Leeto la Ka le Lelelele la ho Tloha Pakeng Tsa Lefu le Bophelo Cambodia
JOALOKAHA HO BOLETSE WATHANA MEAS
E NE e le ka 1974, ’me ke ne ke loantša mokha oa Khmer Rouge, Cambodia. Ke ne ke le molaoli lebothong la Cambodia. Ntoeng e ’ngoe re ile ra hapa lesole la Khmer Rouge. Seo le ileng la mpolella sona ka seo Pol Pot a rerang ho se etsa nakong e tlang se ile sa fetola bophelo ba ka ’me ka qala leeto le lelelele, ka tsela ea sebele le ka tsela ea moea.a
Empa ak’u ntumelle ke u ise qalong ea leeto la ka le lelelele. Ke hlahile ka 1945, ke hlahela Phnom Penh, moo ho tsejoang e le Kampuchea (Cambodia) ka puo ea Sekhmer. Hamorao ’Mè o ile a sebetsa mosebetsi oa bohlokoa sepoleseng sa mafokisi. E ne e le lefokisi le khethehileng la Morena Norodom Sihanouk, eo e neng e le ’musi oa naha. Kaha ke ne ke setse le eena feela ’me o ne a e-na le kemiso e phathahaneng, o ile a ikutloa a tlameha ho nkisa tempeleng ea Bobuddha bakeng sa ho fumana thuto.
Phihlelo ea ka ea Bobuddha
Ke ne ke le lilemo li robeli ha ke ne ke qala ho lula le moitlami ea ka sehloohong Bobuddheng. Ho tloha ka nako eo ho fihlela ka 1969, ke ne ke qeta nako ea ka ke le tempeleng kapa hae. Moitlami eo ke neng ke mo sebeletsa e ne e le Chuon Nat, Mobuddha ea phahameng ka ho fetisisa Cambodia ea neng a e-na le matla a bolaoli nakong eo. Ka nakoana, ke ile ka sebeletsa ke le mongoli oa hae ’me ke mo thusa ho fetolela buka e halalelang ea Bobuddha e bitsoang “Libaskete Tse Tharo” (Tipitaka, kapa Tripitaka ka Sesanskrite) ho tloha puong ea Seindia sa khale ho e ngola ka Secambodia.
Ke ile ka behoa moitlami ka 1964 ’me ka sebeletsa ke le eena ho fihlela ka 1969. Nakong eo ho ne ho e-na le lipotso tse ngata tse ntšoenyang, tse kang ea hore, Ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a mangata hakaale lefatšeng le hore na a qalile joang? Ke ile ka bona batho ba leka ho khahlisa melimo ea bona ka litsela tse ngata, empa ba sa tsebe hore na melimo ea bona e ka rarolla mathata a bona joang. Ke ile ka sitoa ho fumana likarabo tse khotsofatsang mangolong a Bobuddha, ’me baitlami ba bang le bona ba ile ba hlōleha. Ke ile ka felloa ke tumelo hoo ke ileng ka etsa qeto ea ho itokolla tempeleng, ’me ka khaotsa ho ba moitlami.
Qetellong, ka 1971, ke ile ka kenella lebothong la Cambodia. Hoo e ka bang ka 1971 ke ile ka romeloa Vietnam, ’me ka lebaka la ho ruteha ha ka, ke ile ka behoa boemong ba ho ba motlatsi oa molefothenente ’me ka abeloa ho kena mabothong a fumaneng koetliso e khethehileng. Re ne re loantša mabotho a Bokomonisi a Khmer Rouge le a Vietcong.
Ntoa le Liphetoho Tse Etsahetseng Cambodia
Ke ile ka ba lesole le thatafetseng pelo. Ke ile ka tloaela ho bona batho ba shoa hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng. Ka bonna ke bile lintoeng tse 157. Ka lekhetlo le leng, re ile ra qeta nako e fetang khoeli re pota-potiloe ke Khmer Rouge moferong o teteaneng. Banna ba fetang 700 ba ile ba shoa. Re ile ra sala re le baphonyohi ba ka bang 15—’me ke ne ke le e mong oa bona, ke bile ke tsoile likotsi. Empa ke ile ka tsoa ke phela.
Ntoeng e ’ngoe, ka 1974, re ile ra hapa lesole le leng la Khmer Rouge. Ha ke ntse ke le hloma lipotso, le ile la mpolella hore Pol Pot o rerile ho felisa bahlanka bohle ba ’muso oa pele, ho akarelletsa le ba lebothong. Le ile la mpolella hore ke lahle ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me ke balehe. Le ile la re: “Lula u itheha lebitso lesele. U se ke ua lumella motho leha e le ofe hore a tsebe hore na u mang. U etse eka ha u tsebe letho ’me ha ua ruteha. U se ke ua bolella motho leha e le ofe ka bophelo ba hao ba nakong e fetileng.” Ka mor’a hore ke le lokolle hore le boele hae, temoso eo e ile ea sala e luma ka kelellong ea ka.
Rōna masole re ne re boleletsoe hore re loanela naha ea habo rōna, empa re ne re bolaea batho ba Cambodia. Khmer Rouge, e leng mokha oa Bokomonisi o neng o batla ho nka puso, e ne e le oa batho ba habo rōna. Ha e le hantle, ho baahi ba Cambodia ba limilione tse robong ba bangata ba bona ke Bakhmer, le hoja ba bangata ba bona e se ba mokha oa Khmer Rouge. Hoo ho ne ho sa utloahale ho ’na. Re ne re bolaea lihoai tse se nang molato tse bileng li se nang lithunya ’me li bile li se na taba le ntoa.
Kamehla ho khutla ntoeng e ne e e-ba phihlelo e sithabetsang. Basali le bana ba ne ba ema moo, ba lebeletse ka cheseho ho bona hore na monna kapa ntate o khutlile. Ke ne ke tlameha ho bolella ba bangata ba bona hore setho sa lelapa la bona se bolailoe. Ho sena sohle, kutloisiso ea ka ea Bobuddha ha ea ka ea mpha matšeliso a letho.
Hona joale, ke hopola kamoo lintho li ileng tsa fetoha kateng Cambodia. Pele ho 1970, ho ne ho batla ho e-na le khotso le tšireletseho. Batho ba bangata ba ne ba se na lithunya; hoo ho ne ho se molaong ntle leha u e-na le lengolo. Bosholu ba likhoka, kapa bosholu feela bo ne bo sa ata. Empa ka mor’a ho qhoma ha ntoa ea lehae e ileng ea bakoa ke phetohelo ea Pol Pot le mabotho a hae, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea fetoha. Lithunya li ile tsa tlala hohle. Esita le bacha ba lilemo li 12 le 13 ba ile ba koetlisetsoa tšebeletso ea sesole, ba ithuta ho thunya le ho bolaea. Balateli ba Pol Pot ba ile ba susumelletsa bana ba bang ho bolaea batsoali ba bona. Masole a ne a ee a bolelle bana, “Haeba le rata naha ea habo lōna, le tlameha ho hloea lira tsa lōna. Haeba batsoali ba lōna ba sebeletsa ’muso, ke lira tsa rōna ’me le tlameha ho ba bolaea—kapa ho bolaoe lōna.”
Pol Pot o Hleka ba sa Batleheng
Ka 1975, Pol Pot o ile a hlōla ntoa ’me Cambodia ea fetoha naha ea Bokomonisi. Pol Pot o ile a qala ho hleka bohle ba sa batleheng, liithuti, matichere, bahlanka ba ’muso le motho e mong le e mong ea rutehileng. Haeba u ne u roala likhalase tsa mahlo, u ne u ka ’na ua bolaoa hobane ho nkoa hore u rutehile! Puso ea Pol Pot e ile ea qobella batho ba bangata ho falla metseng e meholo le litoropong ho fallela libakeng tsa mahae hore e e’o ba lihoai. Batho bohle ba ne ba tlameha ho apara ka mokhoa o tšoanang. Re ne re tlameha ho sebetsa lihora tse 15 ka letsatsi, re se na lijo tse lekaneng, meriana, liaparo, ’me re robala lihora tse peli kapa tse tharo feela. Ke ile ka etsa qeto ea hore ke tlohe naheng ea heso pele e e-ba morao haholo.
Ke ile ka hopola keletso ea lesole lela la Khmer Rouge. Ke ile ka lahla lifoto le lipampiri tsohle le ntho leha e le efe e neng e ka ntšenola. Ke ile ka cheka mokoti ’me ka tsetela tse ling tsa litokomane tsa ka. Eaba ke tsamaea ke lebile bophirimela ho leba Thailand. Ho ne ho le kotsi. Ke ne ke tlameha ho qoba litsela tse koetsoeng ’me ke be hlokolosi ka ho khetheha lihoreng tseo ho thibetsoeng batho ho tsamaea ka tsona, kaha ke masole a Khmer Rouge feela a neng a lumeletsoe ho tsamaea, ka tumello ea ’muso.
Ke ile ka ea sebakeng se seng ’me ka lula le motsoalle moo nakoana. Joale lebotho la Khmer Rouge le ile la tlosa motho e mong le e mong sebakeng seo ho ea sebakeng se secha. Le ile la qala ho bolaea matichere le lingaka. Ke ile ka phonyoha le metsoalle ea ka e meraro. Re ile ra ipata moferong ’me re ne re ja tholoana leha e le efe eo re neng re ka e fumana moo lifateng. Hamorao, ke ile ka fihla motsaneng o monyenyane profinseng ea Battambang, oo motsoalle e mong oa ka a neng a lula ho oona. Ho ileng ha ’makatsa ke hore ke ile ka boela ka fumana lesole lela la ho ntoma tsebe hore na ke etse joang hore ke phonyohe! Kaha ke ne ke ile ka le lokolla, le ile la mpata mokoting ka likhoeli tse tharo. Le ne le laela ngoana hore a nkakhelle lijo empa a se ke a nyarela ka mokoting.
Ka mor’a nako e itseng, ke ile ka khona ho phonyoha, ’me ka fumana ’Mè, ’Mangoane le khaitseli ea ka, bao le bona ba neng ba phaphatheha ba lebile moeling oa Thai. Eo e bile nako e bohloko ho ’na. ’Mè o ne a kula, ’me qetellong o ile a shoa ka lebaka la ho kula le ho haella ha lijo kampong ea baphaphathehi. Leha ho le joalo, ke ile ka qala ho ba le lehlaselinyana la tšepo bophelong. Ke ile ka kopana le Sopheap Um, eo e bileng mosali oa ka. Re ile ra baleha hammoho le ’Mangoane le khaitseli ea ka, ra tšela moeli oa Thai ’me ra kena kampong ea baphaphathehi ea Machaba a Kopaneng. Lelapa leso le ile la lahleheloa habohloko ntoeng ea lehae ea Cambodia. Re ile ra shoeloa ke litho tse 18 tsa lelapa, ho akarelletsa moen’a ka le ngoetsi eso.
Bophelo bo Bocha United States
Ho ile ha hlahlojoa boemo ba rōna ba moo re tsoang teng kampong ea baphaphathehi, ’me Machaba a Kopaneng a leka ho re fumanela tšehetso ea lichelete e le hore re khone ho ea United States. Qetellong, a ile a atleha! Ka 1980, re ile ra fihla St. Paul, Minnesota. Ke ile ka hlokomela hore ke tlameha ho ithuta Senyesemane kapele kamoo nka khonang kateng haeba ke ne ke tla atleha naheng ea ka e ncha. Motho ea neng a mphile tšehetso ea lichelete o ile a nkisa sekolong ka likhoelinyana tse seng kae feela, le hoja ke ne ke lokela ho ithuta nakoana e teletsana. Ho e-na le hoo, o ile a mphumanela mosebetsi oa ho hloekisa hoteleng. Empa ka lebaka la Senyesemane sa ka se sa qaqang, ke ne ke etsa liphoso tse tšehisang. Mong’a hotele o ne a ee a nkōpe ho tla le leri, ’me ’na ke tle le moqomo oa lithōle!
Ketelo e Tšosang
Ka 1984, ke ne ke sebetsa chifing ea bosiu ’me ke robala motšehare. Re ne re phela tikolohong eo ho eona ho neng ho e-na le tsitsipano e khōlō pakeng tsa batho ba Asia le batho ba batšo. Tlōlo ea molao le lithethefatsi li ne li atile. Hoseng ho hong, mosali oa ka o ile a ntsosa ka hora ea leshome a mpolella hore ho na le monna oa motho e motšo ea emeng monyako. O ne a tšohile hobane o ne a nahana hore o tletse ho tla re utsoetsa. Ke ile ka nyarela ka lesobana la monyako, ’me ho ne ho eme monna oa motho e motšo ea apereng hantle a bile a nkile mokotlana oa libuka, ’me a tsamaea le monna oa motho e mosoeu. Ke ile ka bona ho se letho le phoso ka bona.
Ke ile ka mo botsa hore na o rekisa eng. O ile a mpontša likopi tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ke ne ke sa utloisise letho. Ke ile ka leka ho li hana hobane likhoelinyaneng tse seng kae tse fetileng, ke ne ke ile ka qhekelloa hore ke lefelle libuka tse hlano tsa morekisi oa Prostanta $165 (R330). Leha ho le joalo, monna oa motho e motšo o ile a mpontša litšoantšo tse ka limakasineng tseo. Litšoantšo li ne li rateha ebile li khahlisa haholo! ’Me monna eo o ne a bososela hantle ka botsoalle. Kahoo, ke ile ka ntša monehelo oa $1 (R2) ’me ka li nka.
Libeke tse peli hamorao, o ile a khutla ’me a mpotsa hore na ke na le Bibele ea Secambodia. Ha e le hantle, ke ne ke e-na le e ’ngoe eo ke neng ke e fumane kerekeng ea Nazaretha, le hoja ke ne ke sa e utloisise. Empa ke ne ke khahloa ke hore banna ba babeli ba merabe e fapaneng ba tlile ha ka. Joale o ile a mpotsa, “Na u batla ho ithuta Senyesemane?” Ho hlakile hore ke ne ke batla ho ithuta, empa ke ile ka mo hlalosetsa hore ha ke na chelete ea ho lefella ho ithuta sona. O ile a mpolella hore o tla nthuta sona kantle ho tefiso, a sebelisa likhatiso tse thehiloeng Bibeleng. Le hoja ke ne ke sa tsebe hore na o buella bolumeli bofe, ke ile ka ipolella hore, ‘Bonyane ha ke na ho lefa, ’me ke tla ithuta ho bala le ho ngola Senyesemane.’
Ho Ithuta Senyesemane le Bibele
E bile thuto e tsamaeang butle. O ne a ee a mpontše buka ea pele ea Bibele, Genese, ebe ke e bolela ka Secambodia, “Lo ca bat.” O ne a ee a re, “Bibele,” ’me ’na ke re, “Compee.” Ke ile ka qala ho etsa tsoelo-pele, ’me ka khothala. Ke ne ke atisa ho nka buka ea ka e hlalosang mantsoe a Senyesemane ka Secambodia, makasine ea Molula-Qhooa, Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha le Bibele ea ka ea Secambodia ha ke e-ea mosebetsing. Nakong ea ka ea khefu, ke ne ke bala ’me ke ithuta Senyesemane, lentsoe ka lentsoe, ka ho bapisa likhatiso tseo. Mokhoa ona o tsamaeang butle, hammoho le thuto ea beke le beke, li ile tsa nka lilemo tse fetang tse tharo. Empa, qetellong, ke ne ke khona ho bala Senyesemane!
Mosali oa ka o ne a ntse a ea tempeleng ea Bobuddha ’me a fa balimo lijo. Ha e le hantle, ho ne ho itjella lintsintsi feela! Ke ne ke e-na le litloaelo tse ngata tse mpe tse neng li metse ka metso tse neng li qalile nakong ea ha ke le lebothong le ha ke le Bobuddheng. Ha ke ne ke le moitlami, batho ba ne ba atisa ho tlisa linyehelo, ho akarelletsa le lisakerete. Ba ne ba lumela hore haeba moitlami a tsuba lisakerete, ho ne ho tšoana le ha balimo ba bona ba li tsuba. Kahoo, ke ile ka ba lekhoba la bokoali. Hape ha ke le lebothong ke ne ke noa haholo ’me ke tsuba matekoane hore ke be sebete ntoeng. Ka hona, ha ke qala ho ithuta Bibele, ke ile ka tlameha ho etsa liphetoho tse khōlō. Ke nakong eo ke ileng ka hlokomela hore thapelo ke thuso e khōlō. Ka mor’a likhoelinyana tse seng kae, ke ile ka hlōla litloaelo tsa ka tse mpe. Seo e bile se thabisang hakaakang ho ba lelapa la ka!
Ka 1989 ke ile ka kolobetsoa ho ba e mong oa Lipaki, Minnesota. Hona nakong eo ke ile ka tseba hore ho na le sehlopha sa Lipaki tse buang Secambodia le hore ho boetse ho na le batho ba bangata ba buang Secambodia Long Beach, California. Ka mor’a ho tšohla taba le mosali oa ka, re ile ra etsa qeto ea ho fallela Long Beach. E bile phetoho e ileng ea etsa phapang e khōlō! Ho ile ha kolobetsoa khaitseli ea ka pele, ha latela ’Mangoane (eo hona joale a leng lilemo li 85) le mosali oa ka. Bana ba ka ba bararo ba ile ba latela. Hamorao, khaitseli ea ka e ile ea nyaloa ke Paki e ’ngoe, eo hona joale e sebeletsang e le moholo ka phuthehong.
Mona United States, re fetile tlas’a liteko tse ngata. Re bile le mathata a mangata a lichelete le a bophelo, empa ka ho khomarela melao-motheong ea Bibele re bolokile tšepo ea rōna ho Jehova. O hlohonolofalitse boiteko ba ka tšimong ea moea. Ka 1992, ke ile ka khetheloa ho sebeletsa ke le mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong, ’me ka 1995, ka ba moholo hona mona Long Beach.
Hona joale, leeto le lelelele le qalileng ha ke ne ke le moitlami Bobuddheng ’me hamorao ke e-ba molaoli mabaleng a ntoa a Cambodia e neng e harasantsoe ke ntoa le qeteletse ka khotso le thabo lehaeng la rōna le lecha le naheng ea habo rōna e ncha. Re na le tumelo eo re sa tsoa e fumana ho Jehova Molimo le ho Kreste Jesu. Ho nkutloisa bohloko ho tseba hore batho ba ntse ba bolaeana Cambodia. Sena sohle se susumelletsa ’na le lelapa la ka ho letela le ho phatlalatsa lefatše le lecha, leo ho lona lintoa tsohle li tlang ho fela ’me batho bohle ba rate baahisani ba bona ka sebele joalokaha ba ithata!—Esaia 2:2-4; Matheu 22:37-39; Tšenolo 21:1-4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka nako eo, Pol Pot e ne e le moeta-pele oa mokha oa Bokomonisi oa Khmer Rouge, o neng o hapile ntoeng ’me e le oona o busang Cambodia.
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 12]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LAOS
VIETNAM
THAILAND
CAMBODIA
Battambang
Phnom Penh
Nakong ea ha ke le moitlami Bobuddheng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
’Na le lelapa la ka, Holong ea ’Muso