Tsela ea 2—Itlhokomele ka Lintho Tsa Motheo ’Meleng
“Ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa.” (Baefese 5:29) Ho nka mehato ea bohlokoa ea ho itlhokomela ’meleng ho ka ntlafatsa bophelo ba hao haholo.
◯ Phomola ka ho lekaneng. “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.” (Moeklesia 4:6) Lintho tse ngata tseo kajeno batho ba tlamehang ho li etsa le tse ba sitisang bophelong li ba jella nako ea ho robala. Empa ho robala ke habohlokoa haholo hore re phele hantle. Liphuputso li bontša hore ha re robetse, ’mele ea rōna le boko ea inchafatsa ’me seo se re thusa ho hopola lintho le ho ntlafatsa tsela eo re ikutloang ka eona.
Ho robala ho matlafatsa tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ho bile ho fokotsa monyetla oa hore re be le tšoaetso, lefu la tsoekere, setorouku, lefu la pelo, kankere, ho nona haholo, ho tepella maikutlo ’me mohlomong le lefu la Alzheimer. Ho e-na le hore re je lipompong, re noe caffeine, kapa lintho tse ling tse kang tseo ho loantša boroko, re lokela ho mamela ’mele ea rōna ’me re robale ka ho lekaneng. Batho ba bangata ba baholo ba lokela ho robala lihora tse supileng ho isa ho tse robeli bosiu ka bong e le hore ba shebahale hantle, ba ikutloe ba phetse le hore ba khone ho sebetsa hantle. Bacha ba hloka nako e ngata ho feta eo. Bacha ba sa robaleng ka ho lekaneng ba atisa ho ba le mathata a kelello le ho robala ba ntse ba khanna.
Ke habohlokoa haholo hore re robale ha re kula. ’Mele ea rōna e ka loantša mafu a mang a kang sefuba, haeba re robala nako e teletsana re bile re noa metsi a mangata.
◯ Hlokomela meno a hao. Ho hlatsoa meno ka borashe le ho a hloekisa ka khoele ea floss ha u qeta ho ja, haholo-holo pele u robala, ho tla thusa ho a thibela ho bola, ho thibele hore u be le bothata mareneneng le hore u se ke ua tsoa meno. Ha re se na meno, ho ka ’na ha e-ba thata hore re rue molemo ka ho feletseng lijong tseo re li jang. Ho tlalehoa hore litlou ha li bolaoe ke botsofali empa butle-butle li bolaoa ke tlala ka mor’a hore meno a tsona a senyehe ebe ha li sa khona ho hlafuna hantle. Bana ba rutiloeng hore ba hlatsoe meno ka borashe le ho a hloekisa ka khoele ea floss ha ba qeta ho ja ba tla phela hantle bocheng ba bona le bophelong bohle ba bona.
◯ E-ea ngakeng. Maloetse a mang a hloka hore motho a ee ngakeng. Hangata ha ngaka e fumana kapele hore na motho o tšoeroe ke eng, liphello e ba tse molemo le litšenyehelo li ba tlaase. Kahoo, ha u ikutloa u sa phela hantle, kōpa thuso e le hore u tsebe hore na sesosa ke eng ’me ho rarolloe bothata boo, ho e-na le hore u batle tsela ea ho kokobetsa matšoao feela.
Ha u lula u ea ngakeng e molaong e le hore e u hlahlobe, seo se ka thibela mathata a mangata a tebileng feela joalokaha ho batla thuso ea ngaka ho ka thusa moimana ho thibela mathata a tebileng.a Empa u hopole hore lingaka li ke ke tsa etsa mehlolo. Re tla folisoa maloetse ’ohle a rōna ka botlalo nakong eo Molimo a etsang hore “lintho tsohle li be ncha.”—Tšenolo 21:4, 5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba sehlooho se reng, “Bo-’mè ba Phetseng Hantle, Masea a Phetseng Hantle,” Tsoheng! ea November 2009.