Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/10 maq. 24-26
  • Se Entseng Hore ke Tlohele Mosebetsi o Hlamatsehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se Entseng Hore ke Tlohele Mosebetsi o Hlamatsehang
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Entseng Hore ke Rate Jehova
  • Ke Fetola Tsela eo ke Phelang ka Eona
  • Thabo le Liphephetso
  • Qeto eo ke sa Ikoahlaeleng Eona
  • Ke Hobane’ng ha ke Itšeha?
    Bacha Baa Botsa
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ho Ngoliloe Hore ke Tla mo Bona
    Tsoha!—2005
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 6/10 maq. 24-26

Se Entseng Hore ke Tlohele Mosebetsi o Hlamatsehang

Joalokaha ho boletse Martha Teresa Márquez

HAESALE ke rata ho bina, ke ne ke bile ke bina seea-le-moeeng ha ke sa le ngoana. Ke kene sekolo hanyane feela, ’me hamorao ka kenela thupelo ea ho bina ka mantsoe, Mexico City, e neng e tsamaisoa ke mookameli oa sehlopha sa naha se binang ka mantsoe le ka liletsa.

Ka 1969, ha ke le lilemo li 24, motsoalle e mong oa ka ea neng a tantša o ile a ’memela reschorenteng ea La Rampa Azul, e neng e tumme ka nako eo, moo ho neng ho il’o khethoa libini. Ke ile ka bina pina e tsebahalang ea Cucurrucucú Paloma e qapiloeng ke Tomás Méndez oa Mexico, ’me bamameli ba e rata. Ke qalile ho ba sebini ka eona nako eo. Ke ne ke bina ke le mong ke ipitsa Romelia Romel.

Ke ile ka sebetsa le Tomás Méndez, hammoho le libini le baqapi ba bang ba lipina ba nang le bokhoni ba Mexico, ho akarelletsa Cuco Sánchez le Juan Gabriel. Ke ne ke thabisoa ke ho bona lebitso la ka le ngotsoe ka mabone le bile le hlaha likoranteng le limakasineng. Ke ne ke bina li-nightclub, seea-le-moeeng le likonsareteng, Mexico le Belize. Ke ile ka boela ka sebetsa le Leonorilda Ochoa oa Mexico, ea tummeng ka ho etsa metlae ha lenaneo la hae la thelevishene le sa tsoa qala Mexico.

Ha nako e ntse e ea, ke ile ka tuma ’me ka fumana chelete—e lekaneng hore ke khone ho ba le lintho tse ntle tse kang mabenyane, lijase tsa mink le ho lula foleteng ea maemo. Ho ne ho bonahala eka ke na le sohle seo ke se hlokang, empa ke ne ke sa thaba. Ke ne ke se na morero bophelong. Le hoja ke hōlisitsoe ke le Moroma oa K’hatholike, ke ne ke le lihlong ho ea kerekeng. Ke ne ke ikutloa ke sa hloeka ka lebaka la ho phela ka boitšoaro bo litšila.

Se Entseng Hore ke Rate Jehova

Ha ke ntse ke itokisetsa ho ntša rekoto ea ka ea pele, ke ile ka phetlela motsoalle e mong oa ka sefuba ea bitsoang Lorena Wong, ea neng a bina ’mino oa ranchera. Ke ile ka mo bolella hore nka rata ho ba moitlami e le hore ke thuse batho ba futsanehileng. O ile a khotsa a re: “U batla ho ba moitlami? U fapane hlooho!”

Eaba oa mpotsa: “Na u tseba lebitso la Molimo?”

Ka mo araba ka ho re: “Ke Morena Jesu Kreste.”

A re: “Che, lebitso la hae ke Jehova. Jesu ke Mora oa hae.”

Ka re: “Ke Jehova?” Ke ne ke qala ho utloa lebitso leo. Lorena o ile a mpha Bibele ’me a ntšepisa hore o tla romela Paki e ’ngoe ea Jehova eo a ithutang le eona hore e nketele.a

Nako le nako ha ke bona Lorena, ke ne ke mo botsa hore na, “U tla romela motho eloa neng?” Ke ne ke lapile moeeng.

Ho sa le joalo, ke ile ka qala ho ipalla Bibele ’me ka bona hore ha e le hantle lebitso la Molimo ke Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Ke ile ka hlolloa. Ke ile ka bala le Melao e Leshome ’me ka makatsoa ke o reng: “U se ke ua feba.” (Exoda 20:14) Ka nako eo, ke ne ke lula le monna ea nyetseng ’me re e-na le ngoana oa moshanyana ea likhoeli li robeli. E ne e le ngoana oa ka oa bobeli. Ke ne ke e-na le ngoana e mong oa moshanyana le monna e mong ea sa kang a ’nyala.

Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke itokiselletsa ho ea bina lenaneong le lecha, ho ile ha kokota motho foleteng ea ka. E ne e le Mauricio Linares ea neng a ithuta le Lorena, a e-na le mosali oa hae. Ba ile ba mpontša hore na morero oa Molimo ke ofe ka moloko oa batho ’me ba ntšiela buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng.b Ke ile ka qeta ho e bala ka bosiu bo le bong, le hoja ke ne ke sokolisoa ke mantsoe a thata. Ke ile ka qala ho rata Jehova ka nako eo.

Ke Fetola Tsela eo ke Phelang ka Eona

Lipaki li ile tsa nthusa ho ithuta Bibele le ho ntlafatsa tsela eo ke balang ka eona ’me ka hlokomela hore ke tlameha ho fetola tsela eo ke phelang ka eona e le hore ke thabise Jehova. Ke ile ka qala ka lahla litšoantšo, likhau le lithatho tsa mahlohonolo, le hoja li ne li entsoe ka khauta.

Ke ile ka thatafalloa ho tlohela ho tsuba le ho noa haholo. Ha ke ne ke feta moo ho rekisoang joala, ke ne ke bo khalla. Ke ile ka tlameha ho khaotsa ho itsoakanya le metsoalle eohle ea ka, kaha e ne e mpha joala ebile e ’memela hore ke il’o noa le ho ja le eona lireschorenteng tsa maemo. Ke ne ke tseba hore seo se tla etsa hore ke qetelle ke noele haholo.

Ke ne ke boetse ke thatafalloa ho khaotsa ho ea meketeng ea batho ba ruileng le ba tummeng. Ha ke ne ke memeloa moketeng oa letsatsi la tsoalo la sebapali se seng sa litebele se tummeng sa Cuba, ke ile ka rapela ka re: “Ke kōpa hore ke ee lekhetlo lena la ho qetela feela, Jehova. Nke ke ka hlola ke ea meketeng e joalo kapa ke etsa lintho tseo u sa li thabeleng.” E ile ea ba ke qetetse.

Ke ile ka khaohana le ntate oa mora oa ka oa bobeli. Ka mo tlohela le hoja a ne a ruile a bile a ntšepisa hore o tla mpha sohle seo ke se batlang haeba ke lula. Ho ne ho le thata haholo ho khaohana le eena kaha ke ne ke mo rata, ’me o ne a tseba seo. Ka boikhohomoso, o ile a re: “Ke ’na Molimo oa hao! Ke ’na Kreste oa hao!”

Ke ile ka mo araba ka re: “E ka ’na eaba u ne u le eena, empa hona joale Jehova ke eena Molimo oa ka.” O ile a ntšosa ka hore o tla nka ngoana le ho ’ntša kotsi.

Ka nako eo, batho ba bang ba ne ba mpolella hore ho bina ke mosebetsi o tšoanang le e meng—le hore nka ba Paki ke ntse ke le sebini. Empa ba bang ba ile ba nkhopotsa hore: “Ha ho na lekhoakhoa le tla u sireletsa ho tsubeng, ho noeng le litlhahisong tse tsoileng tseleng tsa batšehetsi ba hao.” Ke ile ka hlokomela keletso e bohlale e mantsoeng ana a qetellang.

Ha ke ntse ke le sebini se tummeng, batho ba ne ba leka ho ikatametsa ho ’na. Ke ne ke ikemiselitse ho khaotsa ho ipepesetsa liteko tseo. Kahoo ka 1975, ke ile ka ikhula tumellanong ea ho ea tšoara likonsarete Chaena, ’me likhoeli tse tšeletseng hamorao ka kolobetsoa ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

Thabo le Liphephetso

Ke ne ke tla iphelisa ka’ng le ba lelapa la ka? Ke ne ke sa kena sekolo ’me ke itsebela ho bina feela. Ausi oa ka Irma le bana ba hae ba bararo, hammoho le bashanyana ba ka ba babeli ba ne ba tšepetse ho ’na. Re ile ra tlameha ho falla foleteng ea maemo ra ea ntlong e nang le likamore tse peli tse nyenyane. Ho ne ho le thata haholo ho tloha bophelong bo mabothobotho ho ea bophelong ba ho sotleha. Ausi le bana ba ile ba qeta nako ba ntšoma ba bile ba nqobella hore ke tsoele pele ke bina, empa ke ne ke ikemiselitse ho etsa seo ke neng ke tlameha ho se etsa e le hore ke sebeletse Jehova.

Ke ile ka qala ho rekisa lintho tsa ka tsa bohlokoa—mabenyane, lijase le koloi—eaba re iphelisa ka chelete eo. Ka mor’a nako, chelete eo e ile ea fela. E le hore re qobe ho hlorisoa ke ntate oa mora oa ka oa bobeli, ka 1981 re ile ra fallela motseng o karolong e ’ngoe ea naha, moo a neng a ke ke a re fumana.

Ha re le moo, Lipaki li ile tsa nthuta ho etsa li-tamale, makoenya le lijo tse ling tseo nka li rekisang. Hamorao ke ile ka fumana mosebetsi fekthering ’me ke ne ke sebetsa bosiu. Empa mosebetsi oo o ne o ntšitisa ho kopanela libokeng tsa Bokreste le ho sebeletsa Molimo. Kahoo qetellong ke ile ka o tlohela eaba ke qala ho etsetsa li-tamale hae. Ke ne ke li nka ka libaskete ebe ke li rekisa seterateng. Ke khonne ho iphelisa ka tsela ena tšebeletsong ea nako e tletseng.

Qeto eo ke sa Ikoahlaeleng Eona

Ha batho ba mpotsa hore na ke ikutloa joang ka ho tlohela mosebetsi o hlamatsehang oa ho bina, ke ba bolella hore nke ke ka tela seo ke se tsebang ka Jehova le seo ke se utloisisang ka merero ea hae e babatsehang molemong oa ntho leha e le efe. Ke ile ka thabela ho bona bara ba ka ba hatela pele tsebong ea Bibele, ba inehela ho Jehova ’me ba nyala balumeli-moho le bona. Bara ba ka ka bobeli, ba thusana le basali ba bona, ba hōlisa bana ba bona hore ba sebeletse Jehova Molimo.

Ke qetile lilemo tse ka bang mashome a mararo ke le pula-maliboho, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li bitsang ba etsang mosebetsi oa boboleli ka nako e tletseng kateng. Ka thuso ea Molimo ke thusitse batho ba bangata ho ithuta linnete tsa Bibele le hore ba inehele ho Molimo, ho akarelletsa le Irma le morali oa hae. Ke ho thabisang haholo ho kopana le “bana bao ba moea” le ho ba fumana ba ntse ba tsamaea ’neteng—’me ba bangata ba bona ke bo-pula-maliboho. (3 Johanne 4) Kajeno ke lilemo li 64, ’me ke khannela ba bang ba 18 thuto ea Bibele.

Tlhoko ea moea eo ke neng ke e-na le eona ha ke sa le sebini se secha le takatso ea ho thusa ba bang e khotsofalitsoe ke ho mamela taelo ea Jesu e reng ‘e-eang ’me le etse barutuoa.’ (Matheu 28:19, 20) Ke ananela haholo hore ebe Jehova o ntširelelitse lilemo tsena tsohle ’me o ntse a tsoela pele ho ntšireletsa! Ka sebele ke ‘latsoitse ’me ke bone hore o molemo.’—Pesaleme ea 34:8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hamorao Lorena Wong e ile ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa hona joale.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ke na le bara ba ka, basali ba bona le Ausi, eo ke ntseng ke bula maliboho le eena

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ke ntse ke etsa li-“tamale” le ho li rekisa seterateng e le hore ke iphelise ha ke ntse ke le tšebeletsong ea nako e tletseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela