Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gf thuto 1 leq. 3
  • Molimo o U Mema Hore U be Motsoalle oa Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o U Mema Hore U be Motsoalle oa Hae
  • U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka ba Motsoalle oa Jehova
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Na ke Lokela ho Bolela ha Motsoalle oa ka a Entse Phoso?
    Tsoha!—2008
  • U ka Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • Motsoalle oa Sebele ke ea Joang?
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
U ka ba Motsoalle oa Molimo!
gf thuto 1 leq. 3

Thuto ea 1

Molimo o U Mema Hore U be Motsoalle oa Hae

Molimo o batla hore u be motsoalle oa hae. Na ho na le mohla u kileng ua nahana hore u ka ba motsoalle oa Motho e moholo ka ho fetisisa bokahohleng? Abrahama, ea phetseng mehleng ea boholo-holo, o ne a bitsoa motsoalle oa Molimo. (Jakobo 2:23) Ba bang bao Bibele e buang ka bona, le bona ba ile ba thabela botsoalle ba Molimo ’me ba hlohonolofatsoa haholo. Kajeno, batho ba likarolong tsohle tsa lefatše ba fetohile metsoalle ea Molimo. Le uena u ka ba motsoalle oa Molimo.

Ho ba motsoalle oa Molimo ho molemo ho feta ho ba motsoalle oa motho ofe kapa ofe. Ha ho mohla Molimo a soetsang metsoalle e tšepahalang ea hae. (Pesaleme ea 18:25) Ho ba motsoalle oa Molimo ho molemo ho feta ho ba le maruo. Ha morui a e-shoa, chelete ea hae e ea ho ba bang. Leha ho le joalo, ba thabelang botsoalle ba Molimo ba na le letlotlo leo ho seng motho ea ka le nkang.—Matheu 6:19.

Batho ba bang ba ka ’na ba leka ho u thibela ho ithuta ka Molimo. Esita le eona metsoalle e meng ea hao kapa beng ka uena ba bang, ba ka u thibela. (Matheu 10:36, 37) Haeba ba bang ba u tšeha kapa ba u tšosa, ipotse, ‘Ke batla ho khahlisa mang—batho kapa Molimo?’ Nahana: Haeba motho e mong a ne a ka re u khaotse ho ja, na u ne u tla mo mamela? Ho hlakile hore u ne u ke ke! U hloka lijo hore u phele. Empa Molimo a ka etsa hore u phele ka ho sa feleng! Kahoo, le ka mohla u se ke ua lumella motho ofe kapa ofe hore a u thibele ho ithuta hore na u ka ba motsoalle oa Molimo joang.—Johanne 17:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela