Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/10 maq. 4-6
  • Na Saense e Pakile Hore Molimo ha a eo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Saense e Pakile Hore Molimo ha a eo?
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Melao ea Tlhaho e Bile Teng Joang?
  • U Tla Khetha ho Lumela Hofe?
  • Na Saense e Lumellana le Hore Lintho li Bile Teng ka Lehlohonolo Feela?
  • Na ke ho Utloahalang ho Lumela ho Molimo?
    Tsoha!—2010
  • Bokahohle le Bophelo li Bile Teng Joang?
    Tsoha!—2002
  • Ho se Lumele ha Kajeno Na ho Batla ho Lokela ho Tsoela Pele?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • U ka Fumana Likarabo Hokae?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 11/10 maq. 4-6

Na Saense e Pakile Hore Molimo ha a eo?

KA LILEMO tse 50, Antony Flew e bile ra-filosofi oa Brithani ea neng a sa lumele hore Molimo o teng ’me a hlomphuoa haholo ke bo-rafilosofi ba bang. Tokomane ea hae ea 1950 e bitsoang “Thuto ea Bolumeli le Mashano e ile ea e-ba khatiso ea filosofi e hatisoang ka ho fetisisa lekholong la [bo20] la lilemo.” Ka 1986 ho ile ha thoe Flew ke “motho ea itlhommeng pele har’a batho ba mehleng eo ba neng ba hanyetsa taba ea hore Molimo o teng.” Kahoo, batho ba bangata ba ile ba makala haholo ka 2004 ha Flew a ne a phatlalatsa hore o fetotse maikutlo.

Ke eng e ileng ea etsa hore Flew a fetole maikutlo? Ha e le hantle, ke saense. O ile a kholiseha hore bokahohle, melao ea tlhaho le bophelo ka bobona li ne li ke ke tsa e-ba teng ka tšohanyetso feela. Na eo ke qeto e utloahalang?

Melao ea Tlhaho e Bile Teng Joang?

Paul Davies, eo e leng setsebi sa fisiks ebile e le mongoli o bolela hore saense e hlalosa ka tsela e babatsehang liketsahalo tsa tlhaho tse kang pula. Empa o re: “Ha ho tluoa . . . lipotsong tse kang, ‘Ke hobane’ng ha ho e-na le melao ea tlhaho?’ karabo ha e hlake hantle. Ho sibolloa ha lintho tse itseng tsa saense ha ho ame likarabo tsa lipotso tsena: lipotso tse ngata tse ka sehloohong ha lia fetoha ho tloha ha tsoelo-pele e ne e qala ’me li ntse li re tšoenya le kajeno.”

Ka 2007, Flew o ile a ngola a re: “Ntlha ea bohlokoa hase feela hore lintho tsa tlhaho li etsahala ka tsela e tšoanang, empa tsela eo e nepahetse, e lumellana le lipalo, e sebetsa hohle ’me lintho tsena li ‘sebelisana haufi-ufi.’ Einstein o ile a li bitsa ‘bopaki bo bontšang bohlale.’ Potso eo re lokelang ho ipotsa eona ke hore na ho tlile joang hore lintho tsa tlhaho li be ka tsela ena. Ka sebele ena ke potso eo bo-rasaense ba akarelletsang Newton, Einstein le Heisenberg ba ileng ba e botsa—’me ba e araba. Karabo ea bona e ile ea e-ba hore ke Bohlale ba Molimo.”

Ha e le hantle, bo-rasaense ba bangata ba hlomphehang haholo ba nka hore ho lumela hore ho na le Moqapi oa Tsohle ea bohlale ke taba e lumellanang le saense. Ka lehlakoreng le leng, e batla e le ho sa utloahaleng ho lumela hore bokahohle, melao ea bona le bophelo li bile teng ka tšohanyetso. Lintho tse etsahalang letsatsi le letsatsi, haholo-holo tse rarahaneng li bontša hore ho na le motho ea li entseng.

U Tla Khetha ho Lumela Hofe?

Le hoja batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng ba bolela hore ba itšetlehile ka saense, ’nete ke hore batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng kapa ba lumelang hore o teng ha baa itšetleha ka saense feela. Maemong ao ka bobeli, ho ameha tumelo e itseng, ea ba sa lumeleng hore Molimo o teng, ba lumelang hore lintho li bile teng ka tšohanyetso ntle ho morero le ba lumelang hore ho na le Moqapi oa Tsohle ea bohlale. John Lennox, e leng moprofesa oa lipalo Univesithing ea Oxford, Engelane, o re ba sa lumeleng hore Molimo o teng ba buella maikutlo a hore “lintho tsohle tseo batho ba bolumeli ba li lumelang ha li na mabaka.” O phaella ka ho re: “Re lokela ho hatisa ka matla hore ba fositse.” Ka hona, potso ke hore: Ke tumelo efe eo ho ka pakoang hore e nepahetse—na ke ea motho ea sa lumeleng hore Molimo o teng kapa ke ea motho ea lumelang hore o teng? Ka mohlala, ak’u nahane ka qaleho ea bophelo.

Batho ba buellang hore lintho li iphetotse ba lumela ntle ho tikatiko hore tsela eo bophelo bo qalileng ka eona e ntse e le sephiri—le hoja ho e-na le maikutlo a mangata a hanyetsanang. Richard Dawkins, ea li hulang pele tabeng ea ho se lumele hore Molimo o teng, o bolela hore ka lebaka la lipolanete tse ngata tse teng bokahohleng, e tlameha ebe bophelo bo qalile kae-kae moo. Empa bo-rasaense ba bangata ba hlomphehang ha baa kholiseha hakaalo. Moprofesa John Barrow, oa Cambridge, o re tumelo ea hore “bophelo le kelello li bile teng ka ho iphetola ha lintho” hase “ntho e utloahalang likarolong tsohle. Ho na le lintho tse ngata tse ka sitisang lintho tse phelang ho iphetola ha li le tikolohong e rarahaneng le maemong a thata, hoo e neng e tla ba boikhohomoso ho nahana hore hafeela ho e-na le k’habone ebile ho feta nako e lekaneng, ho ka etsahala ntho leha e le efe.”

Hape hopola hore bophelo hase feela motsoako oa lik’hemik’hale. Ho e-na le hoo, bo itšetlehile ka boitsebiso bo rarahaneng haholo, bo kentsoeng ka har’a DNA. Kahoo, ha re bua ka qaleho ea bophelo, re boetse re bua ka qaleho ea boitsebiso bo amanang le lintho tse phelang. Ke mohloli ofe feela oa boitsebiso oo re o tsebang? Ha e le hantle, ke bohlale. Na ntho e iketsahaletseng ka tšohanyetso feela e ka hlahisa boitsebiso bo rarahaneng, bo kang lenaneo la k’homphieutha, tsela ea ho sebetsa lipalo, buka ea boitsebiso, kapa esita le risepe ea ho baka kuku? Le hanyenyane. Empa ha ho tluoa tabeng ea ho rarahana le ho sebetsa hantle, lintho tsena li ke ke tsa bapisoa le boitsebiso bo liphatseng tsa lefutso tsa lintho tse phelang.

Na Saense e Lumellana le Hore Lintho li Bile Teng ka Lehlohonolo Feela?

Paul Davies o hlalosa hore ho ea ka batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng, “bokahohle bo kamoo bo leng kateng, ha bo utloisisoe ’me ho iketsahaletse feela hore ebe ho na le bophelo ho bona.” Ba bolela hore “haeba lintho li ne li bile kahosele, re ne re ke ke ra ba teng hore re ’ne re phehisane ka taba ena. E ka ’na eaba ho na le bonngoe ba motheo bokahohleng kapa ha bo eo, empa ha ho na moralo kapa morero—oo bonyane re o utloisisang.” Davies o re: “Molemo oa ho lumela taba ena ke hore ho bonolo ho e sireletsa,” hoo motho a ka nolofalloang ho fumana mabaka a boikemelo.

Bukeng ea hae e bitsoang Evolution: A Theory in Crisis, setsebi sa baeloji ea limolek’hule, e leng Michael Denton o ile a fihlela qeto ea hore khopolo-taba ea ho iphetola ha lintho “e batla e tšoana le molao-motheo oa bonohe ba linaleli mehleng e bohareng ho fapana le ho ba thuto ea saense . . . e nahannoeng ka hloko.” O ile a boela a re thuto ea Darwin ea hore lintho li iphetotse ke e ’ngoe ea litšōmo tse khōlō ka ho fetisisa tsa mehleng ea rōna.

Ha e le hantle, taba ea hore lintho li bile teng ka lehlohonolo la motea-phala ke tšōmo feela. Nahana ka sena: Moepolli oa lintho tsa khale o bona lejoe le batlang le le sekoere. A ka ’na a nahana hore ho iketsahaletse feela hore le be le sebōpeho seo, e leng ntho e utloahalang. Empa hamorao o fumana lejoe le betliloeng hantle joaloka motho ho tloha hloohong ho ea mahetleng. Na a ka re ho iketsahaletse feela hore lejoe leo le be joalo? Che. Kelello ea hae e hlaphohileng e re, ‘Ho na le motho ea le entseng.’ Bibele e sebelisa lebaka le tšoanang, ’me e re: “Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.” (Baheberu 3:4) Na u lumellana le seo?

Lennox o re: “Ha re ntse re ithuta ho eketsehileng ka bokahohle, taba ea hore ho na le Molimo eo e leng ’Mōpi ea entseng bokahohle bo nang le morero e utloahala le ho feta, ’me ke eona tlhaloso e molemo ka ho fetisisa ea hore na ke hobane’ng ha re le teng.”

Ka masoabi, e ’ngoe ea lintho tse etsang hore batho ba se ke ba lumela ho Molimo ke bokhopo bo etsoang ka lebitso la hae. Ka lebaka leo, ba bang ba entse qeto ea hore ho ne ho tla ba molemo ha batho ba phela ba se na bolumeli. Uena u nahana joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela