Bona Lebitso la Molimo Denmark
SELEMO le selemo, bahahlauli ba bangata har’a ba likete ba etelang motseng oa Copenhagen baa makala ha ba bona ho ngotsoe lebitso la Molimo, Jehova, kapa le ngotsoe ka Seheberu e le יהוה, liqhobosheaneng tsa moo le mehahong e meng.a Ka mohlala, Kerekeng ea Dockyard (Holmens Kirke) e bohareng ba motse oo, ho na le keiti eo ho eona ho ngotsoeng lebitso la Molimo ka litlhaku tse khōlō tsa khauta. Lebitso leo le boetse le hlaha lematjaneng la sehopotso le entsoeng ka 1661, le manehiloeng keiting.
Ho tloha Kerekeng ea Dockyard, motho a ka tsamaea ka maoto ho ea mohahong o bitsoang Tora e Chitja (Rundetårn). Leboteng le ka ntle ho ngotsoe lebitso la Molimo ka litlhaku tse khōlō tsa Seheberu, e le karolo ea mantsoe a ngotsoeng ka Selatine. Ha mantsoe ao a fetoleloa, a re: “Jehova a ke a tataise pelo ea Morena Christian oa Bone ea teroneng hore e amohele thuto e nepahetseng ea bolumeli le toka.” Ho tlile joang hore lebitso la Molimo le tsebahale hakaale Denmark?
Karohano ea Mak’hatholike le Maprostanta le ho Fetoleloa ha Bibele
Ntlha e ka sehloohong e ileng ea etsa hore lebitso la Molimo le phatlalatsoe ke karohano ea Mak’hatholike le Maprostanta. Bo-raliphetoho ba Europe ba kang Martin Luther, John Calvin le Huldrych Zwingli ba ile ba etsa boiteko bo matla ba ho ithuta Bibele le lipuo tseo e neng e ngotsoe ka tsona qalong—e leng Seheberu, Searame le Sekoine, kapa Segerike se tloaelehileng. Kahoo, ba ile ba tloaela ho sebelisa lebitso la Molimo. Ha Martin Luther a ne a ruta, o ile a re: “Lebitso lena Jehova . . . ke la Molimo a le mong feela oa ’nete.”
Empa ha Luther a fetolela Bibele ea Sejeremane, o ile a khomarela neano eo e seng ea Mangolo ka hore a fetolele lebitso la Molimo e le “Morena” kapa “Molimo,” kahoo a sebelisa litlotla, ho e-na le hore a sebelise lebitso la Molimo. Hamorao, Luther o ile a kōpa mosebetsi-’moho le eena, e leng Johannes Bugenhagen, hore a lokisetse hore ho fetoleloe Bibele ea Luther ka Sejeremane sa Leboea, se buuoang karolong e ka leboea ea Jeremane le e ka boroa ea Denmark. Selelekeleng sa khatiso ea hae ea 1541 (khatiso ea pele e ile ea etsoa ka 1533), Bugenhagen o ile a bua ka makhetlo ka lebitso la Molimo, ho akarelletsa polelo e reng: “Jehova ke lebitso le halalelang la Molimo.”
Ka 1604, setsebi se seng se secha sa thuto ea bolumeli se bitsoang Hans Paulsen Resen se ile sa bua le Morena Christian IV ka liphoso tse itseng tse phetolelong ea Bibele ea Sedanishe ea Luther. Ka mor’a moo, Resen o ile a kōpa tumello ea hore a etse phetolelo e ncha a itšetlehile ka se ngotsoeng qalong ka Seheberu le Segerike. O ile a lumelloa. Ha a bua ka Genese 2:4, Resen o ile a ngola a re, “Jehova” ke “Ea Phahameng ka ho Fetisisa, Morena a ’notši.”b
Ha lebitso la Molimo le ntse le tsebahala, le ile la qala ho bonahala le libakeng tsa sechaba. Ka mohlala, ka 1624, ka mor’a hore Hans Paulsen Resen a khethoe e le mobishopo, o ile a laela hore ho manehoe lematjana Kerekeng ea Bronshoj. Karolong e ka holimo ea lematjana leo, lebitso la Molimo, leo ka Sedanishe e leng Jehova, le ngotsoe ka khauta. Hape, ha Resen a saena litokomane tse ngata tseo a li ngotseng e le mobishopo, o ne a kenyelletsa mantsoe a reng, “Jehova oa lemoha.”
Ho elella qetellong ea lekholo la bo18 la lilemo, Bibele ea Sejeremane e fetoletsoeng ke Johann David Michaelis e ile ea hatisoa ka Sedanishe. Bibele ena le eona e na le lebitso la Molimo libakeng tse ngata. Le lekholong la bo19 la lilemo, Christian Kalkar le bafetoleli-’moho le eena ba Bibele ba ile ba kenya lebitso la Molimo libakeng tse ngata tseo le neng le hlaha ho tsona Mangolong a pele. Joale, ka 1985, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa lokolla Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Sedanishe. Batho ba ratang Bibele ba ile ba thaba ha ba bona hore ho sebelisitsoe lebitso Jehova ka botšepehi ka makhetlo a fetang 7 000.
Jesu Kreste ha a rapela Molimo, o ile a re: “Ke senotse lebitso la hao.” (Johanne 17:6) ’Me thapelong ea hae ea mohlala, eo ka linako tse ling e bitsoang thapelo ea Ntat’a Rōna, Jesu o ile a re: “Lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Matheu 6:9) Joalokaha histori ea bolumeli ea Denmark e bontša, batho ba bangata ba ’nile ba nka mantsoe ao ka ho teba.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litlhaku tsena tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo ke lilumisoa ’me li baloa ho tloha ka letsohong le letona ho ea ka ho le letšehali. Li atisa ho ngoloa e le YHWH kapa JHVH. Mehleng ea boholo-holo, ’mali o ne a kenya liluma-nosi tse sieo, joalokaha ho tloaelehile kajeno ha ho baloa mantsoe a khutsufalitsoeng.
b Ke ho Genese 2:4 moo lebitso la Molimo le mo khethollang le hlahang ka lekhetlo la pele, Mangolong a pele a Bibele e Halalelang. Lebitso leo, le hlahang ka makhetlo a ka bang 7 000 Mangolong a pele, le bolela hore “O Etsa Hore ho be,” kahoo le khetholla Jehova e le Eo kamehla morero oa hae o phethahalang. Seo a se buang sea phethahala.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]
TYCHO BRAHE LE LEBITSO LA MOLIMO
Ka 1597, Tycho Brahe, e leng setsebi se tummeng sa linaleli sa Denmark, o ile a tloha naheng ea habo ka mor’a hore a qoaketsane le ba boholong naheng eo hammoho le Morena Christian IV. Thothokisong eo Brahe a ileng a e ngola ka Selatine, ha a salisa batho ba Denmark hantle, o ile a re: “Balichaba ba tla mpontša mosa—etsoe ke thato ea Jehova.”
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Keiti ea Kereke ea Dockyard
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Tora e Chitja
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Hans Paulsen Resen
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Johannes Bugenhagen o ile a sebelisa lebitso la Molimo selelekeleng sa Bibele ea Luther ea 1541, e neng e fetoletsoe ka Sejeremane sa Leboea
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]
Hans Paulsen Resen and Tycho Brahe: Kobberstiksamilingen, Det Kongelige Bibliotek, København