Na ha ho se na Bolumeli—Lefatše e ka ba Sebaka se Molemo?
BATHO ba sa lumeleng hore Molimo o teng ba bonela pele lefatše le se nang bolumeli—le se nang batho ba ipolaeang ka libomo, lintoa tsa bolumeli le baruti ba thelevisheneng ba kutang mehlape ea bona. Na u khahloa ke pono eo?
Pele u araba, ak’u ipotse sena, ‘Na ho na le bopaki leha e le bofe ba hore ha batho bohle ba sa lumele hore Molimo o teng, seo se ka hlahisa lefatše le molemo?’ Nahana ka sena: Macambodia a ka bang limilione tse 1,5 a ile a shoa ha mokha oa Khmer Rouge o ne o leka ho theha puso ea batho ba sa lumeleng ho Molimo, ba latelang likhopolo tsa Marx. Naheng ea USSR, eo ka molao ho neng ho sa lumeloe hore Molimo o teng, puso ea Joseph Stalin e ile ea etsa hore batho ba limilione tse mashome ba shoe. Ke ’nete hore liketso tse mpe joalo li ke ke tsa amahanngoa ka ho toba le taba ea ho se lumele hore Molimo o teng. Empa li bontša hore puso ea batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng e ke ke ea tiisa hore ho ba le khotso le bonngoe.
Batho ba bangata ba tla lumela hore bolumeli bo bakile mahlomola a mangata. Empa na Molimo o lokela ho behoa molato? Che! Ha a na molato feela joalokaha moetsi oa koloi a se na molato ha mokhanni ea ntseng a sebelisa selefouno a baka kotsi ea koloi. Mahlomola a batho a bakoa ke lintho tse ngata ’me e ’ngoe ea tsona e tebile ho feta lintho tseo batho ba li lumelang. Bibele e bontša hore ke ho se phethahale hoo batho ba ho futsitseng. “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Tšekamelo ena ea boetsalibe e atisa ho hlahisa boithati, boikhohomoso, takatso e sa lokelang ea ho ikhethela se setle le se sebe le pefo. (Genese 8:21) E boetse e etsa hore batho ba lokafatse boitšoaro bo bobe ’me ba sekamele ho lumela lintho tse bo emelang. (Baroma 1:24-27) Ka nepo, Jesu Kreste o ile a re: “Pelong ho tsoa menahano e khopo, lipolao, bofebe, bohlola, bosholu, bopaki ba bohata, linyefolo.”—Matheu 15:19.
Ke Habohlokoa ho Khetholla Borapeli ba ’Nete ho ba Bohata
Mothating ona, re lokela ho khetholla borapeli ba ’nete—e leng boo Molimo a bo amohelang—ho borapeli ba bohata. Borapeli ba ’nete bo thusa batho hore ba loantše litšekamelo tse mpe. Bo ba khothalletsa ho bontša lerato la boitelo, khotso, mosa, molemo, bonolo, boitšoaro, ho tšepahala lenyalong le ho hlompha ba bang. (Bagalata 5:22, 23) Ka lehlakoreng le leng, bolumeli ba bohata bo latela mokhoa o tloaelehileng—‘oa ho tsikinyetsa batho litsebe,’ joalokaha Bibele e bolela—ka hore bo lumelle tse ling tsa lintho tse mpe tseo Jesu a ileng a li nyatsa.—2 Timothea 4:3.
Na taba ea ho se lumele hore Molimo o teng e ka tlatsetsa pherekanong ea boitšoaro e tšoanang le e bakiloeng ke bolumeli ba bohata? Phillip Johnson, eo e leng moprofesa oa molao o bolela hore haeba ‘Molimo ha a eo,’ seo se bolela hore ha re ikarabelle ho Molimo ea nang le matla a ho laela ’me “ha ho letho le re tlamang ho hlompha melao leha e le efe ea boitšoaro.” Kahoo taba ea boitšoaro e ea ka motho, ’me motho ka mong o ikhethela melao eo a batlang ho e latela—haeba le teng a batla. Ha ho pelaelo hore ho nahana joalo ho etsa hore batho ba bang ba rate filosofi eo ea hore Molimo ha a eo.—Pesaleme ea 14:1.
Leha ho le joalo, ’nete ke hore Molimo a ke ke a mamella ho hloka ’nete ka ho sa feleng—ebang ke tabeng ea ho se lumele hore Molimo o teng kapa bolumeling—esita le batho ba ho buellang.a O tšepisa hore: “Ba lokileng [boitšoarong le moeeng] ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.” (Liproverbia 2:21, 22) Phello e tla ba hore ho be le khotso le thabo bokahohleng—e leng seo le ka mohla se ke keng sa finyelloa ke batho, filosofi ea bona le mekhatlo ea bona.—Esaia 11:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tlhaloso e utloahalang ea Bibele mabapi le hore ebe Molimo o mameletse bokhopo le mahlomola ka nakoana, e ka fumanoa khaolong ea 11 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose le leqepheng la 6]
KAMOO MOLIMO A TALIMANG LIKETSO TSE SEHLŌHŌ TSA BOLUMELI
Bakanana e leng batho ba mekhoa e mebe ba neng ba etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, bo akarelletsang ho kopanela liphate le beng ka bona, bosodoma le ho robala le liphoofolo, hammoho le ho etsa mahlabelo a bana kamehla, ba ne ba lula naheng e ileng ea fuoa Baiseraele ba boholo-holo. (Levitike 18:2-27) Buka e bitsoang Archaeology and the Old Testament e bolela hore ha ho ntse ho epolloa “ho fumanoe qubu ea molora le mesaletsa ea litopo tsa masea mabitleng a haufi le lialetare tsa bohetene, e leng se bontšang hore ho ne ho tloaelehile ho etsa [mahlabelo ka bana].” Buka e ’ngoe e buang ka litaba tsa Bibele e bolela hore Bakanana ba ne ba rapela melimo ea bona ka ho etsa boitšoaro bo hlephileng ba bile ba nyehela bana ba bona ba matsibolo ho melimo eo e le mahlabelo. E phaella ka ho re: “Ba epolotseng lintho tsa khale lithakong tsa metse ea Kanana baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a lieha ho ba timetsa.”
Taba ea hore ebe Molimo o ile a timetsa Bakanana e re hopotsa ka ho hlakileng hore le kajeno ha a na ho mamella ka ho sa feleng bokhopo bo etsoang ka lebitso la hae. Liketso 17:31 e re: “[Molimo] o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Batho ba bolumeli le bao e seng ba bolumeli ba entse liketso tse sehlōhō
Kereke e ile ea tšehetsa Hitler
Mahata a batho ba bolailoeng ke mokha oa Khmer Rouge, Cambodia
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
AP Photo