Tsa Mona le Mane
Ho ea ka phuputso e ’ngoe e entsoeng, banna ba Brazil ba ka etsang karolo ea 10,3 lekholong ba kopanelang liphate ba lilemo li 15 ho ea ho 64 ba kopanetse liphate bonyane le motho a le mong eo ba kopaneng le eena Inthaneteng, likhoeling tse 12 tse fetileng.—LEFAPHA LA BOPHELO LA BRAZIL.
Ke khale Leoatle la Arctic le koahetsoe ke leqhoa le lengata le phaellaneng la botebo ba limithara tse 80. Hona joale “leqhoa lena le phaellaneng ka lilemo-lemo . . . le nyametse ka ho feletseng, e leng ntho e makatsang e tla etsa hore likepe li khone ho feta ntlheng ea lefatše.”—REUTERS NEWS SERVICE, CANADA.
Moscow le Vatican li phatlalalitse hore li thehile maqhama a feletseng.—RIA NOVOSTI, RUSSIA.
Kilimanjaro, e leng thaba e phahameng ka ho fetisisa Afrika, “e lahlehetsoe ke karolo ea 26 lekholong ea leqhoa le neng le e aparetse, pakeng tsa 2000 le 2007.”—DAILY NATION, KENYA.
Ba Rata ho Iketsetsa Lintho ba le Bang Empa ba Nyahame
Koranta ea London e bitsoang Daily Telegraph e tlaleha hore ho ea ka bafuputsi, batho ba Brithani “ba rata ho iketsetsa lintho ba le bang ho feta ba bang bohle lefatšeng, ba nkela holimo taba ea ho etsa lintho ba le bang ho e-na le ho li etsa e le sehlopha.” Phuputsong e ’ngoe ho fumanoe hore batho ba Brithani ke ba bang ba batho ba atisang ho ba le bothata ba ho nyahama le ho tšoenyeha ho feta ba linaha tse ling. Litsebi tse ling li lumela hore lintlha tsena lia tsamaisana. Ho ile ha etsoa liphuputso ho bapisoa batho ba linaheng tsa Bophirimela le batho ba Chaena le ba Taiwan. Bathong ba Chaena le ba Taiwan, ba khethang ho etsa lintho e le sehlopha ho e-na le ho iketsetsa tsona ka bomong ho ile ha bonahala eka seo se ba sireletsa mathateng a kelello. Koranta ea Telegraph e re batho ba linaheng tsa Bophirimela, “ba nyahama . . . ka lebaka la ho icheba bobona.”
Manyalo a Basodoma Kerekeng ea Sweden
Ka October 2009, Kereke ea Lutere ea Sweden e ile ea lumela hore kereke e nyalise basodoma. E ile ea etsa qeto eo ka mor’a likhoeli tse seng kae paramente ea Sweden e amohetse molao o reng batho ba bong leha e le bofe ba ka nyalana. Koranta ea Dagens Nyheter e re: “Sena se bolela hore Kereke ea Sweden ke e ’ngoe ea likereke tse khōlō lefatšeng e qalang ho kheloha neanong ea hore lenyalo ke kopano ea monna le mosali.”
Masea a Lla ka Puo Efe?
Ho ea ka bafuputsi Univesithing ea Würzburg, Jeremane, ho tloha ha a le matsatsi a mabeli feela, masea a lla ho latela puo ea ’mè. Bafuputsi bao ba ile ba rekota masea a 30 a Mafora le a 30 a Majeremane ’me ba hlahloba maqhubu a molumo, tsela eo a llang ka eona le bophahamo ba molumo. Masea a Mafora a ne a atisa ho lla a qala ka molumo o tlaase o ntan’o phahama, ha masea a Majeremane ’ona a ne a atisa ho qala ka molumo o phahameng o ntan’o theoha. Masea ao kaofela a ne a etsisa tsela eo puo ea batsoali ba ’ona e leng ka eona. Kahoo, ba lumela hore masea a qala ho ithuta puo ha a ntse a le ka pōpelong le hore lesea le qala ho bua puo eo ha le lla.