Bacha Baa Botsa
Na ke Lokela ho Bolela ha Motsoalle oa ka a Entse Phoso?
“Ho ne ho nyolosetsa. Motho eo e ne e le motsoalle oa ka e moholo.”—James.a
“Qalong ho ne ho hlile ho se monate. Metsoalle ea ka e ne e nkhesa, hobane ke ne ke boletse lintho tseo e li etsang.”—Ann.
BIBELE e re: “Ho na le motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.” (Liproverbia 18:24) Na u na le motsoalle ea joalo? Haeba ho joalo, u fumane motsoalle oa bohlokoa.
Empa u ka etsa’ng haeba motsoalle oa hao ea ipolelang hore ke Mokreste a entse phoso? Ka mohlala, u lokela ho etsa’ng haeba motsoalle oa hao a kopanetse boitšoarong bo litšila, a tsubile koae, a noele joala le hoja a se lilemong tsa molao, a sebelisitse lithethefatsi kapa a entse phoso e itseng e tebileng? (1 Bakorinthe 6:9, 10; 1 Timothea 1:9, 10) U lokela ho etsa’ng? Na u lokela ho bua le motsoalle oa hao ka phoso eo a e entseng? Na u lokela ho bolella batsoali ba hao? Na u lokela ho bolella batsoali ba hae? Na u lokela ho tlalehela moholo oa phutheho taba eo?b Ho tla etsahala’ng ka setsoalle sa lōna haeba u bolela? Na ho ka ba molemo hore feela u le nyaee le kolobe?
Na ke Lokela ho Bolela Kapa ke Ithōlele?
Batho bohle ba etsa liphoso. Ha e le hantle, Bibele e re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Leha ho le joalo, ba bang ba etsa libe tse tebileng. Ba bang ba nka “mohato o fosahetseng” oo haeba o sa lokisoe, ba ka kenang mathateng a fetang. (Bagalata 6:1) Nahana ka mohlala ona oa se hlileng se etsahetseng.
◼ Mocha e mong oa Mokreste ea bitsoang Susan o ile a tseba hore motsoalle oa hae o ne a e-na le mocha oa Inthanete o nang le litšoantšo tse tsosang takatso le ’mino o buang puo-phara ka boitšoaro ba ho kopanela liphate.
Ak’u nahane ka sena: Haeba u ne u le Susan, u ne u tla etsa’ng? Na u ne u tla etsa ho hong ka taba eo? Kapa na u ne u tla etsa qeto ea hore seo motsoalle oa hao a se kenyang mocheng oa Inthanete ke taba ea hae, hase ea motho e mong? Haeba Susan a ne a ka u kōpa keletso, u ne u tla re’ng ho eena?
․․․․․
Seo Susan a ileng a khetha ho se etsa: Ka mor’a hore Susan a nahane ka taba eo, o ile a etsa qeto ea ho bua le batsoali ba motsoalle oa hae. O re: “Ke ne ke tšaba ho ba bolella kaha le bona ke metsoalle ea ka e meholo. Ho ne ho le thata ho ba bolella hoo ke ileng ka qala ho lla.”
U nahana’ng ka see? Na Susan o ile a etsa se nepahetseng? Kapa na ho ka be ho bile molemo hore a ithōlele?
Ho u thusa ho nahanisisa ka taba ena, ak’u nahane ka lintlha tse latelang:
Motsoalle oa sebele o ne a tla etsa’ng? Liproverbia 17:17 e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” Haeba motho a phehella ho etsa ntho e sa lumellaneng le melao-motheo ea Bibele, motho eo o ‘mahlomoleng,’ ebang oa tseba kapa ha a tsebe. Le hoja ho fosahetse ho iketsa “ea lokileng ho feta tekanyo” ka ho etsa taba ka lintho tse sa reng letho, motsoalle oa sebele ha a na ho iphapanyetsa boitšoaro boo e seng ba Bokreste. (Moeklesia 7:16) Ho iphapanyetsa boemo boo ho fosahetse.—Levitike 5:1.
U ne u ka ikutloa joang haeba u ne u le motsoali? Ipotse: ‘Haeba ke ne ke le motsoali, na ke ne ke sa tl’o batla ho tseba ha mora kapa morali oa ka a e-na le mocha oa Inthanete o nang le lintho tse tsosang takatso? Ke ne ke tla ikutloa joang haeba motsoalle oa mora kapa morali oa ka a ne a tseba ka taba ee, empa a sa re letho ka eona?’
Molao oa Molimo oona o re’ng? Ena hase nako ea hore u thōle. Ho e-na le hoo, u lokela ho latela molao oa Molimo oa boitšoaro o boletsoeng ka Bibeleng. Taba ke hore haeba u emela se nepahetseng, u thabisa pelo ea ’Mōpi oa hao. (Liproverbia 27:11) Ho feta moo, u ikutloa u khotsofatse hobane u tseba hore u etselitse motsoalle oa hao se molemo.—Ezekiele 33:8.
“Nako ea ho Bua”
Bibele e re ho na le “nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” (Moeklesia 3:7) Hangata bana ba banyenyane ha ba tsebe hore na ba tšoanela ho nka bohato bofe bo loketseng ha ba le boemong bo itseng. Ha motsoalle a etsa phoso e itseng, ba ipolella: ‘Ha ke batle ho kenya motsoalle oa ka mathateng’ kapa ‘Ha ke batle ho qabana le motsoalle oa ka.’ Haeba mabaka ao e ne e le ’ona feela ao motho a lokelang ho nahana ka ’ona, ho ne ho tla ba bonolo ho etsa qeto—eo e ne e tla ba “nako ea ho khutsa.”
Empa ha u ntse u hōla, u qala ho talima litaba ka tsela e bontšang khōlo. Ua hlokomela hore motsoalle oa hao o se a ntse a le mathateng ’me o hloka thuso, eo mohlomong e leng uena ea ka mo fumanelang eona. Empa u ka etsa’ng haeba ka ho khetheha u utloa hore motsoalle oa hao o kopanetse boitšoarong bo sa lumellaneng le melao kapa melao-motheo ea Bibele?
Qala ka ho netefatsa hore seo u se utloileng ke ’nete. E ka ’na eaba ke taba feela ea bo-ba-re eo e seng ’nete. (Liproverbia 14:15) Mocha e mong ea bitsoang Katie o re: “Motsoalle e mong oa ka o ile a qala a hasa taba ea leshano ka ’na, ’me batho ba neng ba ntloaetse ba ile ba nahana hore taba eo ke ’nete. Ke ne ke tšohile hore ha ho na motho ea tla nkholoa!” Bibele e ile ea bolela esale pele hore Jesu o ne a ke ke “a khalemela feela ho ea ka ntho e utloiloeng ke litsebe tsa hae”—kapa “ho tsoa [motho] ka ho utloa taba ea ba re” joalokaha Bibele ea Sesotho e hlalosa. (Esaia 11:3) U ithuta’ng ho see? U se ke ua potlakela ho nka hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e utloang ke ’nete. Leka ho fumana seo e leng ’nete. Nahana ka mohlala ona oa se hlileng se etsahetseng.
◼ James, eo ho builoeng ka eena qalong ea sehlooho sena, o ile a utloa hore motsoalle oa hae o sebelisitse lithethefatsi ha a le phathing.
Ak’u nahane ka sena: Haeba u ne u le James, u ne u tla etsa’ng? U ne u tla tseba joang hore seo u se utloileng ke ’nete?
․․․․․
Seo James a ileng a khetha ho se etsa. Qalong, James o ile a etsa eka ha a utloa letho ebile ha a tsebe letho. O re: “Joale letsoalo le ile la qala ho nkhathatsa. Ke ne ke tseba hore ke lokela ho buisana le motsoalle oa ka ka taba eo.”
U nahana’ng ka see? Ho qala ka ho buisana le motho eo ho thoeng o kopanetse boitšoarong boo e seng ba Bokreste ho ka ’na ha hlahisa melemo efe?
․․․․․
Haeba u ikutloa u sa phutholoha ho buisana le motho eo ka taba eo, u ka etsa’ng?
․․․․․
Motsoalle oa James o ile a lumela hore o ne a sebelisitse lithethefatsi ha a le phathing. Empa joale a kōpa James hore a se ke a bolella motho leha e le ofe ka taba eo. James o ne a batla ho etsa se nepahetseng. ’Me o ne a batla hore motsoalle oa hae le eena a etse se nepahetseng. Kahoo o ile a bolella motsoalle oa hae hore o mo fa beke hore a be a tsebisitse baholo ba phutheho ka taba eo. Haeba a sa ba tsebise, joale James o ne a tla ba tsebisa.
Na u nahana hore seo James a ileng a se etsa se ne se loketse? Hobane’ng?
․․․․․
Motsoalle oa James ha a ka a ea ho baholo, kahoo James o ile a tlaleha taba eo. Leha ho le joalo, hamorao motsoalle eo oa hae o ile a elelloa phoso ea hae. Baholo ba ile ba mo thusa ho elelloa hore o lokela ho baka ’me a tsosolose kamano e ntle le Jehova.
Na U Mpimpi?
Leha ho le joalo, u ka ’na ua botsa: ‘Na ke tla be ke se mpimpi ha ke bolela seo motsoalle oa ka a se entseng? Na ho ke ke ha e-ba bonolo hore ke iketse eka ha ke tsebe letho?’ Haeba u ka iphumana u le boemong bo kang boo, u ka etsa’ng?
Taba ea pele, hlokomela hore hase kamehla ho etsa ntho e bonolo ho bontšang lerato le hore ho bontša lerato hase kamehla e leng ntho e bonolo. Ho hlokahala hore u be sebete hore u tlalehe phoso ea motsoalle oa hao. Ke hobane’ng ha u sa buisane le Molimo ka taba ee? Mo kōpe hore a u fe bohlale le sebete. O tla u thusa.—Bafilipi 4:6.
Taba ea bobeli, nahana kamoo ho tlaleha taba eo ho tlang ho tsoela motsoalle oa hao molemo kateng. Ka mohlala, a re nke hore ha u ntse u hloa leralla le motsoalle oa hao, oa khoptjoa ’me o oela ka selomong. Ho hlakile hore motsoalle oa hao o hloka thuso. Empa u ka etsa’ng haeba motsoalle oa hao a hlajoa ke lihlong ’me a u bolella hore a ka mpa a leka ho intša ka selomong seo? Na u ka mo lumella hore a ipehe kotsing ka tsela eo?
Hoa tšoana le ha motsoalle a khoptjoa tseleng ea Bokreste. A ka ’na a nahana hore ha a hloke thuso, o tla itsosa ka boeena moeeng. Empa ke booatla ho nahana joalo. Ke ’nete hore motsoalle oa hao a ka ’na a hlajoa ke lihlong ka lebaka la se etsahetseng. Empa haeba u mo ‘kōpela thuso’ u ka ’na ua pholosa bophelo ba hae!—Jakobo 5:15.
Ka hona, u se ke ua tšaba ho bolela haeba motsoalle a entse phoso e itseng. Ha u mo kōpela thuso, u bontša hore u tšepahala ho Jehova Molimo le ho motsoalle oa hao, eo ka le leng a ka ’nang a u leboha ka tsela e lerato eo u mo thusitseng ka eona.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.
b Har’a Lipaki Tsa Jehova, baholo ba thusa batho leha e le bafe moeeng ba oetseng phosong e tebileng.—Jakobo 5:14-16.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Ke ka tsela efe ho tlaleha phoso eo motsoalle a e entseng ho hlileng ho bontšang hore ua tšepahala ho eena?
◼ Ke batho bafe bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng bao ho tšepahala ha bona ho metsoalle ho ileng ha lekoa? U ka ithuta’ng mohlaleng oa bona?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Haeba motsoalle a oa tseleng ea Bokreste, u lokela ho tiisa hore o fumana thuso