Masiba Boqapi bo Hlollang
NONYANA EA LEOATLENG e lopalla e isitse mapheo morao. Ha e fihla holimo e etsa menyakoe, e phahama le moea habonolo feela. Nonyana ena e reteletsa mapheo le setono ho se hokae feela, e eme sebakeng e sa uputse mapheo. Ke’ng se e nolofalletsang ho fofa habonolo joalo le hona ka tsela e phethahetseng joalo? E thusoa ke masiba a eona.
Kajeno linonyana ke tsona feela liphoofolo tse melang masiba. Linonyana tse ngata li na le mefuta e sa tšoaneng ea masiba. Masiba a bonahalang haholo ke a ka holimo a maholo a bileng a leng thata. Masiba ao a akarelletsa a mapheo le a setono, a thusang nonyana ho fofa. Nonyana e nyenyane ea hummingbird e ka ’na ea e-ba le masiba ao a ka tlaase ho 1 000 ha khantši eona e ka ba le a fetang 25 000.
Masiba ke boqapi bo hlollang. Karolo e bohareng ea lesiba, e bitsoang rachis, ea tenyetseha ebile e matla ka tsela e hlollang. Karolong eo ho hlaha mela e fapanyetsanang e bitsoang li-barb e etsang karolo e bataletseng ea lesiba e bitsoang vane. Li-barb li tšoara ka lihakisi tse nyenyane tse makholo tse bitsoang li-barbule, tse itšoarellang lihakising tse ling, ho etsa ntho e kang zipi. Ha lihakisi tsena li qhoaoloha, nonyana e li qhoaela ka ho itlhoekisa. U ka etsa se tšoanang ka ho pholla lesiba le fokolang pakeng tsa menoana.
Masiba a thusang nonyana ho fofa ha a lekane ka hohle—ka ntlheng e ka pele a masesaane ho feta ka qetellong. Tsela ena e ikhethang eo a entsoeng ka eona e etsa hore lesiba ka leng eke ke lepheo le lenyenyane. Ha u shebisisa lesiba le leholo le thusang nonyana ho fofa, u tla bona hore le na le tselana e mathang ka thōko ho karolo e bohareng ea lesiba. Tsela ena eo le entsoeng ka eona e matlafatsa karolo e bohareng ea lesiba, e etsa hore le khone ho kobeha le ho sotheha empa le sa khaohe.
Masiba a Etsa Mesebetsi e Mengata
Linonyana tse ngata li na le masiba a mang a malelele a masesaane a bitsoang li-filoplume le masiba a ntšang phofo pakeng tsa masiba a maholo a thata. Ho nahanoa hore methapo ea kutlo e qalong ea li-filoplume e lemosa nonyana ha ho e-na le ntho e etsahalang masibeng a ka holimo le hore e ka ’na eaba e thusa nonyana ho lekanyetsa lebelo leo e fofang ka lona. Li-barb tsa masiba a ntšang phofo—e leng ’ona feela masiba a lulang a hōla a bile a sa hlothehe—lia foforeha ebe li etsa phofo eo ho nahanoang hore e thibela metsi ho monyela masibeng a nonyana.
E meng ea mesebetsi eo masiba a e etsang ke ho sireletsa linonyana mochesong, serameng le mahlaseling a kotsi. Ka mohlala, matata a leoatle a khona ho phela libakeng tse fokang moea o batang oa leoatle. A thusoa ke eng? Tlas’a masiba a maholo ao ho leng thata ho a phunyelletsa ho na le moalo o ririellaneng oa masiba a bonolo a bitsoang down, a botenya ba lisenthimithara tse 1,7 ’me a koahetse boholo ba ’mele oa letata. Masiba ana a khona ho thibela serame hoo ho seng letho le entsoeng le khonang ho thibela serame joaloka ’ona.
Qetellong masiba ana aa khathala ebe aa hlotheha ’me ho hlaha a macha. Linonyana tse ngata li hlotheha masiba a mapheo le a setono ka tsela e hlophisehileng le e loketseng e le hore li ’ne li khone ho fofa.
“A Entsoe ka Tsela e Hlollang”
Lifofane tse sireletsehileng li raliloe, tsa hahoa le ho etsoa ka boqhetseke. Ho thoe’ng ka linonyana le masiba? Kaha ha ho na bopaki ba mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo, ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba sitoa ho lumellana hore na masiba a bile teng joang. Makasine ea Science News e re ho phehisanoa khang ka taba ena “joalokaha eka ke ea bolumeli,” “batho ba bitsana mabitso a tletseng lehloeo” le “bo-rasaense ba mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo ba lumela ka matla lintlheng tse itseng.” Setsebi se seng sa baeloji se buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho, se ileng sa hlophisa hore ho tšoaroe seboka se buang ka khopolo ea ho ba teng ha lesiba ka ho iphetola, se ile sa re: “Ke ne ke sa nahane hore taba leha e le efe ea saense e ka etsa hore batho ba itšoare ka tsela e mpe ba be ba halefe joalo.” Haeba ka sebele masiba a bile teng ka ho iphetola ha lintho, ke hobane’ng ha batho ba ka halefa joalo ha ba buisana ka taba ee?
Buka e bitsoang Manual of Ornithology—Avian Structure and Function ea Univesithi ea Yale e re: “Bothata ke hore masiba a entsoe ka tsela e hlollang.” Masiba ha a na letho le bontšang hore ho kile ha hlokahala hore a ntlafatsoe. Ha e le hantle, “mesaletsa ea masiba a khale ka ho fetisisa a tsejoang e shebahala joalokaha eka ke ea masiba a macha hoo ho leng thata ho a khetholla ho masiba a linonyana tse ntseng li fofa le kajeno.”a Leha ho le joalo, khopolo ea ho iphetola ha lintho e ruta hore masiba a bile teng butle-butle, ha ho ntse ho etsahala liphetoho letlalong le ka holimo. Ho feta moo, Manual eo e re: “Masiba a ne a ke ke a iphetola ka tsela e etsang hore nonyana e khone ho ikamahanya le maemo methating e latelang.”
Ka mantsoe a mang, esita le khopolo ea ho iphetola ha lintho e sitoa ho hlahisa lesiba ntle le hore ebe mohato o mong le o mong letotong le lelelele la liphetoho tse iketsahaletseng feela sebōpehong sa lesiba tse bileng li ka futsoang, o ile oa ntlafatsa monyetla oa hore phoofolo e tsoele pele e phela. Ba bangata ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho le bona ba thatafalloa ho lumela hore lesiba le rarahaneng le bileng le sebetsang ka tsela e hlollang joalo le bile teng ka tsela eo.
Ho feta moo, haeba masiba a bile teng butle-butle ka nako e telele, tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo e lokela ho hlahisa mefuta e meng lipakeng. Empa ha ho mesaletsa e fumanoeng ea masiba a mang, haese ea masiba a seng a ntse a feletse. Manual eo e re: “Ka bomalimabe masiba a rarahane haholo hore ebe a bile teng ka ho iphetola ha lintho.”
Linonyana ha li Hloke Masiba Feela Hore li Fofe
Taba ea hore masiba a entsoe ka tsela e hlollang hase eona feela e tšoarisang ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho bothata kaha hoo e batlang e le karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea nonyana e etselitsoe ho fofa. Ka mohlala, nonyana e na le masapo a bobebe ’me e phefumoloha ka mokhoa o ikhethang o atlehang haholo e bile e na le mesifa e khethehileng ho uputsa le ho tsamaisa mapheo. E na le mesifa e laolang masiba ka bonngoe. E na le methapo ea kutlo e hokahanyang mosifa o mong le o mong le boko bo bonyenyane ba nonyana bo seng bo ntse bo e-na le boitsebiso bo reretsoeng ho laola lintho tsena kaofela ka nako e le ’ngoe, ka tsela e itlelang feela e bileng e nepahetseng. Ha e le hantle, e le hore nonyana e fofe ha ho hlokahale masiba feela empa ho hlokahala likarolo tsena kaofela tse rarahaneng ka tsela e hlollang.
Hape u hopole hore nonyana e ’ngoe le e ’ngoe e tsoa seleng e nyenyane e nang le litaelo tse feletseng tse laolang tsela eo e hōlang ka eona e le hore e etse lintho tse itseng ka tlhaho, ’me ka le leng e khone ho fofa. Na see sohle se ka iketsahalla feela tjee ka tšohanyetso? Kapa na ke bopaki bo hlakileng ba tlhaloso e bonolo ka ho fetisisa e bileng e utloahalang ka ho fetisisa eo hape e lumellanang le saense—ea hore linonyana le masiba a tsona li bontša hore ho na le Moetsi ea bohlale haholo? Bopaki bo totobetse.—Baroma 1:20.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mesaletsa ea lesiba la boholo-holo ke la nonyana e bitsoang archaeopteryx, e seng e sa fumanehe, eo ka linako tse ling ho thoeng ke nonyana ea boholo-holo e “sieo” linonyaneng tse teng kajeno. Empa litsebi tse ngata tsa mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo ha li sa nka hore nonyana eo ke moholo-holo oa linonyana tse teng kajeno.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]
“BOPAKI” BA BOLOTSANA
Bo bong ba “bopaki” ba mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo bo ’nileng ba thoholetsoa ka hore bo bontša hore linonyana li tsoa liphoofolong tse ling, ho fumanehile hore ke ba bolotsana. Ka mohlala, ka 1999 makasine ea National Geographic e ile ea hatisa sehlooho se khethehileng se neng se bua ka mesaletsa ea phoofolo e nang le masiba le mohatla o kang oa dinosaur. Makasine eo e ile ea re phoofolo eo ke “eona e sieo letotong le rarahaneng le amahanyang li-dinosaur le linonyana.” Leha ho le joalo, ho ile ha hlahella hore mesaletsa eo ke bolotsana bo entsoeng ka phoofolo e iqapetsoeng, ho kopantsoe liphoofolo tse peli tse sa tšoaneng. Ha e le hantle, ha ho nonyana e joalo e “sieo” e seng e kile ea fumanoa.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
O. Louis Mazzatenta/National Geographic Image Collection
[Lebokose le leqepheng la 25]
SEO LEIHLO LA NONYANA LE SE BONANG
Batho baa hlolloa ke mebala e hlakileng ea masiba eo hangata e bileng e khanyang. Empa linonyana tse ling li ka ’na tsa bona masiba a thahasellisa le ho feta. Mahlo a linonyana tse ling a na le lisele tsa mefuta e mene tse khonang ho khetholla mebala, ha a batho ’ona a na le tsa mefuta e meraro feela. Lisele tsa mofuta ona o mong li nolofalletsa linonyana ho bona mahlaseli a khanya, ao batho ba sa khoneng ho a bona. Batho ba bona linonyana tse itseng tse tona le tse tšehali eka lia tšoana, empa masiba a nonyana e tona a bonahatsa mahlaseli a khanya ka tsela e fapaneng le eo e bonahatsoang ke masiba a nonyana e tšehali. Linonyana li khona ho bona phapang ena, e leng se ka ’nang sa li thusa ho fumana tseo e tla ba balekane ba tsona.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Barb
Barbule
Rachis
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Masiba a maholo a thata
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
“Filoplume”
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Lesiba le ntšang phofo
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Lesiba la “down”
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Nonyana ea leoatleng