Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/09 maq. 10-11
  • Na U Lokela ho ba Khahlanong le ho Chesoa ha Litopo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Lokela ho ba Khahlanong le ho Chesoa ha Litopo?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Pontšo ea Hore Molimo ha a ho Amohele?
  • Seo se ke ke sa Thibela Hore ba Tsosoe
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ho Khutlela Lerōleng—Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Jonathane “o Sebelitse le Molimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ba Kopane Tlas’a Letšoao la Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 3/09 maq. 10-11

Pono ea Bibele

Na U Lokela ho ba Khahlanong le ho Chesoa ha Litopo?

Batho ba bang ba nka hore ho chesa setopo lore! ke sekhobo ebile ho bontša ho se hlomphe motho ea shoeleng. Ba re ‘ho qalile boheteneng, kahoo ba ipolelang hore ba rapela Molimo ba lokela ho ho qoba.’ Ba bang ba lumela hore ke tsela e amohelehang le e hlomphehang ea ho pata mofu. Uena u nahana’ng ka taba ee?

MEHLENG ea Bibele, ka tloaelo bafu ba ne ba epeloa. Ka mohlala, Abrahama o ile a pata mosali oa hae, Sara, lehaheng. Setopo sa Jesu se ile sa robatsoa ka lebitleng le neng le chekiloe lefikeng. (Genese 23:9; Matheu 27:60) Na Bibele e bolela ka ho toba hore tsela feela e loketseng ea ho pata bafu ke ea hore ba epeloe? Na e bontša hore bahlanka ba Molimo ba boholo-holo ba ne ba le khahlanong le hore litopo li chesoe?

Na ke Pontšo ea Hore Molimo ha a ho Amohele?

Ha re sheba taba ka holimo feela, ho ka ’na ha bonahala eka litemana tse ngata tsa Bibele li bontša hore ho ne ho chesoa litopo tsa batho bao Molimo a neng a sa ba amohele. Ka mohlala, Molao oa Moshe o ne o bolela hore haeba morali oa e mong oa baprista ba Jehova e ne e e-ba letekatse, o ne a lokela ho bolaoa ’me a ‘chesoe ka mollo.’ (Levitike 20:10; 21:9) Hape ha Baiseraele ba hlōloa Ai ka lebaka la ho se mamele ha Akane, sechaba se ile sa ba tlepetsa ka majoe sa ntan’o “ba chesa ka mollo.” (Joshua 7:25) Litsebi tse ling li fane ka maikutlo a hore ena ke tsela eo ho neng ho tšoaroa ka eona batho ba shoang lefu la sekhobo le hore ho chesoa ha litopo ho ne ho bolela hore batho ba babe ha ba patoe ka tsela e nkoang e hlompheha.

Ho feta moo, ha Morena Josiase a ne a leka ho tlosa borapeli ba litšoantšo Juda, o ile a qhaqha libaka tsa lepato tsa baprista ba neng ba etselitse Baale mahlabelo, ’me a chesa masapo a bona lialetareng tsa bona. (2 Likronike 34:4, 5) Na mehlala e kang eo e bontša hore Molimo ha a amohele bao litopo tsa bona li chesoang? Che, joalokaha mohlala o mong o tlalehiloeng ka Bibeleng o bontša.

Ha Bafilista ba hlōla Morena Saule oa Iseraele ntoeng, ba ile ba bontša tello ka hore ba tlamelle setopo sa hae le tsa bara ba hae ba bararo leboteng la motse oa Bethe-shane. Empa ha Baiseraele ba lulang Jabeshe-gileade ba utloa kamoo litopo tsena li hlompholotsoeng kateng, ba ile ba li tlosa ba li chesa, ba ntan’o pata masapo. (1 Samuele 31:2, 8-13) Qalong ho ka ’na ha bonahala eka tlaleho ena e netefatsa taba ea hore ho chesa setopo ke sekhobo. Etsoe, Saule le eena o ne a le khopo; o ile a loantša Davida, motlotsuoa oa Jehova ’me a shoa Molimo a se a sa mo amohele.

Empa ela hloko hore na ke mang ea ileng a shoa le Saule. E mong oa bara ba hae, e leng Jonathane, le eena setopo sa hae se ile sa tšoaroa ka tsela e tšoanang. E ne e se motho ea mobe. Ho fapana le moo, Jonathane e ne e le motsoalle oa Davida e moholo ebile e le mphato oa hae. Baiseraele ba ile ba re ka Jonathane: “O sebelitse le Molimo.” (1 Samuele 14:45) Ha Davida a utloa ka seo batho ba Jabeshe-gileade ba se entseng, o ile a ba rorisa le ho ba leboha, a re: “E se eka le ka hlohonolofatsoa ke Jehova, hobane le bontšitse mosa ona o lerato ho morena oa lōna, ho Saule.” Ho hlakile hore Davida ha aa ka a tšoengoa ke hore ebe setopo sa Saule le sa Jonathane li chesitsoe.—2 Samuele 2:4-6.

Seo se ke ke sa Thibela Hore ba Tsosoe

Bibele e ruta ka ho hlaka hore Jehova Molimo o tla tsosa batho ba bangata bao hona joale ba robetseng lefung. (Moeklesia 9:5, 10; Johanne 5:28, 29) Ha buka ea Bibele ea Tšenolo, kapa ea Apocalypse, e hlalosa ka tsela ea boprofeta nako eo ka eona bafu ba tlang ho khutlisetsoa bophelong, e re: “Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona.” (Tšenolo 20:13) Hore Molimo ea Matla ’Ohle a tsose bafu, ha ho tsotellehe hore na setopo sa motho se patiloe, se chesitsoe, se lahlehile leoatleng, se jeloe ke liphoofolo tse hlaha kapa hona ho ranthanngoa ke ho phatloha ha bomo ea athomo.

Bibele ha e fane ka tataiso e tobileng ea hore na ho etsoe’ng ka litopo. Jehova ha a nyatse ha litopo li chesoa. Leha ho le joalo, ho hlakile hore litokisetso tsa lepato e lokela ho ba tse nang le seriti le tse hlomphehang.

Empa ntho e ’ngoe e ka ’nang ea susumetsa qeto eo motho a e etsang ha a lokisetsa lepato, ke tsela eo batho ba bang tikolohong ea habo ba talimang meetlo ea mapato ka eona. Ka sebele, ba phelang ka melao-motheo ea Bibele ba ke ke ba rata ho etsa ntho leha e le efe e ka khopisang baahelani ba bona ho sa hlokahale. Ho boetse ho fosahetse ho kopanela mekhoeng eo ho ka ’nang ha bonahala eka e bontša hore motho o lumela lithutong tsa bolumeli ba bohata, tse kang ea hore moea ha o shoe. Ka ntle ho mabaka ana, qeto leha e le efe eo motho a ka ’nang a e etsa tabeng ea hore na ho etsoe’ng ka setopo sa hae kapa sa motho e mong, ha e le hantle ke taba ea botho kapa ea lelapa.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Ke morapeli ofe ea tšepahalang ea boletsoeng ka Bibeleng eo setopo sa hae se ileng sa chesoa?—1 Samuele 31:2, 12.

◼ Davida o ile a re’ng ho batho ba ileng ba pata setopo sa Saule?—2 Samuele 2:4-6.

◼ Ke’ng se bontšang hore ho chesoa ha setopo ha ho sitise hore motho a tsosoe bafung?—Tšenolo 20:13.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

Bibele ha e fane ka tataiso e tobileng ea hore na ho etsoe’ng ka litopo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela