Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 9/15 maq. 26-30
  • Martin Luther—Monna eo le Lefa la Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Martin Luther—Monna eo le Lefa la Hae
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Luther E-ba Setsebi
  • Ho Halefisoa ke Mangolo a Tšoarelo ea Libe
  • “Letsatsi le Khoeli” Lia Arabela
  • Bibele ea September e Batloa Haholo
  • Mofetoleli ea Nang le Neo le Sengoli se Ngolang Haholo
  • Lefa la Luther
  • Phetoho e Khōlō ea Bolumeli Ho Batla ho Ile ha Leba ka Lehlakoreng le Lecha
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Na Histori ea Bolumeli e na le Molemo oa Letho ho Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Karolo 16—lekholo la bo9-bo16 la lilemo C.E.—Bolumeli bo Hlokang Nchafatso
    Tsoha!—1989
  • Wessel Gansfort—“Mofetoheli oa Pele ho Phetohelo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 9/15 maq. 26-30

Martin Luther—Monna eo le Lefa la Hae

“NTLE ho libuka tse buang ka monghali oa hae, Jesu Kreste, ho boleloa hore ho ngotsoe libuka tse ngata ka [Martin Luther] ho feta leha e le mang historing.” Ke kamoo ho boletseng makasine ea Time. Mantsoe le liketso tsa Luther li ile tsa thusa ho theha Phetohelo Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike—e leng mokhatlo oa bolumeli o hlalosoang e le “phetohelo e khōlōhali historing ea batho.” Ka tsela eo o ile a thusa ho fetola mokhoa o neng o tloaelehile oa bolumeli Europe le ho tlisa leseli k’honthinenteng eo. Luther o ile a boela a rala motheo oa mokhoa o tšoanang oa ho ngola puo ea Sejeremane. Ha ho pelaelo hore phetolelo ea hae ea Bibele e ntse e ratoa ka ho fetisisa puong ea Sejeremane.

Martin Luther e ne e le motho oa mofuta ofe? Ho tlile joang hore a be le tšusumetso e kaalo litabeng tsa Europe?

Luther E-ba Setsebi

Martin Luther o hlahetse Eisleben, Jeremane, ka November 1483. Le hoja ntat’ae a ne a sebetsa limmaeneng tsa koporo, o ne a fumana chelete e lekaneng eo a ka rutang Martin ka eona. Ka 1501, Martin e ile ea e-ba seithuti Univesithing ea Erfurt. O ile a bala Bibele ka lekhetlo la pele laebraring ea eona. O ile a re: “Buka eo e ile ea nthabisa haholo, ’me ke ne ke tšepa hore ka letsatsi le leng nka ba le lehlohonolo la ho iphumanela eona.”

Ha a le lilemo li 22, Luther e ile ea e-ba moitlami ntlong ea baitlami ea Augustine e Erfurt. Hamorao o ile a ea Univesithing ea Wittenberg, moo a ileng a fumana lengolo la doctorate thutong ea bolumeli. Luther o ne a inka a sa tšoaneloe ke kamohelo ea Molimo ’me ka linako tse ling o ne a iphumana a hatellehile habohloko kelellong ka lebaka la letsoalo le molato. Empa ho ithuta Bibele, thapelo le ho thuisa li ile tsa mo thusa ho utloisisa hamolemo kamoo Molimo a talimang baetsalibe kateng. Luther o ile a hlokomela hore kamohelo ea Molimo hase ntho e ka sebeletsoang. Ho e-na le hoo, e fanoa ka lebaka la mosa o sa tšoanelang ho ba sebelisang tumelo.—Baroma 1:16; 3:23, 24, 28.

Ho tlile joang hore Luther a fihlele qeto ea hore kutloisiso ea hae e ncha e nepahetse? Kurt Aland, e leng moprofesa oa histori ea kereke ea pele le oa phuputso ea taba e ngotsoeng ea Testamente e Ncha, o ile a ngola a re: “O ile a thuisa ka Bibele eohle e le hore a tle a bone hore na tsebo ea hae e ncha e tla ’ne e utloahale ha a se a e bapisa le litemana tse ling tsa Bibele, ’me o ile a fumana hore hohle e ema le eena.” Thuto ea ho lokafatsoa, kapa poloko ka tumelo eseng ka mesebetsi, kapa pontšo ea ho soaba, e ile ea lula e le tšiea ea thuto ea Luther.

Ho Halefisoa ke Mangolo a Tšoarelo ea Libe

Kutloisiso ea Luther ea kamoo Molimo a talimang baetsalibe kateng e ile ea etsa hore ho be le khohlano pakeng tsa hae le Kereke ea Roma e K’hatholike. Ka nako eo batho ba bangata ba ne ba lumela hore ka mor’a lefu, baetsalibe ba lokela ho feta kahlolong ka nako e itseng. Leha ho le joalo, ho ne ho boleloa hore nako ena e ka khutsufatsoa haeba mopapa a u fa lengolo la tšoarelo ea libe ’me uena u mo fa chelete. Bahoebi ba kang Johann Tetzel, eo e neng e le moemeli oa Moarekabishopo Albert oa Mainz, ba ne ba kibakiba ka chelete ka ho rekisetsa batho ba tloaelehileng mangolo a tšoarelo ea libe. Ba bangata ba ne ba nka mangolo a tšoarelo ea libe e le tšireletso bakeng sa libe tsa nako e tlang.

Luther o ne a halefetse taba ena ea ho rekisoa ha mangolo a tšoarelo ea libe. O ne a tseba hore batho ba ke ke ba etsa khoebo le Molimo. Lehoetleng la 1517, o ile a ngola litlaleho tsa hae tse tummeng tse 95, a qosa kereke ka ho sebelisa lichelete hampe, ho sebelisa lithuto tsa bolumeli hampe, le ho sebelisa bolumeli hampe. E le moo a batlang ho khothalletsa phetoho, eseng bokoenehi, Luther o ile a romella likopi tsa litlaleho tsa hae ho Moarekabishopo Albert oa Mainz le ho litsebi tse ling tse ’maloa. Bo-rahistori ba bangata ba supa hore Phetohelo Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike e qalile ka 1517 kapa hoo e ka bang ka nako eo.

Hase Luther feela ea neng a tletleba ka liphoso tsa kereke. Lilemo tse lekholo pele ho moo, raliphetoho e mong oa bolumeli oa Czechoslovakia e leng Jan Hus o ne a ile a nyatsa ho rekisoa ha mangolo a tšoarelo ea libe. Esita le pele ho Hus, John Wycliffe oa Engelane o ne a ile a supa hore lineano tse ling tsa kereke ha li tumellanong le Mangolo. Erasmus oa Rotterdam le Tyndale oa Engelane e leng ba phetseng mehleng ea Luther ba ile ba phehella hore ho be le phetoho. Empa ka lebaka la hore Johannes Gutenberg oa Jeremane o ile a qapa mochine o hatisang oa mofuta oa litlhaku tse tsamaisoang, lentsoe la Luther le ile la utloahala haholoanyane le hōjana ho feta mantsoe a bo-raliphetoho ba bang.

Mochine o hatisang oa Gutenberg o Mainz o ne o sebetsa ka 1455. Qalong ea bo-1500, ho ne ho e-na le mechine e hatisang litoropong tse 60 tsa Jeremane le linaheng tse ling tse 12 tsa Europe. Ka lekhetlo la pele historing, batho ba ne ba ka tsebisoa hang-hang ka litaba tse ba amang. Ho ile ha hatisoa litlaleho tsa Luther tse 95 tsa ba tsa ajoa hohle, mohlomong e bile e se ka tumello ea hae. Taba ea phetoho ea kereke ha ea ka ea hlola e e-ba taba ea sebaka sa moo feela. E ile ea e-ba khang e sabaletseng, ’me kapele-pele Martin Luther ea e-ba monna ea tummeng ka ho fetisisa Jeremane.

“Letsatsi le Khoeli” Lia Arabela

Ka lilemo tse makholo, Europe e ne e bile tlas’a litsamaiso tse peli tse matla, e leng: ’Muso o Halalelang oa Roma le Kereke ea Roma e K’hatholike. Hanns Lilje, e leng eo e kileng ea e-ba mopresidente oa Mokhatlo oa Lefatše oa Malutere o ile a re: “Moemphera le mopapa ba ne ba le joaloka letsatsi le khoeli.” Leha ho le joalo, qaka e neng e le teng e ne e le ea hore na letsatsi ke mang le hore na khoeli ke mang. Mathoasong a bo-1500 matla a litsamaiso tseo ka bobeli a ne a fihlile tlhōrōng. Phetoho e ne e le haufi haholo.

Khato eo Mopapa Leo X a ileng a e nka ka litlaleho tseo tse 95 e bile ho sokela Luther ka hore o tla khaoloa ntle leha a ka koenehela litlaleho tseo tsa hae. Ka sebete Luther o ile a hanyetsa sena a ba a chesa phatlalatsa lengolo la mopapa le neng le ngotse litšokelo a ba a hatisa likhatiso tse eketsehileng tse neng li khothalletsa batho ba libaka tse ling tse busoang ke marena ho fetohela kereke esita leha mopapa a sa batle. Ka 1521, Mopapa Leo X o ile a khaola Luther. Ha Luther a ipelaetsa ka hore o ahlotsoe ka leeme, Moemphera Charles V o ile a bitsetsa raliphetoho enoa hore a hlahe ka pel’a seboka sa moemphera, se neng se le Worms. Leeto la Luther la matsatsi a 15 ho tloha Wittenberg ho ea Worms ka April 1521 le ile la tšoana le mokoloko oa tlhōlo. Sechaba se ne se mo tšehelitse, ’me hohle batho ba ne ba batla ho mo bona.

Ha a le Worms, Luther o ile a ema ka pel’a moemphera, mahosana le moemeli oa mopapa. Jan Hus o ne a ile a tjamelana le nyeoe ea mofuta ona Constance ka 1415 ’me a ba a chesetsoa thupeng. A se a tjametsoe ke ba boholong kerekeng le ke moemphera, Luther o ile a hana ho koenehela litlaleho tsa hae ntle leha bahanyetsi ba hae ba ne ba ka paka ka Bibele hore o fositse. Empa ho ne ho se ea ka khemang le eena ka ho tseba Mangolo. Tokomane e bitsoang Molao oa Worms e ile ea bolela phello ea nyeoe eo. E ile ea phatlalatsa hore Luther ke motlōli oa molao ea ba ea thibela lingoliloeng tsa hae. Kaha o ne a khaotsoe ke mopapa e bile moemphera a boletse hore ke motlōli oa molao, joale bophelo ba hae bo ne bo se bo le kotsing.

Joale lintho li ile tsa fetoha ka tsela e hlollang le e neng e sa lebelloa. Ha a le leetong le khutlelang Wittenberg, Frederick ea molemo oa Saxony o ile a isa batho le khongoana holimo ka ho etsa eka o koetetse Luther. Sena se ile sa balehisetsa Luther hōle le lira tsa hae. Luther o ile a balehisoa ka sekhukhu a isoa qhobosheaneng e ka thōko ea Wartburg, moo a ileng a hōlisa litelu le ho iketsa motho e mong—ea tsejoang e le mohlomphehi ea bitsoang Junker Jörg.

Bibele ea September e Batloa Haholo

Likhoeling tse leshome tse latelang, Luther o ile a lula qhobosheaneng ea Wartburg a balehetse moemphera hammoho le mopapa. Buka ea Welterbe Wartburg e hlalosa hore “nako eo a e qetileng a le Wartburg e bile e ’ngoe ea linako tse atlehileng le tse putsang ka ho fetisisa bophelong ba hae.” E ’ngoe ea lintho tse khōlōhali tseo a li finyeletseng ha a le moo, ke ho phetha phetolelo ea taba e ngotsoeng ea Erasmus ea Mangolo a Segerike ho e isa Sejeremaneng. Phetolelo ena e ile ea hatisoa ka September 1522, ’me ea tsejoa e le Bibele ea September ho sa boleloe hore Luther e ne e le mofetoleli oa eona. E ne e rekisoa ka li-guilder tse 1 1/2—e leng chelete e neng e ka lekana ho lefa moputso oa selemo kaofela oa mosebeletsi oa lapeng. Leha ho le joalo, Bibele ea September e ne e batloa ka mona le ka mona. Likhoeling tse 12 feela, ho ne ho hatisitsoe likopi tse 6 000 ka likhatiso tse peli, ’me bonyane ho ne ho tlil’o latela likhatiso tse 69 lilemong tse 12 tse latelang.

Ka 1525, Martin Luther o ile a nyala Katharina von Bora eo pele e neng e le moitlami. Katharina o ne a khona ho sebetsana le litaba tsa lelapa a bile a khona ho thusa monna oa hae ea neng a le seatla se bulehileng. Ha Luther ho ne ho sa lule feela mosali le bana ba tšeletseng, empa ho ne ho lula le metsoalle, litsebi le baphaphathehi. Hamorao bophelong Luther o ile a fumana maemo a kang a ho ba moeletsi eo litsebi tse neng li mo etela li neng li rua molemo o moholo ka ho ngola lintlha tseo a li buang. Lintlha tsena li ile tsa bokelloa ’me tsa ngoloa bukeng e bitsoang Luthers Tischreden (Lintho Tse Builoeng ke Luther). Ka nako e itseng, ntle ho Bibele feela, e ile ea abuoa ho feta buka leha e le efe e ’ngoe ka puo ea Sejeremane.

Mofetoleli ea Nang le Neo le Sengoli se Ngolang Haholo

Ka 1534, Luther o ne a qetile phetolelo ea hae ea Mangolo a Seheberu. O ne a e-na le bokhoni ba ho leka-lekanya mokhoa oa ho ngola, morethetho haesita le mantsoe a puo. Phello e ile ea e-ba Bibele e utloisisoang habonolo ke batho feela ba tloaelehileng. Ha a bua ka mokhoa oa hae oa ho fetolela, Luther o ile a ngola a re: “Re lokela ho bua le bo-’mè ba malapa, bana ba tsamaeang seterateng le motho feela ea leng ’marakeng, ebe re mamelisisa kamoo ba buang kateng re ntan’o fetolela ka mokhoa o loketseng.” Bibele ea Luther e ile ea thusa ho rala motheo oa mokhoa o tšoanang oa ho ngola puo oo hamorao o ileng oa amoheleha hohle Jeremane.

Neo ea Luther e le mofetoleli e ne e tsamaisana le tsebo ea hae ea bongoli. Ho boleloa hore ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse peli ha a sa ntse a sebetsa o ne a ngola lingoliloeng. Tse ling tsa tsona li ne li baka likhang joaloka mongoli oa tsona. Lingoliloeng tsa hae tsa pele li ne li hlaba, ’me botsofali ha boa ka ba fetola mokhoa Luther oa ho ngola. Litlaleho tseo a li ngotseng hamorao li ile tsa hlaba le ho feta. Ho ea ka Lexikon für Theologie und Kirche, libuka tsa Luther li bontša hore “o ne a le bohale bo tukang” le hore o ne a “hloka boikokobetso le lerato,” hape a “chesehela ka ho feteletseng seo a se etsang.”

Ha ho ne ho qhoma Ntoa ea Batho ba Boemo bo Tlaase ’me ho bolaoa batho ba bangata libakeng tseo ba neng ba lula ho tsona, Luther o ile a botsoa hore na o ikutloa joang ka phetohelo eo. Na batho bao ba boemo bo tlaase ba ne ba e-na le mabaka a utloahalang a ho ba khahlanong le beng ba bona? Luther ha aa ka a leka ho iketsetsa lebitso ka ho fana ka karabo e neng e tla khahlisa bongata. O ne a lumela hore bahlanka ba Molimo ba lokela ho mamela balaoli. (Baroma 13:1) Kahlolong e sa hlatheng koana le koana, Luther o ile a re phetohelo eo e lokela ho felisoa ka likhoka. O ile a re: “Ea khonang a hlabe, a hlathe, a be a bolaee.” Hanns Lilje o ile a re karabo ena e ile ea etsa hore Luther “a se hlole a ratoa ke batho.” Ho feta moo, litlaleho tseo Luther a ileng a li ngola hamorao ka Bajuda ba neng ba hanne ho sokolohela Bokresteng, haholo-holo e bitsoang On the Jews and Their Lies, li ile tsa etsa hore ba bangata ba nke hore mongoli oa tsona o ne a hloile Bajuda.

Lefa la Luther

Phetohelo Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike, e hlohlelelitsoeng ke banna ba kang ke Luther, Calvin le Zwingli, e ile ea etsa hore ho thehoe mokhoa o mocha oa bolumeli o bitsoang Boprostanta. Lefa le leholo leo Luther a ileng a le siela Boprostanta e bile thuto ea hae ea motheo ea ho lokafatsoa ka tumelo. Sebaka ka seng Jeremane se busoang ke morena se ne se tšehetsa Boprostanta kapa tumelo ea K’hatholike. Boprostanta bo ile ba ata ’me ba e-ba le batšehetsi ba bangata Scandinavia, Switzerland, Engelane le Netherlands. Kajeno bo na le batšehetsi ba limilione tse makholo.

Ba bangata ba sa lumellaneng le sohle seo Luther a neng a se lumela ba ntse ba mo hlompha haholo. Seo pele e neng e le Rephabliki ea Jeremane ea Demokrasi, e neng e akarelletsa Eisleben, Erfurt, Wittenberg le Wartburg meeling ea eona, ka 1983 e ile ea keteka selemo sa bo500 sa ho ikhopotsa tsoalo ea Luther. Naha ena ea Puso ea Sechaba e ne e mo nka e le motho oa bohlokoa ka ho fetisisa historing le setsong sa Jeremane. Ho feta moo, moruti oa Mok’hatholike oa lilemong tsa bo-1980 o ile a akaretsa tšusumetso eo Luther a neng a e-na le eona ’me a re: “Ho batho ba phetseng ka mor’a Luther ha ho ea neng a ka bapisoa le eena.” Moprofesa Aland o ile a ngola a re: “Selemo le selemo bonyane ho na le lingoliloeng tse ncha tse 500 tse buang ka Martin Luther le ka Phetohelo Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike—’me li hatisitsoe hoo e ka bang ka lipuo tsohle tse khōlō tsa lefatše.”

Martin Luther o ne a le kelello e chatsi, a khona ho hopola lintho ka tsela e hlollang, a tseba puo, ’me a khothetse mosebetsing oa hae. Hape e ne e le sefela-peloana ebile a soma, ’me o ne a khobola seo a neng a se nka e le boikaketsi. Ha a le liphateng tsa lefu Eisleben ka February 1546, metsoalle ea Luther e ile ea mo botsa hore na o ntse a khomaretse litumelo tseo a neng a li rutile ba bang. O ile a araba a re “E.” Luther o ile a shoa, empa batho ba bangata ba ntse ba khomaretse litumelo tseo.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Luther o ne a le khahlanong le ho rekisoa ha mangolo a tšoarelo ea libe

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mit freundlicher Genehmigung: Wartburg-Stiftung

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Luther o ile a hana ho koenehela seo a se buileng ntle leha bahanyetsi ba hae ba ne ba ka paka ka Bibele hore o ne a fositse

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From the book The Story of Liberty, 1878

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Kamore ea Luther Qhobosheaneng ea Wartburg moo a ileng a fetolela Bibele teng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Both images: Mit freundlicher Genehmigung: Wartburg-Stiftung

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

From the book Martin Luther The Reformer, 3rd Edition, published by Toronto Willard Tract Depository, Toronto, Ontario

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]

From the book The History of Protestantism (Vol. I)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela