Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/12 leq. 20
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baruti ba Orthodox e Russia e se e ka ba Bo-nkhetheng
  • Mathata a Macha Litabeng Tsa Molao
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2011
  • Bokamoso ba Bolumeli ke Bofe?
    Tsoha!—2001
  • Batho ba Russia ba Nka Bolokolohi ba Borapeli e le Letlotlo
    Tsoha!—2000
  • Kamoo Bolumeli bo Ileng ba Pholoha
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 1/12 leq. 20

Tsa Mona le Mane

Ho ea ka phuputso e entsoeng ho batho ba baholo ba etsang karolo ea 76,3 lekholong ba Jeremane, ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong “ha ho kotsi ho hang” ’me “ha ho bolele hore ba amehang ba lokela ho ratana.” Hoo e ka bang halofo ea batho bao, ba boletse hore ha ho na phoso ha motho ea lenyalong a bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong eo a sa mo tsebeng.—APOTHEKEN UMSCHAU, JEREMANE.

Phuputso e entsoeng naheng ka bophara Russia, e bontša hore karolo ea 48 lekholong ea batho ba moo, e lumela hore litlhaselo tsa bokhukhuni “e se e le ntho e lebeletsoeng” le “e tloaelehileng bophelong.”—KOMMERSANT, RUSSIA.

“Ha ba leka ho etsisa mokhoa o neng o sebelisoa ke masole a mehleng ea boholo-holo ha a thibella motse o nang le marako,” morao tjena, batho ba mokolang lithethefatsi ba Mexico, ba ile ba leka ho qoba moeli o sirelelitsoeng—ba sebelisa “seqha se seholo” se behiloeng holim’a tereilara e kentsoeng rekere e matla, “e le hore ba tsoibilele lithethefatsi ka leboea” ka mose oane ho terata e moeling oa United States.—REUTERS NEWS SERVICE, U.S.A.

“Baimana ba babeli ho ba bahlano” ba New York City, ba qetella ba ntšitse mpa. Palo eo “ha e-s’o fetohe ka lilemo tse fetang leshome.”—THE NEW YORK TIMES, U.S.A.

Batho ba bolaeang likokoanyana tse senyang lijalo ba ile ba makala ha ba ne ba bitsoa hore ba tl’o tšoara phokojoe e neng e le mokatong oa bo-72 oa mohaho o molelele o neng o ntse o hahuoa London bohareng. Phoofolo ena e neng “e phela ka lijo tse neng li lahloa ke lihahi,” e ile ea lokolloa haufi le moo.—THE TELEGRAPH, LONDON.

Baruti ba Orthodox e Russia e se e ka ba Bo-nkhetheng

Lekhotla la litaba la RIA Novosti le re: “Lekhotla la Babishopo la Kereke ea Orthodox e Russia, le fane ka tumello ea hore baruti e be bo-nkhetheng ba lipolotiki tlas’a maemo a itseng a lumeletsoeng e le hore ba ka sireletsa kereke hore e se be le likarohano le ho e sireletsa litšosong tse ling tse tobileng.” Ho ea ka se boletsoeng ke babishopo, maemo a joalo a hlaha ha ho hlokahala hore “ho thibeloe tšusumetso e matla e hlahang ho lihlopha tse ling tse ikarotseng kapa likerekeng tse ling tse batlang ho sebelisa matla a tsona a ho khetha, e le hore li loantše Kereke ea Orthodox.”

Mathata a Macha Litabeng Tsa Molao

Mekhoa e mecha e thusang banyalani ba sitoang ho ba le bana hore ba be le bona, eo ka nako e ’ngoe ho neng ho nkoa hore e ke ke ea sebetsa, e se e hlahisa mathata a macha litabeng tsa molao. Koranta ea The Wall Street Journal e re: “Selemo le selemo ho hlaha bana ba bangata ba tsoaloang ho sebelisoa peō ea botona kapa mahe a emolisitsoeng a ’nileng a bolokoa ka likhoeli kapa lilemo tse itseng. Maemong a mang, ngoana o hlaha motsoali e mong a se a hlokahetse, ’me hangata e le ntate.” United States, khoeli le khoeli likhutsana tse ling li fumana chelete ho tsoa mokhatlong oa Thuso ea Sechaba. Empa molao oa linaha oa fapana tabeng ea hore na chelete e joalo e lokela ho fuoa ngoana haeba a hlahile ka mor’a lefu la motsoali oa hae e mong. Sonny Miller, e leng ’muelli oa molao naheng ea Minnesota o re: “Theknoloji e entse lintho tse khōlō ho feta kamoo molao o neng o lebeletse.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela