Bacha Baa Botsa
Nka Laola Bohale ba ka Joang?
Ke hangata hakae u sitoang ho laola bohale?
□ Ha ho mohla
□ Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe
□ Beke e ’ngoe le e ’ngoe
□ Letsatsi ka leng le e ’ngoe
Hangata u halefisoa ke mang?
□ Ha ho na motho
□ Bana bao ke kenang sekolo le bona
□ Batsoali
□ Banab’eso
□ Batho ba bang
Ka tlaase mona, ngola ntho eo hangata e u halefisang.
□ ․․․․․
HAEBA u tšoaile ✔ ka pel’a “Ha ho mohla” le “Ha ho na motho” ’me ha ua ngola letho potsong ea ho qetela, rea u babatsa—u tseba ho laola bohale ba hao!
Leha ho le joalo, motho e mong le e mong o itšoara ka tsela e fapaneng ha a tobane le liteko ’me o na le bofokoli bo itseng. E mong oa bangoli ba Bibele, e leng Jakobo o ile a ngola a re: “Kaofela re khoptjoa hangata.” (Jakobo 3:2) Ha e le hantle, ha ho tluoa tabeng ea ho laola bohale, e ka ’na eaba u ikutloa joaloka Serena ea lilemo li 17.a O re: “Ke lula ke tlallane ’me hangata ke ntšetsa bohale ho mang kapa mang ea nkhalefisang. Ke halefela batsoali ba ka, ngoan’eso esita le ntja ea ka!”
Seo e Leng Khopolo-taba le Seo e Leng ’Nete
Na u sitoa ho laola bohale? Haeba ho joalo, u ka fumana thuso. Empa a re qale ka ho tlosa likhopolo-taba tse seng kae.
◼ Khopolo-taba: “Ha ke khone ho ithiba bohale—ba lelapa leso ke lifela-peloana!”
’Nete: E ka ’na eaba u ‘rata ho halefa’—mohlomong ka lebaka la tšusumetso ea lelapa leno, sebaka seo u lulang ho sona, kapa ka mabaka a mang. Empa u ka laola seo u se etsang ha u halefile. (Liproverbia 29:22) Potso ke ena, U batla’ng—na u batla ho laola maikutlo a hao kapa u batla hore a u laole? Ba bang ba ithutile ho laola bohale ba bona ’me le uena u ka khona!—Bakolose 3:8-10.
Lengolo la Sehlooho: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna.”—Baefese 4:31.
◼ Khopolo-taba: “Ha ke tlallane ke bohale, ho molemo hore ke bo ntše ho e-na le ho ipipetsa ka taba.”
’Nete: Mekhoa ena e ’meli e ka ba kotsi bophelong ba hao. ’Nete ke hore ho na le nako ea ho “bonahatsa” hore u tšoenyehile. (Jobo 10:1) Empa seo ha se bolele hore u lokela ho halefisoa ke lintho tse sa reng letho. U ka ithuta ho hlalosa lintho tseo u sa li rateng empa u sa phasolohe ka bohale.
Lengolo la Sehlooho: “Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle, . . . le lule le ithibile.”—2 Timothea 2:24.
◼ Khopolo-taba: “Haeba ke le ‘bonolo ho bohle,’ batho ba tla bapalla holim’a ka.”
’Nete: Batho baa elelloa hore ho hlokahala hore motho a be matla e le hore a tsebe ho ithiba ’me ba tla u hlompha le ho feta ha u etsa joalo.
Lengolo la Sehlooho: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”—Baroma 12:18.
Kamoo U ka Laolang Bohale
Haeba u bohale, mohlomong haesale u ntse u beha batho ba bang molato ka seo. Ka mohlala, na u kile ua re, “Ke eena ea nqhololitseng” kapa “O nkhalefisitse”? Haeba ho joalo, seo se bontša hore batho ba bang ba laola maikutlo a hao. U ka etsa’ng hore u a laole? Leka litlhahiso tse latelang.
Jara boikarabelo. Ntlha ea pele, amohela hore ke uena feela ea ka ikhalefisang. Ka hona tlohela ho beha ba bang molato. Ho e-na le hore u re, “Ke eena ea nqhololitseng,” amohela hore, ‘Ke itumeletse hore a nqholotse.’ Ho fapana le ho re, “O nkhalefisitse,” amohela hore, ‘Ke ikhethetse ho nkela taba ena holimo.’ Ha u jara boikarabelo ka lintho tseo u li etsang, seo se tla u thusa hore u ntlafatse.—Bagalata 6:5.
Nahana ka bothata esale pele. Bibele e re: “Motho ea sebelisang kahlolo e molemo o bona tlokotsi esale pele ’me a e qobe, empa ea sa nahaneng oa itšohlometsa ’me a ikoahlaee hamorao.” (Liproverbia 22:3, Today’s English Version) Ka hona, ke habohlokoa ho nahana ka bothata esale pele. Ipotse, ‘Ke atisa ho halefa neng?’ Ka mohlala, ngoanana e mong ea bitsoang Megan o re: “Ke sebetsa bosiu ’me hangata ke chaisa ke khathetse haholo. Ka nako eo ha ke batle letho.”
Potso: Hangata u halefa maemong afe?
․․․․․
Rera esale pele hore na u tla araba joang ka tsela e molemo. Ha u halefile, hula moea haholo, theola lentsoe ’me u bue butle. Ho e-na le ho qosa motho e mong (“Lesholu tooe! U inketse jesi ea ka u sa nkōpa!”), leka ho mo hlalosetsa kamoo sena se u amang kateng. (“Ha ke batla ho apara jesi ea ka, ka sebele ke utloa bohloko ha ke fumana hore u ‘inketse’ eona u sa nkōpa.”)
Ka mohlala: Nahana ka ntho e sa tsoa etsahala e ileng ea u halefisa.
1. Ke eng e ileng ea u halefisa?
․․․․․
2. U ile ua etsa’ng? (Kapa u ile ua re’ng?)
․․․․․
3. U ka be u ile ua etsa’ng e molemo?
․․․․․
Nahana ka liphello. Melao-motheo e ’maloa ea Bibele e ka u thusa ho etsa joalo. Ka mohlala:
◼ Liproverbia 12:18 e re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole.” Mantsoe a ka hlaba ’me hangata ha u halefile u ka ’na ua bua lintho tseo u tla ikoahlaela tsona hamorao.
◼ Liproverbia 29:11 e re: “Ea hlokang kelello o hlahatsa moea oohle oa hae, empa ea bohlale o o boloka o khutsitse ho fihlela qetellong.” Ho komakoma ho ka qetella ho entse hore u shebahale joaloka sethoto.
◼ Liproverbia 14:30 e re: “Pelo e nang le khutso ke bophelo ba sebōpuoa sa nama.” Ho halefa ho ka u kulisa! Ngoanana e mong ea bitsoang Anita o re: “Ba lelapa leso ba na le khatello e phahameng ea mali ’me taba ea hore ke atisa ho ikutloa ke sithabetse e etsa hore ke inahane pele ke halefa.”
U ithuta’ng ho see? Nahana ka liphello tsa seo u se buang le seo u se etsang. Heather ea lilemo li 18 o re: “Kea ipotsa, ‘Ho tla etsahala’ng haeba ke halefela motho eo? O tla nahana hore ke motho ea joang? See se tla ama kamano ea rōna joang? Nka ikutloa joang ha motho e mong a ka ntšoara ka tsela e tšoanang?’” Ipotse lipotso tsena pele u bua le motho kapa pele u mo romela molaetsa—ebang ke ka poso, ka founo kapa ka litsela tse ling tsa elektronike.
Potso: Ho ka etsahala’ng haeba u romela motho ea u halefisitseng molaetsa o bohale?
․․․․․
Kōpa thuso. Liproverbia 27:17 (TEV) e re: “Batho ba ithuta ho ba bang, feela joalokaha tšepe e leotsa tšepe e ’ngoe.” Ke hobane’ng ha u sa botse motsoali oa hao kapa motsoalle ea hōlileng tsebong hore na o etsa’ng hore a lule a khobile matšoafo?
Lekola tsoelo-pele ea hao. Boloka tlaleho ’me u lekole tsoelo-pele ea hao. Nako le nako ha u halefa, ngola (1) se etsahetseng, (2) seo u ileng ua se etsa le (3) hore na u ka be u arabetse joang hamolemo. Ha nako e ntse e ea, u tla tloaela ho araba ka tsela e molemo!
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
Ka linako tse ling, esita le batho bao re neng re nahana hore ba khona ho laola bohale ba ile ba sitoa ho ithiba ka nakoana. Re ka ithuta eng mehlaleng ee?
◼ Moshe—Numere 20:1-12; Pesaleme ea 106:32, 33.
◼ Pauluse le Barnabase—Liketso 15:36-40.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 18]
SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG
“Ho ngola kapa ho bolella ’Mè kamoo ke ikutloang kateng, ho nthusa hore ke lule ke khobile matšoafo.”—Alexis, United States.
“Ha ke imetsoe kelellong haholo, ho tsamaea ka potlako ho nkokobetsa bohale, ’me ho hahloa ke moea ho mpholisa hlooho.”—Elizabeth, Ireland.
“Ha ke le boemong bo thata ha ke nahane ka se etsahalang, ho e-na le hoo kea ipotsa, ‘Ho tla etsahala’ng haeba nka tleroha ka bohale?’ Hangata ke qetella ke bone hore ho ke ke ha nthusa ka letho!”—Graeme, Australia.
NA U NE U TSEBA?
Ka linako tse ling, Molimo oa halefa. Empa maikutlo a hae a loketse kamehla ’me o a laola ka ho feletseng. Ha ho mohla a etsang lintho ka tsela e feteletseng!—Sheba Exoda 34:6; Deuteronoma 32:4; le Esaia 48:9.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ke uena ea ikhethelang hore bohale ba hao bo tsoe taolong