng tseleng. Ke lekile ho ba bolella hore ke se ke ’nile ka tloha ha maemo a tsoa tseleng, empa ha ba nkholoe!”

Joalokaha mantsoe a Maria a bontša, taba ea ho tšeptjoa e ka baka tsitsipano e khōlō pakeng tsa bacha le batsoali. Na ho joalo lapeng heno? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng hore batsoali ba hao ba u tšepe haholoanyane? Hona haeba u entse lintho tse itseng tse booatla tse entseng hore ba se ke ba hlola ba u tšepa, u ka etsa’ng hore ba boele ba u tšepe?

Bontša Hore U ka Tšeptjoa

Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, a re: “Le ’ne le leke seo le leng sona.” (2 Bakorinthe 13:5) Motho a ka leka ’me a bontša seo a leng sona. Ke ’nete hore Pauluse o ne a sa bue ka ho toba le bacha. Empa molao-motheo oo oa sebetsa le ho bona. Hangata batho ba tla u tšepa haeba u bontšitse hore ua tšepahala. Sena ha se bolele hore u lokela ho ba ea phethahetseng. Etsoe bohle re etsa liphoso. (Moeklesia 7:20) Leha ho le joalo, na ka kakaretso tsela eo u itšoereng ka eona e etsa hore batsoali ba hao ba se ke ba u tšepa?

Ka mohlala, Pauluse o ngotse: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Ipotse, ‘Ebe ke iketselitse lebitso la mofuta ofe ho batsoali ba ka tabeng ea ho ba bolella hore na ke ea hokae le hore na ke tla be ke etsa eng?’ Nahanisisa ka mantsoe a bacha ba ’maloa ba ileng ba tlameha ho itlhahlobisisa tabeng ena.

Lori: “Ke ne ke ngollana melaetsa ka sekhukhu ka e-mail le moshanyana eo ke neng ke mo rata. Batsoali ba ka ba ile ba tseba ka taba ena ’me ba mpolella hore ke khaotse. Ke ile ka ba tšepisa hore ke tla khaotsa, empa ha kea ka ka etsa joalo. Ke ile ka tsoela pele ke ngollana le eena selemo kaofela. Ke ne ke ngolla moshanyana eo, batsoali ba ka ba fumane hore ke ntse ke mo ngolla, ebe ke kōpa tšoarelo, ke ba tšepisa hore ke tla khaotsa, empa ke ’ne ke mo ngolle hape. Ho ile ha fihla nako eo batsoali ba ka ba neng ba se ba sa ntšepe ka ntho leha e le efe!”

U nahana hore ke hobane’ng ha batsoali ba Lori ba ile ba qetella ba sa mo tšepe, hona Lori a ka be a ile a etsa’ng ho bontša hore oa tšepahala ka mor’a hore batsoali ba hae ba bue le eena ka lekhetlo la pele? Ngola karabo ea hao ka tlaase mona.

․․․․․

Beverly: “Batsoali ba ka ba ne ba sa ntšepe litabeng tsa bashanyana, empa hona joale ke utloisisa lebaka. Ke ne ke bonya le bashanyana ba ’maloa ba neng ba ntšiea ka lilemo tse peli. Ke ne ke boetse ke qeta lihora ke bua le bona fonong, ’me ha re le ’mokeng, ke ne ke ipuela le bona feela. Batsoali ba ka ba ile ba nkamoha fono khoeli kaofela, ’me ha baa ka ba hlola ba ntumella hore ke ee moo bashanyana bao ba neng ba tla ba hona teng.”

U nahana hore ke hobane’ng ha batsoali ba Beverly ba ile ba qeta nako e itseng ba sa mo tšepe, hona a ka be a ile a etsa’ng hore ba boele ba mo tšepe? ․․․․․

Annette: “Ha ke le sekolong se bohareng, ’na le motsoalle oa ka re ile ra nka biri ’mokeng ha re se re ea hae—le hoja re ne re tseba hore batsoali ba rōna ba ke ke ba re lumella ho e noa—’me ra ipolella hore re tla ithabisa ka eona hamorao. ’Mè oa motsoalle oa ka o ile a fumana koti-koti ea hae ea biri. Joale tsa hlahella hore le ’na ke ne ke nkile koti-koti. Ntho e ileng ea nkutloisa bohloko ka ho fetisisa ke ho bona kamoo ’Mè a neng a soetsehile kateng!”

Haeba Annette e ne e le ngoan’eno, u ka be u ile ua mo eletsa hore a etse’ng e tla etsa hore ’mè oa lōna a boele a mo tšepe?

․․․․․

Ho Etsa Hore U Boele U Tšeptjoe

U ka etsa’ng haeba le uena, joaloka bacha ba qotsitsoeng ka holimo, u entse hore batsoali ba hao ba se ke ba hlola ba u tšepa? Haeba ho joalo, u ntse u ka etsa hore ba boele ba u tšepe. Empa u ka etsa joalo joang?

Ho ka etsahala hore batsoali ba hao ba tla boela ba u tšepe haeba u paka ka liketso hore u se u ka tšeptjoa. Ho tea mohlala: Nahana ka monna ea kolotang banka. Haeba a lefa sekoloto sa hae kamehla, banka e tla mo tšepa ’me e ka ba ea mo ekeletsa mokitlane nakong e tlang. Ho joalo le lapeng. Haeba u tšepahala esita le linthong tse nyenyane, batsoali ba hao ba tla u tšepa haholoanyane nakong e tlang.

Qetellong Annette o ile a hlokomela ntlha eo. O re: “Ha u sa le monyenyane, ha u utloisise ka botlalo hore na ho tšeptjoa ho bohlokoa hakae. Hona joale ke phela ka tsela e nang le boikarabelo haholoanyane ’me ke ikutloa ke tlameha ho itšoara ka tsela e tla etsa hore batsoali ba ka ba lule ba ntšepa.” U ithuta’ng ho see? Ho e-na le ho tletleba ka hore batsoali ba hao ha ba u tšepe, tsepamisa maikutlo tabeng ea ho iketsetsa lebitso le tla etsa hore u tšeptjoe.

Ka mohlala, na ua tšepahala linthong tse boletsoeng ka tlaase? Tšoaea lebokose le haufi le lintlha tseo u lokelang ho ntlafatsa ho tsona.

□ Ho fihla ka nako eo ke e behetsoeng lapeng

□ Ho boloka nako

□ Ho qeta mesebetsi ea lapeng

□ Ho boloka kamore ea ka e hloekile

□ Ho sebelisa fono

□ Ho phetha seo ke se tšepisitseng

□ Ho sebelisa chelete hantle

□ Ho tsoha hoseng ke sa khannoe ka morao

□ Ho bua ’nete

□ Ho lumela ha ke entse phoso le ho ikōpela tšoarelo

□ Ho hong ․․․․․

Ke hobane’ng ha u sa ikemisetse ho bontša hore u ka tšeptjoa lintlheng tseo u li tšoaileng? Latela keletso ea Bibele: “Le lahle botho ba khale bo lumellanang le tsela ea lōna ea pele ea boitšoaro.” (Baefese 4:22) “E ea lōna e ke e bolele E.” (Jakobo 5:12) “E mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae.” (Baefese 4:25) “Le mamele batsoali ba lōna nthong e ’ngoe le e ’ngoe.” (Bakolose 3:20) Ka nako e loketseng, tsoelo-pele ea hao e tla bonahala ho bohle, ’me le batsoali ba hao ba tla e bona.—1 Timothea 4:15.

Empa u ka etsa’ng haeba ho sa tsotellehe boiteko bohle boo u bo etsang, batsoali ba hao ba ntse ba sa u tšepe? U ka ’na ua buisana le bona. Ho e-na le hore u lle ka hore ba lokela ho u tšepa haholoanyane, ka tlhompho ba botse hore na ba nahana hore u lokela ho ntlafatsa kae e le hore ba u tšepe. Hlalosa ka ho hlaka hore na u lakatsa ho finyella eng.

U se ke ua lebella hore batsoali ba hao ba etse phetoho ka potlako. Ha ho pelaelo hore ba tla batla ho tiiseha hore u tla phetha seo u se tšepisitseng. Sebelisa monyetla ona ho bontša hore u ka tšeptjoa. Ka mor’a nako, batsoali ba hao ba ka ’na ba u tšepa haholoanyane. Ho bile joalo ka Beverly, ea qotsitsoeng pejana. O re: “Ho bonolo ho etsa hore batho ba se ke ba u tšepa, empa ho thata ho etsa hore ba boele ba u tšepe.” Oa phaella: “Hona joale ba ntse ba ea ba ntšepa haholoanyane, ’me sena sea nthabisa!”

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a sehloohong sena a fetotsoe.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ Ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba ka ’na ba se ke ba u tšepa hakaalo le hoja u leka ka matla ho bontša hore ba ka u tšepa?

◼ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho buisana le batsoali ba hao e le hore ba ka u tšepa haholoanyane?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 29]

Loanela ho iketsetsa lebitso le letle la hore ua tšepahala

[Setšoantšo se Qanollang /Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ho hōla hore u be motho e moholo ea ka tšeptjoang ho tšoana le ho hloa litepisi, se le seng ka nako, lilemong tsa bocha

[Setšoantšo se Qanollang]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

MOTHO E MOHOLO

BOCHA

BONGOANA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela