Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 41
  • Nka Etsa’ng ho Laola Bohale ba ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa’ng ho Laola Bohale ba ka?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhahlobo
  • Ke hobane’ng ha e le habohlokoa
  • Seo u ka se etsang
  • Nka Laola Bohale ba ka Joang?
    Tsoha!—2009
  • U ka Laola Bohale Joang?
    Tsoha!—2015
  • Nka Laola Bohale ba ka Joang?
    Tsoha!—1987
  • Hobane’ng ha ke Hlōleha ho Laola Bohale ba Ka?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 41
Sefahleho sa mocha se bontša hore o: 1. Khobile matšoafo; 2. Hloname; 3. Halefile

BACHA BAA BOTSA

Nka Etsa’ng ho Laola Bohale ba ka?

  • Tlhahlobo

  • Ke hobane’ng ha e le habohlokoa?

  • Seo u ka se etsang

  • Seo bacha ba bang ba se buang

Tlhahlobo

  • U halefa hangata hakae?

    • ho hang

    • ka linako tse ling

    • letsatsi le leng le le leng

  • U halefa haholo hakae?

    • hanyenyane

    • haholo

    • tuka ke bohale

  • Ke mang eo hangata u mo halefelang?

    • motsoali oa hao

    • banab’eno

    • motsoalle

Haeba u e-na le bothata ba ho halefa, sehlooho sena se tla u thusa. Qala ka ho hlahloba bohlokoa ba ho khoba matšoafo ha batho ba bang ba u halefisa.

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa

Bophelo ba hao bo botle. Liproverbia 14:30 [BPN] e re: “Pelo e nang le khotso e phelisa motho hantle.” Buka ea Journal of Medicine and Life e re “bohale bo ka etsa hore motho a tšoaroe ke mafu a amang pelo.”

Metsoalle ea hao. Bibele e re: “U se ke ua ba le setsoalle le mang kapa mang ea ineheletseng bohale; ’me u se ke ua kena setsoalleng le motho ea tlakolohang ka bohale.” (Liproverbia 22:24) Haeba u na le bothata ba ho halefa, u se ke ua makala ha batho ba bang ba sa batle ho ba metsoalle ea hao. Ngoanana e mong ea bitsoang Jasmine o re: “Ha u sa laole bohale ba hao u tla lahleheloa ke monyetla oa ho ba le metsoalle ea sebele.

Botumo ba hao. Ethan ea lilemo li 17 o re: “Haeba u sitoa ho laola bohale ba hao, batho ba bang ba tla tseba ka hona ’me seo se ka ama tsela eo ba u talimang ka eona.” Kahoo ipotse, ‘Ke batla ho tsejoa ke le motho ea joang; ea nang le khotso kapa ea halefang habonolo?’ Bibele e re: “Ea liehang ho halefa o tletse temoho, empa ea felang pelo o phahamisa booatla.”​—Liproverbia 14:29.

Metsoalle ea mocha ea furalla ha a halefa

Ha ho motho ea batlang ho tloaelana le motho ea sa khoneng ho laola bohale ba hae

Seo u ka se etsang

Bala Mangolo a latelang le seo bacha ba bang ba se buang, ka mor’a moo u ipotse lipotso tse tla latela.

  • Liproverbia 29:22: “Motho ea ineheletseng bohale o tsosa ho hloka kutloano, ’me mang kapa mang ea ratang ho halefa o na le litlōlo tse ngata.”

    “Ha ke ntse ke hōla, ho ne ho le thata ho laola bohale ba ka. Beng ka ’na ba na le bothata bo tšoanang. Re re ke lefutso. Re thatafalloa ke ho laola bohale ba rōna!”​—Kerri.

    Na ke tloaetse ho halefa? Ha ho utloahale hore ebe ha motho a rorisoa ka mekhoa ea hae e metle o re ke ka lebaka la boiteko boo a bo etsang empa ha a etsa lintho tse fosahetseng teng a re ke lefutso.

  • Liproverbia 15:1: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.”

    “Ntho ea bohlokoa ke hore u ithute ho laola maikutlo. Ha u leka ho ba le botho bo botle ’me u nahana ka lintho tse molemo, u ke ke oa ba motho ea bohale.”​—Daryl.

    Ke hobane’ng ha ke lokela ho ela hloko tsela eo ke arabang ka eona ha ke halefile?

  • Liproverbia 26:20: “Moo ho se nang patsi mollo oa tima.”

    “Ha ke arabela ka tsela e bonolo, sena se etsa hore motho ea halefileng a theole maikutlo ’me re khona ho buisana hantle ho se ea halefelang e mong.”​—Jasmine.

    Tsela eo ke buang le ho arabela batho ka eona e ka mpefatsa lintho joang?

  • Liproverbia 22:3: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.”

    “Ka linako tse ling ha ho hlaha qabang kea itsamaela e le hore ke nahane ka se etsahetseng, ebe ke sebetsana le bothata boo ha ke se ke theotse moea.”​—Gary.

    Ke neng ho loketseng hore motho a itsamaele ha ho hlaha qabang, empa a sa fane ka maikutlo a hore oa ngala?

  • Jakobo 3:2: “Kaofela re khoptjoa hangata.”

    “Re lokela ho soabela liphoso tsa rōna ’me re li bakele. Ha re entse liphoso ha rea lokela ho nyahama empa re lokela ho leka ka matla ho etsa se nepahetseng.”​—Kerri.

Keletso: Ipehele pakane ea ho lula u khobile matšoafo nako e ka etsang khoeli. Ngola khatelo-pele ea hao bukeng.

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

Alyssa

“Ke ne ka nahana hore batho ba sa halefeng ba na le bofokoli empa joale kea hlokomela hore batho ba joalo ba bontša boikokobetso e leng tšobotsi ea bohlokoa eo re lokelang ho ba le eona. Ha ho bonolo ho laola bohale empa u ke ke ua ikoahlaea!”​—Alyssa.

Erik

“Ho theola maikutlo ho nthusa hore ke nahane pele ka seo ke tla se bua e le hore ke se ke ka ikoahlaea hamorao. Ha ho mohla ho halefa ho kileng ha lokisa lintho. Ho e-na le hoo, ho mpefatsa lintho le ho feta.”​—Erik.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela