Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 khao. 3 maq. 21-27
  • Nka Etsa’ng Hore ke Fumane Bolokolohi bo Eketsehileng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa’ng Hore ke Fumane Bolokolohi bo Eketsehileng?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mathata a Tsamaeang le ho Hōla
  • Bontša Hore U ka Tšeptjoa
  • Ho Etsa Hore ba Boele ba U Tšepe
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntšepe?
    Tsoha!—2008
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Na ke Phoso ho Batla ho ba Boinotšing?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Na ke Phoso ho Batla ho ba Boinotšing?
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 khao. 3 maq. 21-27

Khaolong ea 3

Nka Etsa’ng Hore ke Fumane Bolokolohi bo Eketsehileng?

“Ke lakatsa eka ka linako tse ling batsoali ba ka ba ka ntumella hore ke itsamaele ke le mong.”—Sarah ea lilemo li 18.

“Ke botsa batsoali ba ka kamehla hore na ke hobane’ng ha ba sa ntšepe ha ke kōpa ho intša le metsoalle ea ka. Ba atisa ho re: ‘Rea u tšepa. Re mpa re sa tšepe metsoalle ea hao.’”—Christine ea lilemo li 18.

NA JOALOKA Sarah le Christine u lakatsa ho fumana bolokolohi bo eketsehileng? E le hore u bo fumane, ho tla hlokahala hore batsoali ba hao ba u tšepe. Empa hore motho a tšeptjoe, ho batla ho tšoana le hore a fumane chelete. Ho thata ho e fumana, empa ho bonolo hore e lahlehe, ’me ho sa tsotellehe hore na u fumana e kae, ho ka ’na ha bonahala eka ha ho mohla e lekaneng. Iliana ea lilemo li 16 o re: “Neng le neng ha ke batla ho intša le metsoalle ea ka, batsoali ba ka ba ntlhoma lipotso ka hore na ke ea hokae, ke tsamaea le bo-mang, re tla be re etsa’ng le hore na ke tla khutla neng. Kea tseba hore ke batsoali ba ka empa kea teneha ha ba ntlhoma lipotso joalo!”

U ka etsa’ng e le hore batsoali ba hao ba u tšepe haholoanyane ’me ba u fe bolokolohi bo eketsehileng? Pele re araba potso eo, a re qale ka ho hlahloba hore na ke hobane’ng ha taba ea ho tšeptjoa e le e phahamisang maikutlo hakana ho batsoali le bacha ba bangata.

Mathata a Tsamaeang le ho Hōla

Bibele e re ‘monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae.’ (Genese 2:24) Ho joalo le ka mosali. Ebang u moshanyana kapa u ngoanana, morero o ka sehloohong oa ho ba mocha ke ho u lokiselletsa ho ba motho e moholo, ha u se u tloha lapeng, mohlomong ho ea theha lelapa.a

Leha ho le joalo, phetoho e bang teng ha u e-ba motho e moholo ha e tšoane le monyako o butsoeng oo u ikenelang habonolo feela ka oona ha u fihla lilemong tse itseng. E tšoana le litepisi tseo u lokelang li hloa ka bonngoe nakong ea bocha. Ke ’nete hore uena le batsoali le ka ’na la fapana ka maikutlo tabeng ea hore na u se u hloele litepisi tse kae. Maria ea nahanang hore batsoali ba hae ha ba mo tšepe tabeng ea ho khetha metsoalle, o re: “Ke lilemo li 20, empa le hona joale batsoali ba ka ba ntse ba sa ntšepe. Ba nahana hore nke ke ka ba le sebete sa ho tloha ha ba bang ba etsa lintho tse tsoileng tseleng. Ke lekile ho ba bolella hore ke se ke ’nile ka tloha ha ba bang ba etsa lintho tse tsoileng tseleng, empa ha ba nkholoe!”

Joalokaha mantsoe a builoeng ke Maria a bontša, taba ea ho tšeptjoa e ka baka tsitsipano e khōlō pakeng tsa bacha le batsoali. Na ho joalo heno? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng hore batsoali ba hao ba u tšepe haholoanyane? Hona haeba u entse lintho tse itseng tse booatla tse entseng hore ba se ke ba hlola ba u tšepa, u ka etsa’ng hore ba boele ba u tšepe?

Bontša Hore U ka Tšeptjoa

Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, a re: “Le ’ne le leke seo le leng sona.” (2 Bakorinthe 13:5) Ke ’nete hore Pauluse o ne a sa bue ka ho toba le bacha. Empa molao-motheo oo oa sebetsa le ho bona. Hore na batsoali ba hao ba u fa bolokolohi bo bokae hangata ho itšetleha ka hore na u bontša hakae hore u ka tšeptjoa. Sena ha se bolele hore u lokela ho ba ea phethahetseng. Etsoe bohle re etsa liphoso. (Moeklesia 7:20) Leha ho le joalo, na tsela eo u itšoereng ka eona e etsa hore batsoali ba hao ba se ke ba u tšepa?

Ka mohlala, Pauluse o ile a ngola, a re: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Ipotse, ‘Ebe ke iketselitse lebitso la mofuta ofe ho batsoali ba ka tabeng ea ho ba bolella hore na ke ea hokae le hore na ke tla be ke etsa’ng moo?’ Nahanisisa ka se builoeng ke bacha ba ’maloa ba ileng ba tlameha ho itlhahlobisisa tabeng ena. Ha u qeta ho bala seo ba se buileng, araba lipotso tse ka tlaase mona.

Lori o re: “Ke ne ke ngollana melaetsa ea e-mail ka sekhukhu le moshanyana e mong eo ke neng ke mo rata. Batsoali ba ka ba ile ba tseba ka taba ena ’me ba ntaela hore ke khaotse. Ke ile ka ba tšepisa hore ke tla khaotsa, empa ha kea ka ka etsa joalo. Ke ile ka tsoela pele ke ngollana le eena selemo kaofela. Ke ne ke ngolla moshanyana eo, batsoali ba ka ba fumane hore ke ntse ke mo ngolla, ebe ke kōpa tšoarelo, ke ba tšepise hore ke tla khaotsa, empa ke ’ne ke mo ngolle hape. Ho ile ha fihla nako eo batsoali ba ka ba neng ba se ba sa ntšepe ka ntho leha e le efe!”

U nahana hore ke hobane’ng ha batsoali ba Lori ba ile ba qetella ba sa mo tšepe? ․․․․․

Haeba u ne u le motsoali oa Lori, u ka be u entse’ng, hona hobane’ng? ․․․․․

Lori a ka be a entse’ng ho bontša hore a ka tšeptjoa ka mor’a hore batsoali ba hae ba bue le eena ka lekhetlo la pele? ․․․․․

Beverly o re: “Batsoali ba ka ba ne ba sa ntšepe litabeng tsa bashanyana, empa hona joale ke utloisisa lebaka. Ke ne ke bonya le bashanyana ba ’maloa ba neng ba ntšiea ka lilemo tse peli. Ke ne ke boetse ke qeta lihora ke bua le bona fonong, ’me ha re le ’mokeng, ke ne ke ipuela le bona feela. Batsoali ba ka ba ile ba nkamoha fono khoeli kaofela, ’me ha baa ka ba hlola ba ntumella hore ke ee moo bashanyana bao ba neng ba tla ba teng.”

Haeba u ne u le motsoali oa Beverly, u ka be u entse’ng, hona hobane’ng? ․․․․․

Na u nahana hore lithibelo tseo batsoali ba Beverly ba neng ba mo behetse tsona li ne li sa utloahale? Haeba ho joalo, hobane’ng? ․․․․․

Beverly a ka be a entse’ng hore batsoali ba hae ba boele ba mo tšepe? ․․․․․

Ho Etsa Hore ba Boele ba U Tšepe

U ka etsa’ng haeba le uena, joaloka bacha ba qotsitsoeng ka holimo, u entse hore batsoali ba hao ba se ke ba hlola ba u tšepa? U ntse u ka etsa hore ba boele ba u tšepe. Empa u ka etsa seo joang?

Ho ka etsahala hore batsoali ba hao ba boele ba u tšepe ’me ba u fe bolokolohi bo eketsehileng haeba u bontša ka liketso hore u se u ka tšeptjoa. Annette o ile a hlokomela ntlha eo. O re: “Ha u sa le monyenyane, ha u utloisise ka botlalo hore na ho tšeptjoa ho bohlokoa hakae. Hona joale ke phela ka tsela e bontšang boikarabelo haholoanyane ’me ke ikutloa ke tlameha ho itšoara ka tsela e tla etsa hore batsoali ba ka ba lule ba ntšepa.” U ithuta’ng ho see? Ho e-na le ho tletleba ka hore batsoali ba hao ha ba u tšepe, tsepamisa maikutlo tabeng ea ho iketsetsa botumo ba hore ua tšepahala. Mohlomong ba tla u fa bolokolohi bo eketsehileng.

Ka mohlala, na ua tšepahala linthong tse boletsoeng ka tlaase moo? Tšoaea ✔ lebokoseng le haufi le lintlha leha e le life tseo u lokelang ho ntlafatsa ho tsona.

□ Ho fihla ka nako eo ke e behetsoeng lapeng

□ Ho phethahatsa litšepiso

□ Ho boloka nako

□ Ho sebelisa chelete hantle

□ Ho qeta mesebetsi ea lapeng

□ Ho tsoha ke sa khannoe ka morao

□ Ho boloka kamore ea ka e hloekile

□ Ho bua ’nete

□ Ho sebelisa fono kapa k’homphieutha hantle

□ Ho lumela ha ke entse phoso le ho kōpa tšoarelo

□ Tse ling ․․․․․

Ke hobane’ng ha u sa ikemisetse ho bontša hore u ka tšeptjoa lintlheng tseo u li tšoaileng? Latela keletso ena ea Bibele: “Le lahle botho ba khale bo lumellanang le tsela ea lōna ea pele ea boitšoaro.” (Baefese 4:22) “E ea lōna e ke e bolele E.” (Jakobo 5:12) “E mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae.” (Baefese 4:25) “Le mamele batsoali ba lōna nthong e ’ngoe le e ’ngoe.” (Bakolose 3:20) Ha nako e ntse e ea, tsoelo-pele ea hao e tla bonahala ho bohle le ho batsoali ba hao.—1 Timothea 4:15.

Empa u ka etsa’ng haeba batsoali ba hao ba ntse ba sa u fe bolokolohi bo u loketseng, ho sa tsotellehe boiteko bohle boo u bo etsang? U ka ’na ua buisana le bona ka taba eo. Ho e-na le hore u lle ka hore ba lokela ho u tšepa haholoanyane, ka tlhompho ba botse hore na ba nahana hore u lokela ho ntlafatsa ntlheng efe e le hore ba u tšepe. Hlalosa ka ho hlaka hore na u lakatsa ho finyella eng tabeng eo.

U se ke ua lebella hore batsoali ba hao ba etse phetoho ka potlako. Ha ho pelaelo hore ba tla batla ho kholiseha hore u tla phetha seo u se tšepisitseng. Sebelisa monyetla ona ho bontša hore u ka tšeptjoa. Ka mor’a nako, batsoali ba hao ba ka ’na ba u tšepa haholoanyane le ho u fa bolokolohi bo eketsehileng. Ho ile ha etsahala joalo ka Beverly, ea qotsitsoeng pejana. O re: “Ho bonolo ho etsa hore batsoali ba se ke ba u tšepa, empa ho thata ho etsa hore ba boele ba u tšepe.” Oa phaella: “Hona joale ba ntse ba ea ba ntšepa haholoanyane, ’me ke ikutloa ke thabile!”

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 2, KHAOLONG EA 22

KHAOLONG E LATELANG

Na batsoali ba hao ba hlalane? U ka bontša ho leka-lekana joang ha ho bonahala eka ho hang lintho ha li u tsamaele hantle bophelong?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 7 bukeng ena.

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Le se ke la sebelisa bolokolohi ba lōna e le boikemelo ba ho etsa se fosahetseng.”—1 Petrose 2:16, Contemporary English Version.

KELETSO

Ho e-na le ho bapisa lithibelo tseo u li behetsoeng hona joale le bolokolohi boo e ka ’nang eaba moholoane oa hao o na le bona, bapisa bolokolohi boo u nang le bona hona joale le lithibelo tseo u neng u li behetsoe ha u sa le monyenyane.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Ho fa ngoana bolokolohi bo se nang moeli ha ho bontše hore motsoali oa mo rata empa ho bontša hore ha a mo tsotelle.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Ke tla tšepahala haholoanyane lintlheng tse latelang: ․․․․․

Haeba batsoali ba ka ba se ba sa ntšepe, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba ka ’na ba e-ba leqe ho u fa bolokolohi bo eketsehileng le hoja u leka ka matla ho bontša hore ba ka u tšepa?

● Ha u khona ho buisana le batsoali ba hao hantle, seo se ama boikemisetso ba bona joang ba hore ba u fe bolokolohi bo eketsehileng?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]

“Ke bua le batsoali ba ka ke phutholohile ha ke ba bolella mathata a ka le lintho tse ntšoenyang. Ke nahana hore sena se ba nolofalletsa hore ba ntšepe.”—Dianna

[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho fetoha motho e moholo ea ka tšeptjoang ho tšoana le ho hloa litepisi ka bonngoe nakong ea bocha

[Setšoantšo se Qanollang]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

HA U LE MOTHO E MOHOLO

HA U LE MOCHA

HA U LE NGOANA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela