Lesiba la Sephooko
Na le Entsoe?
◼Baenjiniere ba lifofane ba khalla sephooko se fofang bosiu. Hobane’ng? Hobane se khona ho fofa se sa etse lerata. Mocha oa Inthanete o bitsoang National Geographic o re: “Ha ho na nonyana e ’ngoe e fofang e sa etse lerata joaloka sona.” Ke eng e etsang hore sephooko se khone ho fofa joalo?
Ak’u nahane: Moea o fetang ka holim’a masiba a linonyana tse ngata o etsa maqhubu a etsang molumo o lerata. Empa ka masiba a sephooko ho etsahala se fapaneng. Masiba a lintlheng a na le litjellane tse thibang molumo o hlahisoang ke moea o fetang ka holim’a lepheo ha le ea tlaase. Masiba a bonolo a ka hare ’meleng oohle oa sephooko a thusa ho monya molumo o setseng.
Baetsi ba lifofane ba ka rata ho ithuta ho eketsehileng ka se etsang hore sephooko se fofe se sa etse lerata. Ha ho ka ba le lifofane tse seng lerata haholo, seo se ka bolela hore libaka tsa boema-fofane tse lekang ka thata ho lekanyetsa lerata li ka khona ho tsamaisa lifofane bosiu le ka matjeke. Baetsi ba lifofane ba se ba ntse ba rerile ho li ntlafatsa ka tsela e itseng. Geoffrey Lilley, e leng moprofesa oa thuto e amanang le lifofane ea behileng meja fatše Univesithing ea Engelane ea Southampton, o re: “Re sa tsoa qala ho ithuta kamoo re ka etsang liphetoho tsena kateng.” O phaella ka hore ho ka ’na ha nka lilemo tse mashome pele ho etsoa sefofane se sa etseng lerata joalo.
U nahana’ng ka see? Na lesiba la sephooko le ntlheng ea lepheo, le fokotsang lerata le bile teng ka tšohanyetso? Kapa na le entsoe?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Long-eared owl: © Joe McDonald/Visuals Unlimited; barn owl sequence: © Andy Harmer/Photo Researchers, Inc.; feather comparison: Courtesy of Eike Wulfmeyer/Wikimedia/GFDL
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 23]
Bapisa lesiba la sephooko le ka ho le letšehali le la phakoe le ka ho le letona