Ho Batla ha Bona Bolumeli bo Nepahetseng
HO TLOHA bongoaneng batho ba bang ba ’nile ba batla likarabelo tse khotsofatsang lipotsong tsa bona ka bophelo. Ha ba sa le banyenyane, e ka ’na eaba ba ne ba e-ba teng litšebeletsong tsa bolumeli. Empa ba bangata ba bona ba fumane hore likarabelo tse fanoeng kapa tšebeletso ea kereke ha ho e hlileng e ba thusitseng ho sebetsana ka katleho le mathata a bophelo.
Ba ka ’na ba re e ntse e le litho tsa bolumeli ba batsoali ba bona, le hoja ba ea litšebeletsong tsa bolumeli seoelo. Ho latela mobishopo e mong oa Kereke ea Chache, tumelo ea bona ke e se nang tšusumetso bophelong ba bona. Ba behile bolumeli boemong boo bo sa sebetseng. Ba bang, ba tenoa ke boikaketsi boo ba bo bonang tikolohong ea bolumeli, ba lahlile bolumeli ka ho feletseng. Empa, lipotso tsa bona ka bophelo li ntse li le teng.
Lebaka Leo ba Bang ba Nang le Lipelaelo tse Tebileng
Batho ba bangata baa tseba hore likereke tse ngata li na le makala bakeng sa ho thusa ba se nang mahae, ho abela ba hlokang lijo, le ho tšehetsa liketsahalo tse itseng tsa setso ka chelete. Empa hoo e batlang e le letsatsi le leng le le leng ba utloa litlaleho tsa pefo le tšollo ea mali tse metseng bolumeling eseng feela har’a bao eseng Bakreste empa le har’a ba ipolelang hore ke Bakreste. Na ho lokela ho re makatsa haeba ba belaella hore lihlopha tse kenellang pefong e joalo li sebelisa bolumeli bo nepahetseng?
Ba bangata ba hōletseng bolumeling ba ne ba nahana hore matlo a likhutsana a tšehetsoang ke likereke ka chelete ke ntho e ntle. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena, ba ’nile ba tšosoa ke ha baprista libakeng tse ngata ba qosoa ka ho hleka-hleka bana ba boikarabellong ba bona ka likamano tsa botona le botšehali. Pele batho ba ne ba nahana hore ke baprista ba fokolang feela ba molato. Hona joale ba bang ba bona baa ipotsa hore na ho na le ho phoso ka ho feletseng ka kereke ka boeona.
Ba seng bakae, ba kang Eugenia, ba ne ba kile ba kenella ka ho teba bolumeling ba bona. Ha a le Argentina esale mocha, o ne a le har’a ba ileng ba nka leeto ho ea rapela Moroetsana oa Itatí. Ka lilemo tse 14 o ne a lula matlong a baitlami e le moitlami. Eaba oa tloha ho ea ba karolo ea sehlopha sa machaba sa lipolotiki tse kopaneng le bolumeli se buellang phetoho ea kapele, le e khōlō ea kaheho ea maemo a bophelo le moruo tsa sechaba ka mekhoa ea phetohelo. Ka lebaka la seo a se boneng le ho se latsoa, o ile a lahleheloa ke tumelo le tšepo ho Molimo. Ha e le hantle o ne a hlile a sa batle bolumeli boo a ka lumelang ho bona. Seo a neng a se batla e ne e le tsela ea ho tlisa toka ho ba neng ba futsanehile—e, le motsoalle eo a neng a ka mo tšepa.
Ba bang ba shebile se etsahalang ka likerekeng ’me ba emeletse thōko le tsona. Motho e mong ea sa lumeleng hore Molimo o teng eo maikutlo a hae a ileng a phatlalatsoa ka 1991 makasineng oa Sputnik o ile a bua tjena ka mokhoa o hlokang leeme: “Ha ke bone phapang leha e le efe ea bohlokoa pakeng tsa litšobotsi tsa litšōmo tsa bahetene le tsa Bokreste.” Ka mohlala, o hlalosa mokoloko oo ho oona baprista ba liaparo li telele tse khabisitsoeng ka khauta ba neng ba tsamaea butle ba nkile lekese le nang le setopo se omisitsoeng ka linoko har’a literata tsa Moscow. E ne e le setopo sa “mohalaleli oa Mokreste oa Orthodox” se neng se tlosoa musiamong ho ea kerekeng, ’me se ne se hopotsa mongoli baprista le litopo tse omisitsoeng ka linoko tsa Egepeta ea boholo-holo. O boetse a hopola hore leha ba kopanetseng mokolokong oo Moscow ba ne ba lumela ho “Boraro-bo-bong ba Bokreste,” le Baegepeta ba ’nile ba rapela melimo e meraro—Osiris, Isis, le Horus.
Mongoli ea tšoanang o ile a bua ka khopolo ea Bokreste ea lerato—“Molimo ke lerato,” le “rata moahelani oa hao”—e le eo ho seng e tšoanang le eona Egepeta ea bohetene. Empa o ile a hlokomela: “Lerato la boena le sitiloe ho hlōla lefatšeng, esita le karolong ea lona eo le ipitsang lefatše la Bokreste.” ’Me ka mor’a seo o ile a etsa litlhaloso tse buang ka litholoana tse mpe tse tsoang ho tsitlalleleng ha kereke ka ho itšunya-tšunya litabeng tsa Naha. Seo a ileng a se bona ha se ea ka sa mo susumelletsa hore a ikutloe hore likereke tsa Bokreste-’mōtoana li mo fa seo a neng a se batla.
Ha ho bapisoa, ba bang ba fumane likarabelo tse khotsofatsang empa eseng likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana.
O Ile a Ithuta ’Nete ka Bafu
Magdalena, eo hona joale a leng lilemo li 37, o lula Bulgaria. Ka mor’a hore ntate oa monna oa hae a shoe ka 1991, o ile a nyahama haholo. O ne a ipotsa nako le nako, ‘Bafu ba ea hokae? Ntate oa monna oa ka o hokae?’ O ile a ea kerekeng, hape a rapela ka pel’a setšoantšo se lapeng, empa ha a ka a fumana likarabelo.
Joale ka letsatsi le leng moahelani o ile a mo founela a mo memela ha hae. Mohlankana e mong ea neng a ithuta le Lipaki tsa Jehova o ne a etetse moahelani eo. O ile a mamela ha mohlankana enoa a ntse a bua ka ’Muso oa Molimo le morero oa Hae oa ho etsa lefatše lena paradeise moo batho ba ka phelang ka ho sa feleng ka thabo. Holim’a tafole ho ne ho e-na le buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ha a e sebelisa, mohlankana enoa o ile a lebisa tlhokomelo ea hae temaneng ea Bibele ho Moeklesia 9:5, e reng: “Empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” Mantsiboeeng ao o ile a bala ho eketsehileng. O ile a ithuta hore bafu ha baa ea bophelong bo bong leholimong kapa liheleng; ha ba utloe letho, joalokaha eka ba borokong bo tebileng. Ka thabo o ile a amohela memo ea ho ba teng sebokeng sa phutheho ea moo ea Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a seboka seo o ile a lumela thuto ea kamehla ea Bibele. Hoba a hlokomele libokeng tsela eo lithapelo li lebisoang ho Jehova ka eona, le eena o ile a qala ho rapela Jehova hore a mo thuse ho hlōla bofokoli bo metseng ka metso. Ha thapelo ea hae e arabeloa, o ile a tseba hore o ne a fumane bolumeli bo nepahetseng.
Ba Ile ba Fumana Bophelo bo Nang le Moelelo
André o hōletse lelapeng le matla la K’hatholike Belgium ’me o ne a sebeletsa e le motlatsi oa moprista oa moo. Leha ho le joalo, nakong eo, o ile a bona lintho tse ileng tsa fokolisa ho hlompha ha hae kereke. Ka lebaka leo, e ne e le Mok’hatholike ka lebitso feela.
Ka lilemo tse 15 o ne a ile a bapala bolo e le setsebi. Ka lekhetlo le leng ha sehlopha sa hae se ne se bapala litlholisanong Italy, ba ile ba memeloa ho ea mamela mopapa. Ho ne ho se letho le hahang moeeng ka leeto leo, ’me leruo la lefatše le neng le potolohile mopapa le ile la khopisa André. Lipelaelo tsa hae ka kereke li ile tsa teba. Bophelo ba hae ba botho bo ne bo sa thaba ka lebaka la ho qhalana ha manyalo a mabeli. Boemo ba lefatše bo ile ba mo ferekanya. Ka 1989 o ile a ngola bukaneng ea hae ea litlaleho tsa letsatsi le letsatsi: ‘Lintho tsee tsohle tse booatla tse etsahalang ho re potoloha li bolela eng?’ Ha aa ka a fumana likarabelo bolumeling ba hae.
Ka 1990, ha André a sebetsa e le mokoetlisi oa libapali tsa bolo Iceland, Iiris, o ile a kopana le moromuoa e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a amohela buka ’me a mema moromuoa eo hore a khutle. O ile a khutlela le monna oa hae, Kjell. Ha qetellong ba khona ho lula fatše le ho buisana le André, ho ne ho hlakile hore o ne a thahasella ho utloisisa Bibele haholo. Mosali oa hae, Ásta, le eena o ne a thahasella. Har’a mpa ea motšehare, o ne a e-na le lihora tse tharo lipakeng tsa nako ea hae ea bokoetlisi, ’me ba ile ba etsa qeto ea ho sebelisa nako eo bakeng sa ho ithuta Bibele. O itse: “Ke ikutloa ke khatholohile haholoanyane ka ho ithuta Bibele ho e-na le ho phomola feela.” Hanyane ka hanyane Bibele e ile ea arabela lipotso tsa bona. Butle-butle tumelo ea bona ho Jehova le ’Musong oa hae e ile ea hōla. Litšepiso tse khanyang tsa Bibele tsa lefatše le lecha la khotso, lefatše le lokolohileng ‘linthong tsohle tse booatla tse etsahalang,’ e ile ea e-ba ntho ea sebele ho bona. Ka bobeli André le Ásta hona joale ba arolelana tumelo ea bona eo ba e fumaneng bocha le ba bang.
Magdalena, André, le Ásta ba ikutloa ba kholisehile hore qetellong ba fumane bolumeli ba ’nete. Eugenia le eena, ka mor’a hore a leke ho rarolla mathata a lefatše lena ka mekhoa ea lipolotiki, qetellong o ile a fumana har’a Lipaki tsa Jehova bolumeli bo ileng ba bonahala ho eena e le bo nepahetseng. Empa ha e le hantle ke eng e rerang hore na bolumeli bo nepahetse kapa che? Ka kōpo bona boitsebiso bo latelang.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Thuto ea kamehla ea Bibele le Lipaki tsa Jehova e thusa batho ba fetang limilione tse hlano ho batleng ha bona likarabelo tse khotsofatsang