Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/09 maq. 12-15
  • Ke Tšepahetse ho Molimo ka Lilemo Tse Fetang 70

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Tšepahetse ho Molimo ka Lilemo Tse Fetang 70
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Bua le ba Bang ka Tumelo ea Ka
  • Ntoa e re Tlisetsa Liteko
  • Tumelo ea Rōna e Lekoa Hape
  • Ho Bolela ka Tokoloho ea ’Nete
  • Li Boetse Lia Thibeloa
  • Bophelo ba Ka e Bile bo Hlollang!
  • Pula-maliboho ea Sebete
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
  • Na hoa Khoneha ho Tšepahala Lefatšeng le Tletseng Bobolu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ho Batla ha Bona Bolumeli bo Nepahetseng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lentsoe la Molimo le Etsa “Mehlolo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 9/09 maq. 12-15

Ke Tšepahetse ho Molimo ka Lilemo Tse Fetang 70

Joalokaha ho boletse Josephine Elias

Monna oa ka o ile a hoeshetsa a le ka mor’a litšepe tsa teronko, a re: “U se ke ua tšoenyeha. Ebang baa mpolaea kapa baa ntokolla, ke tla lula ke tšepahala ho Jehova.” Le ’na ke ne ke ikemiselitse ho lula ke tšepahala. Le kajeno ke ntse ke ikutloa ka tsela e tšoanang.

KE HLAHILE ka 1916, ’me ke hlahetse motsaneng oa Sukabumi, o lihlabeng tsa Java Bophirimela, Indonesia. Batsoali ba ka e ne e le Machaena a hafang ka nkatana, ba lula ntlong e khōlō ba bile ba e-na le basebeletsi. Ke ne ke e-na le likhaitseli tse hlano, bo-abuti ba bararo le ba babeli ba hlahlamang. E ne e le ’na ngoanana feela, ’me ke ne ke phela joaloka bashanyana. Ke ne ke hloella ka holim’a matlo ’me ke rata lipapali tsa bashanyana. Leha ho le joalo, ho na le taba e neng e ntšoenya haholo.

Ke ne ke tšaba hore ke tla chesoa liheleng. Matichere a ka a ne a re banana ba setoutu ba tla ea liheleng. Kaha ke ne ke le setoutu, ke ne ke nahana hore ke tla qetella ke ile liheleng. Hamorao, ha ke le sekolong se phahameng Jakarta (eo ka nako eo e neng e bitsoa Batavia), ke ile ka kula. Ngaka e ne e nahana hore ke tlil’o shoa, kahoo mosali eo ke neng ke hirile ha hae o ile a leka ho ntšelisa ka ho re haufinyane ke tla be ke le leholimong. Leha ho le joalo, ke ne ke tšaba hore ’na ke tla ea liheleng.

’Mè oa ka, e leng Kang Nio le abuti oa ka Dodo, khaitseli ea ka e khōlō ba ile ba potlakela Jakarta ho ea ntata. Ha re le tseleng re ea lapeng, Dodo o ile a mpotsa, a re, “Na ua tseba hore Bibele ha e rute hore ho na le mollo oa lihele?”

Ke ile ka mo botsa, ka re: “U tsebella kae?” ’Mè o ile a bala litemana tsa Bibele tse bontšang hore bafu ha ba tsebe letho ’me ba emetse tsoho. (Moeklesia 9:5, 10; Johanne 5:28, 29) Ba ile ba hlalosa, ba re: “Re ithutile lintho tsena ho Lipaki Tsa Jehova.” Ba ile ba mpha bukana e nang le sehlooho se reng, Where Are the Dead? eo ke ileng ka qala ho e bala hang-hang.a Pele re fihla lapeng, ke ile ka re, “Taba ena ke ’nete!”

Ke Bua le ba Bang ka Tumelo ea Ka

Joale lelapa leso le ne le se le falletse Bandung, e leng motse o moholo o Java Bophirimela. Ha re le moo, butle-butle ke ile ka hlaphoheloa. Ka March 1937, re ile ra eteloa ke Clem Deschamp, e leng Paki ea Moaustralia e neng e sebeletsa Jakarta. Nakong eo a re etetseng, ’na le ’Mè le bo-abuti ba ka, e leng Felix, Dodo le Peng, re ile ra kolobetsoa e le ho bontša hore re inehetse ho Molimo. Hamorao, baena ba ka, e leng Hartanto le Jusak le Ntate, e leng Tan Gim Hok, le bona e ile ea e-ba Lipaki.b

Ka mor’a hore re kolobetsoe, re ile ra kopanela phutuhong e khethehileng ea ho bolela ka matsatsi a robong re tsamaea le Clem. O ile a re bontša kamoo re ka sebelisang karete ea bopaki e neng e e-na le molaetsa oa Bibele ka lipuo tse tharo. Re ne re boetse re pakela metsoalle le beng ka rōna ka tsela e sa reroang. Nakoana ka mor’a moo, sehlopha sa rōna se senyenyane sa Bandung se ile sa fetoha phutheho, eo e neng e le eona ea bobeli Indonesia.

Hamorao selemong seo, lelapa leso le ile la fallela Jakarta ho ea bolela litaba tse molemo ho baahi ba teng ba 80 000 ba Machaena. ’Na le ’Mè le Felix, re ile ra kenela tšebeletso ea nako e tletseng ea Bokreste re le bo-pula-maliboho. Ke ile ka boela ka bolela litaba tse molemo Bandung, Surabaya le libakeng tse ling. Hangata ke ne ke tsamaea ke le mong. Ke ne ke le mocha, ke le matla ’me ke thabela ho sebeletsa Molimo. Leha ho le joalo, ho ne ho foka moea oa ntoa, ’me haufinyane tumelo ea ka e ne e tla lekoa.

Ntoa e re Tlisetsa Liteko

Ka December 1941, Asia e ile ea ikakhela morusung oa Ntoa ea II ea Lefatše. Lebotho la Japane la Moemphera le ile la hapa Indonesia ’me la busa batho ka thata. Lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele li ne li thibetsoe, ’me re sa khone ho bolela litaba tse molemo phatlalatsa. Ha ke ne ke etela malapeng a batho ba thahasellang ke ne ke tsamaea ke nkile boto ea chese e le hore ba bang ba nahane hore ke mpa ke ipapalla chese.

Ka 1943, ke ile ka nyalana le André, eo e neng e le pula-maliboho ea sebete, ea nang le lentsoe le matla le neng le susumetsa batho hore ba mo mamele. ’Na le eena re ne re isetsa Lipaki tse motseng oa Java lingoliloeng tsa Bibele ka sekhukhu. Haeba re ne re ka tšoaroa, re ne re tla hlokofatsoa ’me re bolaoe. Ka makhetlo a mangata, re ile ra pholoha ka soba la nale.

Ka le leng ha re ne re palama terene Sukabumi, ’na le André re ile ra kopana le mapolesa a sesole a Japane a neng a tšajoa, a bitsoang Makempeitai. Ke ne ke tšetse lingoliloeng tse thibetsoeng ka tlaase-tlaase ka mokotleng oa ka. Lepolesa le leng le ile la mpotsa, la re: “U tšetse’ng ka mokotleng ka moo?”

André o ile a araba, a re: “Re tšetse liphahlo.”

Eaba lea botsa le re: “Ka tlas’a liphahlo teng?”

André a araba, a re: “Ke liphahlo tse ling.”

Lepolesa leo la botsa hape, la re: “Ka tlaase-tlaase ho mokotla teng?” Ke ile ka thola-thola eaba ke rapela Jehova ka pelong. Eaba André o re: “Ho ka ba molemo hore u ichebele.”

Mothusi oa lepolesa leo o ile a kenya letsoho tlaase ka mokotleng. Eaba o le ntša ka potlako a hoelelitse. O ne a hlabiloe ke phini. Lepolesa leo le neng le hlabiloe ke lihlong, le ile la re laela ka potlako hore re koale mokotla ’me re kene tereneng.

Ka lekhetlo le leng ha ke ne ke ea Sukabumi, Makempeitai a ile a hlokomela hore ke Paki eaba a ntaela hore ke ee ntlo-khōlō ea ’ona e sebakeng seo. André le abuti oa ka, Felix ba ile ba tsamaea le ’na. Ha re le moo, a ile a qala ka ho hloma Andre lipotso. A ile a mo homela ka lipotso joaloka linotši. “Lipaki Tsa Jehova ke bo-mang? Na le khahlanong le ’muso oa Japane? Na le lihloela?”

André o ile a re: “Re bahlanka ba Molimo ea Matla ’Ohle ’me ha ho phoso eo re e entseng.” Molaoli oa sesole o ile a hula sabole leboteng eaba oa e tsoka.

O ile a nkharumela, a re: “Eseng ke hle ke u bolaee hona tjee?” André o ile a beha hlooho deskeng eaba o rapella ka pelong. Ka mor’a ho thola nako e telele, mapolesa ao a ile a tšeha haholo. Ofisiri e ’ngoe e ile ea re: “U sebete he!” Eaba e re André a tsamaee ’me ea re ’na le Felix re kene. Ha bopaki ba rōna bo lumellana le ba André, ofisiri eo e ile ea hoeletsa, ea re: “Ha le lihloela. Tlohang mona!”

Boraro ba rōna re ile ra ea hae re thabile, re rorisa Jehova. Re ne re sa tsebe hore hang ka mor’a moo re tla thulana le mathata a boima ho feta ao.

Tumelo ea Rōna e Lekoa Hape

Likhoeli tse seng kae hamorao, André o ile a qosoa ke ‘barab’abo ba bohata’ eaba o kenngoa teronkong ke Makempeitai. (2 Bakorinthe 11:26) Ke ile ka mo etela teronkong. O ne a otile a bile a fokola. O ne a phela ka ho thonaka makumane a lijo tse fetang forong ea litšila. Balebeli ba batšoaruoa ba ne ba sa atleha ho etsa hore a koenehele tumelo. Joalokaha ho boletsoe qalong, o ile a hoeshetsa a le ka mor’a litšepe tsa teronko, a re: “U se ke ua tšoenyeha. Ebang baa mpolaea kapa baa ntokolla, ke tla lula ke tšepahala ho Jehova. Ba tla ’ntša mona ke le setopo, empa eseng ke le lehlabaphio.”

Ka mor’a hore André a qete likhoeli tse tšeletseng a le teronkong, o ile a hlaha ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Jakarta. Metsoalle le beng ka rōna ba ne ba tletse ka khotla. Bohle ba ne ba tsitsipane.

Moahloli o ile a mo botsa, a re: “Ke hobane’ng ha u sa kene lebothong la Japane?”

André o ile a araba, a re: “’Na ke lesole la ’Muso oa Molimo, ’me lesole le ke ke la sebeletsa mabothong a mabeli ka nako e le ’ngoe.”

Eaba moahloli oa botsa: “Na u ka bolella batho ba bang hore ba se ke ba kena lebothong?”

André o ile a re: “Che, ke bona ba lokelang ho iketsetsa qeto.”

André o ile a tsoela pele ho itšireletsa, a qotsa mangolo a mangata a Bibele. Moahloli eo, eo e neng e le Momosleme ea chesehang o ile a khahloa ke André. Eaba o re: “Re ka ’na ra fapana ka litumelo, empa nke ke ka qobella motho hore a se ke a mamela letsoalo la hae. Kea u lokolla.”

Metsoalle le beng ka rōna ba neng ba le ka khotla ba ile ba thaba ’me le ’na ka thaba haholo. André o ile a tla ho ’na eaba o ntšoara ka letsoho. Metsoalle le beng ka rōna ba ile ba re bokanela, ’me ba re lebohela ba thabile.

Ho Bolela ka Tokoloho ea ’Nete

Ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e lale, batho ba Indonesia ba ile ba qeta lilemo tse ’nè ba loantša puso ea bokolone ea Madache,. Batho ba likete ba ile ba bolaoa, ’me baahi bohle ba baleha metseng. Baitseki ba ile ba leka ho re qobella hore re etse mohoo oa bona oa ntoa, re re “Merdeka,” e bolelang “Tokoloho.” Empa re ile ra ba bolella hore ha re nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki.

Ho sa tsotellehe lintho tse mabifi tse neng li etsahala, re ile ra boela ra qala ho bolela ka ntlo le ntlo. Re ile ra sebelisa likarete tsa rōna tsa bopaki tsa khale le lingoliloeng tseo re neng re li bolokile pele ho ntoa. Ka May 1948, ha liketso tsena tse mabifi li kokobela, ’na le André re ile ra qala ho bula maliboho hape, e le rōna feela bo-pula-maliboho naheng ea Indonesia. Lilemo tse tharo hamorao, re ile ra thabela ho amohela Lipaki tse 14, Jakarta, tse neng li tsoa Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se karolong e ka leboea ea New York, United States. Koetliso eo li ileng tsa re fa eona, e ile ea re hlomella hore re phethe boikarabelo bo eketsehileng.

Ka June 1952, ’na le André re ile ra amohela kabelo ea ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng Semarang, e bohareng ba Java. Selemong se latelang, le rōna re ile ra ba sehlopheng sa bo22 sa Gileade. Ka mor’a ho fumana mangolo, re ile ra khutlela Indonesia ’me ra abeloa ho ea Kupang, Timor. Hamorao, re ile ra boela ra abeloa ho ea Sulawesi Boroa le Sulawesi Leboea. Ha re le moo re ile ra tobana le liteko tse ling tsa tumelo.

Li Boetse Lia Thibeloa

Ka 1965, boiteko ba ho phethola ’muso bo ile ba fella ka hore ho shoe batho ba likete tse makholo. Baruti ba bang ba Bokreste-mōtoana ba ile ba nka lehlakore ’me ba bolela hore Lipaki Tsa Jehova ke Makomonisi. Ka lehlohonolo, ba boholong ha baa ka ba lumela seo. Leha ho le joalo, baruti ha baa ka ba tela tlhaselong ea bona ea ho etselletsa Lipaki. Qetellong, ka la 25 December, 1976, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thibeloa.

Nakoana ka mor’a hore ho phatlalatsoe thibelo, ramolao oa setereke oa Manado o ile a bitsetsa André ofising ea hae. O ile a mo botsa, a re: “Na ua tseba hore Lipaki Tsa Jehova li thibetsoe?”

André o ile a araba, a re: “E.”

Ofisiri eo e ile ea mo botsa: “Na joale u ikemiselitse ho fetola bolumeli ba hao?”

André o ile a elella pele eaba o ikotla sefuba ka matla. O ile a buela holimo, a re: “Pelo ea ka eona u ka e ntša, empa u ke ke ua nqobella hore ke fetole bolumeli ba ka.”

A hloletsoe, ramolao eo o ile a mo botsa, a re: “Joale ke ngole’ng tlalehong ee ea ka?”

André o ile a re: “Ngola hore ke ntse ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova ’me ha ho phoso eo ke e entseng.”

Eaba ramolao eo o re, “Ke tlameha ho u amoha lingoliloeng tsohle tsa hao.”

Bosiung boo, bacha ba Lipaki ba ile ba tlosa lingoliloeng ntlong ea rōna, ba siea mabokose a se nang letho feela. Re ile ra tsoela pele ho bolela litaba tse molemo, re sebelisa Bibele feela. Ha e le ramolao oa setereke eena, ha aa ka a hlola a sa re khathatsa.

Bophelo ba Ka e Bile bo Hlollang!

Hamorao, ’na le André re ile ra bula maliboho Surabaya, sehlekehlekeng sa Java le sehlekehlekeng sa Bangka, se ho elella ka boroa-bochabela ho Sumatra. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho kula, ka 1982 re ile ra tlameha ho khutlela Jakarta. Ha re le moo, ka 2000, André o ile a hlokahala a le lilemo li 85, e le pula-maliboho ea chesehang ho fihlela qetellong. Ka mor’a selemo a hlokahetse, thibelo e ile ea tlosoa.

Bophelo ba ka e bile bo hlollang hakaakang! Kajeno ke na le lilemo tse 93, ’me ke qetile lilemo tse fetang 70 ke le tšebeletsong ea bopula-maliboho. Ka 1937, ha ke ne ke kolobetsoa, ho ne ho e-na le Lipaki Tsa Jehova tse 25 feela Indonesia. Kajeno, ho na le tse ka bang 22 000. Ka sebele kea thaba hore ebe ke bile le seabo khōlong ena! Empa leeto la ka le sa le qalong. Ke batla ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ka ho sa feleng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova empa hona joale ha e sa hatisoa.

b Lelapa leo kaofela le ile la lula le tšepahala ho Jehova. Josephine le Jusak, e leng bona feela ba ntseng ba phela, ba ntse ba sebeletsa Jehova ka cheseho, Jakarta.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

“’Na ke lesole la ’Muso oa Molimo, ’me lesole le ke ke la sebeletsa mabothong a mabeli ka nako e le ’ngoe”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

“Pelo ea ka eona u ka e ntša, empa u ke ke ua nqobella hore ke fetole bolumeli ba ka”

[’Mapa o leqepheng la 15]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Libaka tseo re lutseng ho tsona le ho bolela litaba tse molemo

INDONESIA

Sulawesi

Manado

Sumatra

Bangka

Java

JAKARTA

Sukabumi

Bandung

Semarang

Surabaya

Timor

Kupang

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Ke na le André ka bo-1970

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Ha ke le lilemo li 15, bukana e bitsoang “Where Are the Dead?” e ile ea nkholisa hore Bibele e bua ’nete

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela