Ke Ile ka Baleha Moo Batho ba Bolaoang ’me ka Fumana Bophelo
Joalokaha ho boletse Sam Tan
’Na le ba lelapa leso hammoho le batho ba bang ba kang 2 000 ba Cambodia, re ile ra fihla nōkeng e moeling oa Thailand, ha re ne re baleha naheng ea habo rōna. Re ile ra khona ho ipetetsa ka har’a se seng sa liketsoana tse neng li isa batho moo ho bolokehileng. Hang feela ha seketsoana sa ho qetela se tloha, masole a Khmer Rouge a ile a hlaha ’me a qala ho re thunya.
HO ILE ha re kokololo! ha re fihla Thailand re sireletsehile. Bohle ba ne ba thabile haese rōna feela, kaha Ntate le Malome ba ne ba nkiloe ke masole likhoeli pejana ho moo. ’Mè o ile a lula fatše ’me a lla. Empa pele ke tsoela pele ka taba ena, e-re ke u phetele lintho tse etsahetseng pele ho moo.
Bocheng ba ka ha ke sa le Mobuddha
Ke hlahetse Cambodia ka 1960 ’me lapeng re bana ba bararo. Ha ke le lilemo li robong, ’na le batsoali ba ka re ile ra etsa qeto ea hore ke lokela ho ea sebeletsa tempeleng ea Bobuddha, e leng ntho eo bashanyana ba bangata ba neng ba e etsa. Moitlami oa monna o qala letsatsi hoseng hoo e ka bang ka hora ea botšelela, ha a tloha tempeleng a ea ka ntlo le ntlo a qela lijo. Ke ne ke thatafalloa ho kōpa beng ba matlo lijo, kaha ho ne ho totobetse hore ba kojoana li mahetleng. Ka mor’a moo, rōna baitlami ba banyenyane re ne re lokisa lijo ebe re ngoathela baitlami ba hōlileng. Ha re qeta ebe ho ja rōna.
Mantsiboea ka hora ea botšelela, baitlami ba hōlileng ba ne ba rapela hammoho ka puo eo mohlomong e neng e utloisisoa ke ba ’maloa feela. Ka mor’a lilemo tse peli ke ile ka ba moitlami oa maemo a tlaase ’me ka thabela tse ling tsa litokelo tseo baitlami ba hōlileng ba neng ba li thabela. Ke ile ka boela ka lumelloa hore ke rapele le bona. Ka nako eo, ke ne ke nahana hore Bobuddha ke bona feela bolumeli bo teng lefatšeng.
Re Baleha Cambodia
Bophelo ba tempeleng bo ne bo sa nkhotsofatse ’me ke ile ka khutlela lapeng ha ke le lilemo li 14. Nakoana ka mor’a moo, ralipolotiki e mong ea bitsoang Pol Pot o ile a qala ho busa. Mokha oa hae o bitsoang Khmer Rouge o busitseng ho tloha ka 1975 ho fihlela ka 1979, o ile oa qobella batho bohle ba metseng ea litoropo hore ba ee mahaeng, e le ha o leka ho etsa Cambodia naha ea Bokomonisi. Lelapa leso le lona le ile la fallisoa. Hamorao, banna ba Pol Pot ba ile ba nka Ntate le Malome. Ha rea ka ra hlola re ba bona. Ha e le hantle, pusong ea Khmer Rouge, ho ile ha bolaoa batho ba Cambodia ba ka bang limilione tse 1,7 ’me ba bang ba bolaoa ke ho sebetsa ka thata, ho kula kapa tlala.
Maemo ana a ile a re tlama hore re le batho ba 2 000 ba boletsoeng qalong ea sehlooho sena, re kene leetong le kotsi la matsatsi a mararo re haola lithabeng ho ea moeling oa Thailand. Kaofela ha rōna re ile ra fihla moo re sireletsehile, ho akarelletsa le lesea la moshanyana le hlahetseng tseleng. Ba bangata ba rōna re ne re nkile chelete, eo re ileng ra qetella re e lahlile, kaha ka nako eo chelete ea Cambodia e ne e sa thuse hakaalo Thailand.
Bophelo Thailand
’Na le ba lelapa leso re ile ra lula le beng ka rōna Thailand, ’me ka fumana mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi. Seketsoana sa rōna se ne se atisa ho kenella metsing a Cambodia, moo ho neng ho e-na le litlhapi tse ngata le moo liketsoana tsa Khmer Rouge li neng li paterola teng. Ha re ne re ka tšoaroa, re ne re tla amohuoa seketsoana sa rōna re be re bolaoe. Ha e le hantle, re ile ra phonyoha ka sobana la nale ka makhetlo a mabeli. Empa ba bang ha baa ka ba phonyoha, ho akarelletsa le moahelani e mong oa ka ea ileng a tšoaroa ’me a khaoloa hlooho. Le hoja lefu la hae le ne le nkutloisitse bohloko, ke ile ka tsoela pele ho tšoasa litlhapi lebōpong la Cambodia—ho seng joalo ba lelapa leso ba ne ba tla shoa ke tlala.
Kaha ke ne ke amehile ka bophelo ba ka le ba lelapa leso, ke ile ka etsa qeto ea ho ea kampong ea baphaphathehi Thailand, ho ea kenya kōpo ea ho fallela naheng e ’ngoe, ’me ha ke le moo ke romele ba lelapa leso chelete. Ha ke bolella beng ka ’na sena, ba ile ba nkhanyetsa ka matla. Empa ke ne ke se ke entse qeto.
Baeti ba bang ba buang Senyesemane bao ke ileng ka kopana le bona ha ke le kampong ea baphaphathehi ba ile ba mpolella hore ke Bakreste. Ke ile ka khathala matla ha ke utloa hore ho na le bolumeli bo bong ka ntle ho Bobuddha. ’Na le motsoalle oa ka e mocha, e leng Teng Hann, re ile ra qala ho kopanela le “Bakreste” bana, ba ileng ba re bontša Bibele le ho re fa lijo. Ke ile ka qeta selemo ke lula kampong eo ’me ka kenya kōpo ea ho fallela New Zealand.
Bophelo bo Bocha New Zealand
Kōpo ea ka e ile ea atleha ka May 1979, ’me nakoana ka mor’a moo ke ile ka ea kampong ea baphaphathehi, Auckland. Motho e mong ea mosa o ile a ntefella hore ke ee motseng oa Wellington ho ea sebetsa fekthering. Ha ke le moo ke ile ka sebetsa ka thata ’me ka romela chelete lapeng joalokaha ke ne ke tšepisitse.
E le ha ke leka ho ithuta ka bolumeli ba Bokreste, ke ile ka qala ho ea likerekeng tse peli tsa Boprostanta. Leha ho le joalo, ho ne ho sa buoe hakaalo ka Bibele. Kaha ke ne ke batla ho rapela ka tsela e loketseng, motsoalle e mong oa ka o ile a nthuta seo ka tloaelo ho thoeng ke Thapelo ea Morena. (Matheu 6:9-13) Empa ha ho motho ea ileng a ntlhalosetsa hore na ha e le hantle thapelo eo e bolela’ng. Kahoo, joalokaha ke ne ke etsa ka lithapelo tsa Mabuddha, ke ile ka pheta-pheta mantsoe a eona empa ke sa utloisise hore na a bolela’ng.
Ke ba le Mathata Lenyalong
Ke ile ka nyala ka 1981. Hoo e ka bang selemo hamorao, ’na le mohats’a ka re ile ra kolobetsoa, ’me moruti a re fafatsa ka metsi phatleng. Ka nako eo, ke ne ke e-na le mesebetsi e ’meli, ntlo e ntle ke bile ke phela mabothobothong—e leng lintho tseo ke neng ke se na tsona ha ke le Cambodia. Empa ke ne ke sa thaba. Lenyalo la rōna le ne le e-na le mathata ’me ho ea kerekeng ho ne ho bonahala ho sa re thuse. Le boitšoaro ba ka bo ne bo sa thuse, kaha ke ne ke becha, ke tsuba, ke noa haholo ke bile ke matha le basali ba bang. Leha ho le joalo, letsoalo la ka le ne le nkhathatsa, ’me ho hang ke ne ke sa kholoe hore ke tla tšoaneleha ho ea leholimong, moo ke neng ke boleletsoe hore batho bohle ba lokileng ba ea teng ha ba e-shoa.
Ka 1987, ke ile ka lefella ’Mè le khaitseli ea ka hore le bona ba tle New Zealand, ’me ba ile ba lula le rōna ka nakoana. Ha ba tloha, ke ile ka tsamaea le bona, ra fallela Auckland.
Qetellong, ke Ithuta Bibele
Ha ke tloha ha motsoalle e mong oa ka, ke ile ka kopana le banna ba babeli ba neng ba ntse ba ea ka ntlo le ntlo. E mong oa bona, e leng Bill, o ile a mpotsa, a re: “U nahana hore ha u shoa, u ea hokae?” Ke ile ka re: “Leholimong.” A ntan’o mpontša ka Bibeleng hore ke batho ba 144 000 feela ba eang leholimong, moo ba tlang ho busa e le marena holim’a lefatše. Hape o ile a mpolella hore batho ba limilione ba tšabang Molimo ba tla aha lefatšeng le hore le tla fetoloa paradeise. (Tšenolo 5:9, 10; 14:1, 4; 21:3, 4) Qalong, thuto ena e ile ea nkhopisa, kaha e ne e hanyetsana le seo ke neng ke se rutiloe pejana. Empa tlaase botebong ba pelo, ke ne ke khahliloe ke kamoo banna bao ba tsebang Bibele kateng le kamoo ba neng ba khobile matšoafo kateng. Ha e le hantle, ke ile ka ikoahlaea hore ebe ke ne ke sa ba botsa hore na ke ba bolumeli bofe.
Libeke tse seng kae hamorao, ke ile ka etela motsoalle e mong oa ka, eo bana ba hae ba neng ba ithuta Bibele le banyalani ba bang, e leng Dick le Stephanie. Ba ne ba ithuta bukana e reng Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Ke ile ka qala ho e bala ’me ka fumana hore e bua lintho tse utloahalang. Ke ile ka boela ka tseba hore banyalani bao ke Lipaki Tsa Jehova. Joale ke ile ka hlokomela hore banna ba babeli bao ke neng ke sa tsoa kopana le bona e tlameha ebe le bona ke Lipaki, kaha seo ba neng ba se bua se ne se lumellana le se ka bukaneng eo.
Kaha ke ne ke batla ho tseba ka ho eketsehileng, ke ile ka memela Dick le Stephanie lapeng, moo ke ileng ka ba hloma lipotso tse ngata tsa Bibele. Ha nako e ntse e ea, Stephanie o ile a mpotsa hore na ke tseba lebitso la Molimo. Eaba o mpontša Pesaleme ea 83:18, e reng: “E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Lengolo leo le ile la nkama pelo ’me ke ile ka qala ho ithuta Bibele kamehla. Ngoanana e mong oa Molaotia ea bitsoang La eo ke neng ke lula le eena, o ile a kopanela thutong eo. Hona nakong eo, ke ile ka lefella moen’a ka le mohats’a hae hore le bona ba tle New Zealand. Ka mor’a hore ba fihle, le bona ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki.
Nakoana ka mor’a moo, ’na le La re ile ra tlameha ho khaotsa ho ithuta kaha re ile ra fallela Australia ka mosebetsi. Le hoja re ne re tsepamisitse maikutlo haholo tabeng ea ho fumana chelete, re ne re hloloheloa ho ithuta Bibele. Kahoo, bosiung bo bong re ile ra kōpa Jehova ka tieo hore a re tataisetse ho batho ba hae.
Thapelo ea Rōna ea Arabeloa
Matsatsi a seng makae hamorao, ha ke fihla lapeng ke tsoa mabenkeleng ke ile ka fumana Lipaki tse peli li le ha ka. Ke ile ka leboha Jehova ka pelong, ’me ’na le La re ile ra tsosolosa thuto ea rōna. Re ile ra boela ra qala ho ea libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso ea sebakeng seo. Leha ho le joalo, ka potlako ke ile ka hlokomela hore haeba ke batla ho khahlisa Molimo, ke lokela ho etsa liphetoho tse ngata bophelong. Kahoo, ke ile ka khaotsa ho etsa lintho tse mpe tseo ke neng ke tloaetse ho li etsa ’me ka kuta moriri o molelele. Metsoalle ea ka ea pele e ne e ntšoma, empa ke ne ke khona ho laola khalefo. Ke ne ke boetse ke lokela ho lokisa litaba tsa ka tsa lenyalo, kaha ’na le La re ne re sa nyalana, ’me ke sa hlalana le mosali oa ka ka molao. Kahoo ka 1990, ’na le La re ile ra khutlela New Zealand.
Hang feela ha re fihla, re ile ra letsetsa Dick le Stephanie. Stephanie o ile a khotsa, a re: “Sam, re ne re nahana hore ha re sa tla hlola re le bona!” Re ile ra boela ra ithuta Bibele le bona, ’me hang ha ke fumana lengolo la tlhalo, ’na le La re ile ra nyalana ’me ra ba le letsoalo le letle ka pel’a Molimo. Re ile ra lula New Zealand, moo re ileng ra kolobetsoa teng ho tšoantšetsa boinehelo ba rōna ho Molimo. Kaha ke ne ke chesehela ho bolella ba bang seo ke ithutileng sona, ke bile le tokelo ea ho ithuta Bibele le batho ba bangata ba tsoang Cambodia le Thailand ba lulang Auckland le libakeng tse ling tse haufi.
Re Khutlela Australia
Ka May 1996, ’na le La re ile ra khutlela Australia ’me ra lula motseng oa Cairns, o ka leboea ho Queensland. Motseng ona, ke abetsoe ho hokahanya mosebetsi oa boboleli har’a batho ba buang Secambodia, Selaotia le Sethai.
Ha ke na mantsoe ao nka lebohang Jehova ka ’ona ka lintho tseo a ntlhohonolofalitseng ka tsona, tse akarelletsang mosali oa ka ea babatsehang le bara ba rōna ba bararo—e leng Daniel, Michael le Benjamin. Ke boetse ke leboha haholo hore ebe ’Mè, khaitseli ea ka, moen’a ka, mohoehali oa ka le motsoalle oa ka eo re kopaneng kampong ea Thailand, e leng Teng Hann, le bona ba amohetse ’nete ea Bibele. ’Na le ba lelapa leso re ntse re llela ho shoeloa ke Ntate le Malome, empa ha rea sareloa ho feta tekano. Rea tseba hore tsohong ea bafu, Molimo o tla etsolla ka ho feletseng ho hloka toka ho bileng teng nakong e fetileng, hoo lintho tse joalo ‘li ke keng tsa hopoloa kapa tsa fihla ka pelong.’—Esaia 65:17; Liketso 24:15.
Lilemong tse seng kae tse fetileng ha ke le kopanong ea Lipaki Tsa Jehova ke ile ka tšoantša motho e mong. E ne e le Bill, ea neng a buisane le ’na lilemong tse ngata tse fetileng. Ke ile ka mo botsa, ka re: “Na u sa nkhopola?”
O ile a re: “E, ke sa u hopola! Re ne re kopane New Zealand khale koana ’me ka u bolella hore ke batho ba 144 000 feela ba eang leholimong.” Bill o ne a ntse a nkhopola ka mor’a lilemo tseo tse ngata. Re ile ra hakana ’me ra bua ka lintho tsa nakong e fetileng, re se re le bara ba motho.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]
Background: AFP/Getty Images