Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/11 leq. 25
  • Setono sa Bobi bo Phunyang Lifate

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Setono sa Bobi bo Phunyang Lifate
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2011
  • Bobi bo Khonang ho Haha ka Pampiri
    Tsoha!—2012
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2012
Tsoha!—2011
g 3/11 leq. 25

Setono sa Bobi bo Phunyang Lifate

Na se Entsoe?

● Bobi bo botšehali bo phunyang lifate bo behella mahe ka har’a lifate tsa phaene, ’me tsela eo bo etsang seo ka eona e ’nile ea susumetsa bo-rasaense hore ba etse mechine ea ho buoa e sireletsehileng le e sebetsang hantle haholoanyane.

Ak’u nahane: Bobi bona bo phunya sefate sa phaene ka setono—se nang le ntho e kang nalete e nang le lintlha tse peli tse kopaneng, ’me ntlha ka ’ngoe e na le meno a shebileng morao. Meno a ntlheng e ’ngoe a itsetsepela sefateng, kahoo ha ntlha e ’ngoe e ea pele, e ’ngoe e kenella hare hanyenyane. Ebe meno a ntlheng eo a itsetsepela sefateng ha a ntlheng ea pele a kenella hare. Ha bobi bo ntse bo phunya sefate—lintlha tseo li ntse li kenella hare li chenchana—’me bo fata limilimithara tse ka bang 20 karolong e ka ntle ea sefate bo sa sebelise matla a makaalo, setono sa bona se sa kobehe kapa hona ho robeha.

Bo-rasaense ba susumelitsoe ke setono seo sa bobi ’me ba entse mochine o buoang methapo ea kutlo o tšoanang le setono sa bobi o bileng o sebetsang ka mokhoa o batlang o tšoana. Nalete ea mochine oo e entsoeng ka silicon e na le lintlha tse peli tse phunyang, ’me ntlha ka ’ngoe e na le meno a manyenyane haholo a khonang ho phunyeletsa ho ea fihla likarolong tse ka har’a boko, a sa bake tšenyo e kaalo. Leha ho le joalo, mochine oo o tla ba le karolo e ’ngoe e ikhethang. Makasine ea New Scientist e re: “Ka mohlala, ho fapana le mechine e teng hajoale e sa tenyetseheng, mochine ona o tla tenyetseha hoo o tla khona ho tsamaea ka tsela e sireletsehileng ka ho fetisisa, o pote ka thōko libaka tse kotsi haholo tsa boko nakong eo motho a buuoang.” Mochine o joalo o tla boela o fokotse makhetlo ao motho a sehoang ka ’ona e le hore lingaka li fihle libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona.

U nahana’ng ka see? Na setono sa bobi bo botšehali bo phunyang lifate se bile teng ka tšohanyetso? Kapa na se entsoe?

[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 25]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Ha ntlha e ’ngoe e phunya sefate e ea tlaase, e ’ngoe e ea holimo

Lehong

Lintlha tse phunyang

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 25]

Wasp: David R. Lance, USDA APHIS PPQ, Bugwood.org; diagram: J. F. V. Vincent and M. J. King, (1996). The mechanism of drilling by wood wasp ovipositors. Biomimetics, 3: 187-201

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela