Na bo Entsoe?
Bobi bo Khonang ho Haha ka Pampiri
● Bobi bo hlalositsoe e le setsebi se hloahloa sa ho haha. Ke hobane’ng ha bo tšoaneloa ke tlhaloso ee?
Ak’u nahane: Joalokaha lebitso la bona le hlalosa, bobi bona bo haha le ho hlokomela ntloana ea bona e likamore li ngata bo sebelisa mofuta o khethehileng oa pampiri, eo bo iketsetsang eona.a Kokoanyana ena e bokella likhoele tsa limela le tsa patsi e ommeng, ho tsoa libakeng tse fapa-fapaneng tse joaloka—likutung, lipalong tsa fense, lipalong tsa lithapo tsa thelefono le thepeng ea ho haha. Ebe joale e hlafuna limela tse nang le tsoekere e le hore li tsoakane le mathe a eona a khomarelang a nang le protheine e ngata. Ha motsoako oo o oma, o etsa pampiri e bobebe, e tiileng le e matla. Ho feta moo, mathe a eona a na le metsoako e khethehileng e etsang hore pampiri eo e fehle mocheso le ho o boloka, e le hore sebaka seo e lulang le ho behela ho sona se lule se futhumetse le ha ho bata.
Bobi bo haha ntloana ea bona “mothamo ka mothamo.” Empa qetellong bo tla be bo hahile ntloana e sa keneng metsi, e nang le likamore tse nyenyane tse ngata tse mahlakore a tšeletseng—e leng se thusang hore e be matla hape e be le sebaka se lekaneng ka hare. Bobi bo lulang libakeng tse mongobo haholo bo eketsa mathe ha bo haha hobane a na le metsoako e thibelang metsi ho kena ntloaneng ea bona. Likokoanyana tsena li khetha ho leketlisa lintloana tsa tsona libakeng tse sireletsehileng. Ebe li li fanyeha li shebile fatše thupeng kapa lekaleng la sefate. Ho feta moo, bobi ha bo senye tikoloho, ho fapana le mokhoa o sebelisoang ke batho ha ba etsa pampiri, o silafatsang moea, metsi le naha!
Ka ho utloahalang, litsebi tsa meralo ea ho haha le bafuputsi, ba ntse ba ithuta tsela eo bobi bo etsang thepa ea ho haha e le hore ba tle ba etse thepa ea ho haha e bobebe, e matla, e kobehang habonolo le e bolang ha e lahloa.
U nahana’ng ka see? Na kokoanyana e nang le boko bo ka lekanang le lithollo tse peli tsa lehlabathe ke eona e iqapetseng mokhoa oa ho etsa pampiri le ho haha ntloana ea eona? Kapa na bokhoni ba eona ba tlhaho ba ho kopanya lik’hemik’hale le ba ho haha ke bopaki ba hore e entsoe?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mefuta e mengata ea bobi e haha lintloana tsa eona ka pampiri. Likamore tse nyenyane tsa lintloana tseo li sebelisetsoa ho boloka mahe, ao hamorao e bang tšenyane.