Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/11 maq. 8-9
  • ’Nete ea Bibele e ba Lokolotse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Nete ea Bibele e ba Lokolotse
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Tloha ho Tepelleng Maikutlo ho ea Thabong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Ikemisetsa ho Phela ka Melao ea Jehova ea Boitšoaro
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Tsoha!—2011
g 2/11 maq. 8-9

’Nete ea Bibele e ba Lokolotse

JESU KRESTE o ile a re ho sehlopha sa batho ba neng ba mo mametse: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Joalokaha mehlala e latelang e bontša, tokoloho eo e akarelletsa ho lokoloha ho bademona, e leng bo-raleshano le bathetsi ba hlohlelletsang boloi.—Johanne 8:44.

Phihlelo ka ’ngoe ho tse latelang e tla bontša kamoo ’nete ea Bibele e nang le matla a ho lokolla batho kateng. Ha e le hantle, ke eona feela e lokollang batho. Re u khothalletsa hore u itlhahlobele Bibele. Ha u na ho soetseha.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

Litšoantšo tse bontšang se ileng sa etsahala

● Susanna e ne e le mosebeletsi tempeleng, Brazil. O ne a batla ho sebelisa matla a hae a phahametseng tlhaho hore a thuse bahloki. Ho phaella moo, o ne a thabela “ho buisana le ’mè oa hae ea shoeleng.” Empa ha nako e ntse e ea, “’mè” oa hae o ile a mo kōpa hore a ipolaee ’me a tl’o phela le eena lefatšeng la meea. Taba ena e ile ea khathatsa Susanna haholo ’me ea etsa hore a be le litoro tse tšosang bosiu. Ka mor’a moo, Susanna le monna oa hae ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba loana ka thata hore ba “hanyetse Diabolose,” empa qetellong ‘o ile a ba balehela.’ (Jakobo 4:7) Hona joale ba na le khotso, ’me Susanna ha a sa ba le litoro tse tšosang. O ile a ngola a re: “Ho na le lintho tse ngata tseo ke lebohang Jehova ka tsona, empa ke mo leboha haholo ka hore ebe o re ntšitse lefifing la moea.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

● Timothy ea lulang Afrika Bophirimela ha a utloe litsebeng, ebile ha a tsebe ho bua.a Kaha lingaka tsa sekhooa li ne li hlōlehile ho mo thusa, o ile a ea ho ba folisang ka tumelo, empa le bona ba hlōleha. O ile a ngola a re: “Ke ile ka utloa bohloko haholo ka lebaka la bolotsana boo.” Ka mor’a moo, Timothy o ile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, tse ileng tsa mo hlalosetsa hore Molimo o rerile ho felisa ho kula hohle le mefuta eohle ea kholofalo. Timothy o ile a re: “Ke letetse ka tjantjello letsatsi leo ka lona lefatšeng le lecha la Molimo, ‘litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha . . . ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.’” (Esaia 35:1-6) Ha a ntse a letetse seo, o sebelisa mochine o monyenyane o bapalang li-DVD ho bolella batho ba bang ba sa utloeng hantle litsebeng linnete tsa Bibele, o ba thusa hore ba fumane tokoloho ea ’nete.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

● Evelyn ea lulang Estonia o ne a ikakhetse ka setotsoana mekhoeng ea boloi. Kaha Jesu o ile a folisa batho ba kulang, le eena o ne a batla ho etsa se tšoanang. Ka ho khetheha o ne a batla ho thusa ’mè oa hae ea tšoeroeng ke boloetse bo sa foleng. Kahoo, o ile a ithuta ho sebelisa li-pendulum e le hore a leke ho hlahloba maloetse a tebileng le ho a phekola. Ha nako e ntse e ea, o ile a ithuta Bibele. Phello e ile ea e-ba efe? O ile a re: “Ke ile ka hlokomela kamoo ke neng ke thetsitsoe kateng. Kahoo ke ile ka chesa libuka tsa ka tsa ho sebelisana le meea le li-pendulum.” Hona joale o ruta ba bang linnete tsa Bibele tse lokollang.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

● Mary o hōletse ho se seng sa lihlekehleke tsa Papua New Guinea, moo batho ba teng ba tšabang bafu. Ha motho a ne a shoele motseng oa habo, Mary o ne a robala ka tlas’a bethe ea motho e mong hobane a tšaba hore moea oa mofu eo o tla mo pokela ha a le mong. Eaba o ithuta ka Bibeleng hore bafu ba robetse—ba mabitleng ’me ba emetse ho tsosoa bafung e le hore ba phele Paradeiseng lefatšeng. (Luka 23:43; Johanne 11:11-14) Ka lebaka leo, ha a sa tšaba bafu.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

● Alicia, ea hōletseng lelapeng la Bokreste, United States, o ile a qala ho thahasella libuka le lifilimi tsa boloi. Eaba o qala ho nahana ka ho teba ka linnete tsa Bibele tseo a neng a ithutile tsona. Ha a hlokomela hore ha e le hantle o ’nile a leka ‘ho jela tafoleng ea Jehova le tafoleng ea bademona,’ o ile a fetola litsela tsa hae ’me hona joale o na le letsoalo le hloekileng ka pel’a Molimo.—1 Bakorinthe 10:21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela