Na U Ipehetse Lipakane Tseo U ka li Finyellang?
● U batla ho finyella eng bophelong? Na u ipehetse lipakane tseo u ka li finyellang, kapa u lakatsa ho finyella lintho tse ka nģ’ane ho matla le bokhoni ba hao? Motho e mong ea ileng a shebella ka hloko sebōpeho sa batho, o ile a fana ka keletso ena e bohlale: “Ho molemo ho khotsofalla se ka pel’a mahlo a hao ho e-na le ho laoloa ke takatso; sena le sona ke lefeela le ho lelekisa moea.”—Moeklesia 6:9, The New English Bible.
Ha ho buuoa ka ‘se ka pel’a mahlo a rōna’ ho boleloa maemo le lintho tse re etsahallang hona joale bophelong. Ke ’nete hore ha ho letho le phoso ka ho leka ho intlafatsa bophelong. Empa Bibele e bontša hore batho ba bohlale ha ba hahamalle lipakane tseo ba ke keng ba li finyella. Lipakane tseo e ka ’na ea e-ba ho batla botumo, maruo, molekane ea phethahetseng, kapa ho phela hantle ka ho feletseng ’meleng.
Ho feta moo, ha motho a finyella pakane e itseng, e kang ho ba le maruo, o ntse a ka ’na a batla a eketsehileng. Bibele e re ka ho hlaka: “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang. Sena le sona ke lefeela.” (Moeklesia 5:10) Ka hona, batho ba bohlale ka kutloisiso ea moea ba leka ho khotsofalla seo ba nang le sona, e leng ‘se ka pel’a mahlo a bona.’ Ha e le hantle, ba ela hloko ’nete ena: “Ha rea tlisa letho lefatšeng, leha e le hore re ka tloha le letho.”—1 Timothea 6:7.
Ka tlhaho batho ba thabisoa haholo ke ha ba khotsofatsa tlhoko ea bona ea moea. (Matheu 5:3) Re ka e khotsofatsa joang? Jesu Kreste o ile a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4) Lipolelo tseo tsa bohlokoa li fumaneha ka Bibeleng, ’me motho a ka iphumanela tsona ntle ho tefo.
Re fumana polelo e ’ngoe e joalo ho Pesaleme ea 37:4. Eona e re: “U ithabele ka ho phethehileng ho Jehova, o tla u fa tseo pelo ea hao e li kōpang.” Kaha Jehova ke Molimo ea Matla ’Ohle o tla fa barapeli ba hae ba tšepahalang lintho tseo ho seng motho ea ka ba fang tsona: o tla ba fa bophelo bo phethahetseng, a sireletse thepa ea bona le ho ba fa bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise. (Luka 23:43; Tšenolo 21:3, 4) Ke ho utloahalang ho tšepa mantsoe ao.