Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/08 maq. 24-25
  • Hantle-ntle Molimo o Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hantle-ntle Molimo o Joang?
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha a Hlalosoa ka Litšobotsi Tsa Batho?
  • Na Molimo ke Monna Kapa ke Mosali?
  • Tšobotsi e ka Sehloohong ea Molimo
  • Na Molimo ke Motho oa Sebele?
    Tsoha!—2010
  • Ho Fetola Sebōpeho sa Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Hantle ho na le Phapang Efe Pakeng Tsa Molimo le Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Motho A ka ba ka Setšoantšo sa Molimo Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 10/08 maq. 24-25

Pono ea Bibele

Hantle-ntle Molimo o Joang?

BIBELE e re: “Molimo ke Moea, ’me ba mo rapelang ba tla rapela ka moea le ka ’nete.” Polelo ena e senola ’nete ea motheo tabeng ea hore na Molimo o joang—e bontša hore ke moea! (Johanne 4:19-24) Leha ho le joalo, Bibele e boetse e hlalosa hore ke motho ea ikemetseng. Lebitso la hae ke Jehova.—Pesaleme ea 83:18.

Batho ba bang ba balang Bibele ba ’nile ba re ba ferekanngoa ke hore na ha e le hantle Molimo o joang. Kaha Molimo ke moea o sa bonahaleng, hase motho oa nama, ke hobane’ng ha ho e-na le litemana tse ngata hakaale tsa Bibele tse buang joalokaha eka o na le mahlo, litsebe, nko, pelo, matsoho, liatla, menoana hammoho le maoto?a Ba bang ba ka ’na ba etsa qeto ea hore Molimo o na le ’mele o kang oa motho kaha Bibele e re o entse motho ka setšoantšo sa hae. Ho hlahlobisisa seo Bibele e se bolelang ho ka felisa pherekano eo.—Genese 1:26.

Ke Hobane’ng ha a Hlalosoa ka Litšobotsi Tsa Batho?

E le ho thusa batho hore ba utloisise hore na Molimo o joang, bangoli ba Bibele ba ile ba bululeloa hore ba sebelise litšobotsi tsa batho ha ba bua ka Ea Matla ’Ohle. Litsebi li re seo se bontša hore ba mo “hlalosa kapa ba nahana ka eena ka tsela e kang o na le sebōpeho sa batho kapa litšobotsi tsa bona.” Sena se bontša kamoo puo ea batho e haelloang kateng tabeng ea ho hlalosa Molimo oa ’nete, e leng Jehova. Morero e ne e le hore ho hlalosoe boemo ba Molimo ka tsela eo batho ba ka e utloisisang. Sena ha se bolele hore mantsoe ana a lokela ho nkoa a hlile a le joalo, feela joalokaha re sa nke hore ha Bibele e re Molimo ke “Lefika,” “letsatsi,” kapa “thebe,” o fela a le joalo.—Deuteronoma 32:4; Pesaleme ea 84:11.

E le ho fetisa taba ea hore ka tsela e itseng, motho o na le litšobotsi tse tšoanang le tseo Jehova eena a nang le tsona ka ho feletseng, Bibele e re motho o entsoe ka setšoantšo sa Molimo. Ho hlakile hore sena ha se bolele hore batho ke meea kapa hona hore Molimo ke motho oa nama.

Na Molimo ke Monna Kapa ke Mosali?

Joalo feela kaha ho hlalosa Molimo ka litšobotsi tsa batho ho sa lokela ho nkoa ka tsela ea sebele, ho hlalosa Molimo e le motho oa monna ha hoa lokela ho nkoa ka tsela ea sebele. Phapang e teng ea botona le botšehali e fumaneha feela bathong ba nama ’me le puo ea bona e bontša hore ba ke ke ba khona ho hlalosa ka ho feletseng hore na Molimo Ea Matla ’Ohle, Jehova, o joang.

Ha Bibele e sebelisa lentsoe ‘Ntate,’ e re thusa hore re utloisise hore ’Mōpi oa rōna a ka tšoantšoa le ntate ea lerato, ea sireletsang ba lelapa la hae le ea amehileng ka bona. (Matheu 6:9) Sena ha se bolele hore re lokela ho nka Molimo, kapa libōpuoa tse ling tsa moea leholimong, e le banna kapa basali. Ha ba khetholloe ka botona kapa botšehali. Ntho e thahasellisang ke hore Bibele e bontša hore bao e tla ba majalefa hammoho le Kreste ’Musong oa hae oa leholimo ha baa lebella ho tsoela pele e le banna kapa basali ha ba behoa khanyeng ea ho ba bara ba Molimo ba moea. Moapostola Pauluse o ile a ba hopotsa hore “ha ho e motona kapa e motšehali” ha ba se ba filoe khanya e le bara ba Molimo. Ka puo ea tšoantšetso ba boetse ba bitsoa “monyaluoa” oa Konyana, e leng Jesu Kreste. Lintho tsena tsohle li bontša hore litšobotsi tsa batho tseo Molimo a hlalositsoeng a e-na le tsona—hammoho le Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu, le libōpuoa tse ling tsa moea—ha lia lokela ho nkoa ka tsela ea sebele.—Bagalata 3:26, 28; Tšenolo 21:9, 1 Johanne 3:1, 2.

Kaha bangoli ba Bibele ba ne ba utloisisa ka nepo karolo e phethoang ke banna, ba ile ba bua ka Molimo joalokaha eka ke monna. Ba ne ba tseba hore monna ea phethang boikarabelo ba hae hantle o tšoantšetsa hantle tsela e lerato eo Jehova a ratang bana ba hae ba lefatšeng ka eona le ho ba thahasella, joaloka ntate oa bona.—Malakia 3:17; Matheu 5:45; Luka 11:11-13.

Tšobotsi e ka Sehloohong ea Molimo

Le hoja e le motho oa moea, ’Musi enoa ea phahameng ka ho fetisisa ha ho mohla a qhelelang batho thōko, hase sephiri se sa utloisisoeng kapa eo ho ke keng ha buisanoa le eena. Hore ebe ke motho oa moea ha ho sitise batho ba tšepahalang hore ba ithute ka lerato la hae, matla a hae, bohlale ba hae le toka ea hae, e leng litšobotsi tse bontšang seo a leng sona le tseo re li bonang linthong tseo a li bōpileng.—Baroma 1:19-21.

Leha ho le joalo, lerato ke tšobotsi e ka sehloohong ea Molimo, e akaretsang seo Molimo a leng sona. Lerato la hae le ikhetha hoo a bitsoang lerato ka boeena. (1 Johanne 4:8) Tšobotsi ena e akarelletsa tse ling tse bontšang hore na o joang, tse kang ho ba mosa, ho tšoarela le ho tiisetsa. (Exoda 34:6; Pesaleme ea 103:8-14; Esaia 55:7; Baroma 5:8) Ka sebele Jehova ke Molimo ea lerato ea re khothalletsang hore re atamele haufi le eena.—Johanne 4:23.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka mohlala, sheba Genese 8:21; Exoda 3:20; 15:8; 31:18; 1 Samuele 8:21; Jobo 40:9; Pesaleme ea 10:17; 18:9; 34:15; Liproverbia 27:11; Ezekiele 8:17; Zakaria 14:4; Luka 11:20; Johanne 12:38; Baroma 10:21; le Baheberu 4:13.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Lebitso la Molimo ke mang?—Pesaleme ea 83:18.

◼ Re ka bona litšobotsi tsa Molimo hokae?—Baroma 1:19-21.

◼ Tšobotsi e ka sehloohong ea Molimo ke efe?—1 Johanne 4:8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela