Bacha Baa Botsa
Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba ka ho Tsuba?
Sheba lintlha tse latelang tseo u ka khethang ho tsona, ’me u tšoaee ✔ lebokoseng leo u nkang hore le hlalosa seo u leng sona.
□ Ke bohelehele
□ Ke ikutloa ke imetsoe kelellong
□ Ke batla ho amoheloa ke lithaka
□ Ke tšoenyehile ka boima ba ’mele
HAEBA u tšoaile lebokose leha e le lefe, seo se bontša hore u ikutloa joaloka lithaka tsa hao tse tsubang, kapa tse kileng tsa nahana ka hona.a Ka mohlala:
Ho khotsofatsa bohelehele. “Ke ne ke ipotsa hore na ho tsuba ho joang, kahoo ke ile ka nka sakerete ho ngoanana e mong sekolong eaba kea ikutsoa ’me kea e tsuba.”—Tracy.
Ho sebetsana le ho imeloa kelellong le ho batla ho amoheloa ke lithaka. “Bana ba bang sekolong ba ne ba ee ba re, ‘Ke batla ho tsuba,’ ebe ka mor’a moo o re, ‘Ha ba ha re etlo!’ Ke tsela eo ke neng ke batla ho ikutloa ka eona, ha ke imetsoe kelellong.”—Nikki.
Ho theola boima ba ’mele. “Banana ba bang baa tsuba e le hore ba lule ba le basesaane—ho bonolo ho feta ho itima lijo!”—Samantha.
Empa pele u hotetsa sakerete ea hao ea pele—kapa e latelang—ak’u eme ho se hokae ’me u nahane. U se ke ua etsisa tlhapi e ikisang hakising. Ke ’nete hore tlhapi eo e ka ’na ea fumana moputso o seng mokae, empa e lefa ka bophelo ba eona! Ho e-na le hoo, latela keletso ea Bibele ’me u sebelise ‘matla a hao a hlakileng a ho nahana.’ (2 Petrose 3:1) Araba lipotso tse latelang.
Ha e le Hantle Ke’ng Seo U se Tsebang ka ho Tsuba?
Tšoaea ’nete kapa bohata polelong ka ’ngoe.
a. ․․․ Ho tsuba ho fokotsa ho imeloa kelellong.
b. ․․․ Ha ke ntse ke hema ke tla ntša hoo e batlang e le mosi oohle oo ke o hutseng.
c. ․․․ Ho tsuba ho tla qala ho nkulisa ha ke se ke le moholo.
d. ․․․ Ha ke tsuba ke tla khahla batho ba bong bo fapaneng.
e. ․․․ Ha ke tsuba ke intša kotsi ke le mong, ha ke ntše ba bang kotsi.
f. ․․․ Molimo ha a tsotelle hore na kea tsuba kapa che.
Likarabo
a. Ho tsuba ho fokotsa ho imeloa kelellong.—Bohata. Le hoja ho tsuba ho kokobetsa ka nakoana matšoao a khatello a bang teng ha motho a khaotsa ho tsuba, bo-rasaense ba hlokometse hore ha e le hantle bokoali bo eketsa lihomone tse bakang ho imeloa kelellong.
b. Ha ke ntse ke hema ke tla ntša hoo e batlang e le mosi oohle oo ke o hutseng.—Bohata. Liphuputso li bontša hore karolo e fetang ea 80 lekholong ea mosi oo u o hulang e sala ka hare lithong tsa ’mele.
c. Ho tsuba ho tla qala ho nkulisa ha ke se ke le moholo.—Bohata. Le hoja likotsi li eketseha nako le nako ha u tsuba, ho na le lintho tse seng kae tse etsahalang hang-hang. Batho ba bang ba lemalla ho tsuba ka mor’a ho tsuba hanngoe feela. Matšoafo a hao a tla fokola ’me u ka ’na ua lula u khohlela. Letlalo la hao le tla soebana haholo, le hona pele ho nako. Ho tsuba ho eketsa monyetla oa hore litho tsa botona kapa tsa botšehali li se ke tsa sebetsa hantle, motho a tšohe ka tsela e sa laoleheng le ho sithabela maikutlo.
d. Ha ke tsuba ke tla khahla batho ba bong bo fapaneng.—Bohata. Mofuputsi Lloyd Johnston o fumane hore bacha ba tsubang “ha ba khahle batho ba bangata ba bong bo fapaneng.”
e. Ha ke tsuba ke intša kotsi ke le mong, ha ke ntše ba bang kotsi.—Bohata. Mosi oa koae o hengoang ke batho ba bang o bolaea ba likete selemo le selemo; o tla ntša ba lelapa leno kotsi, metsoalle ea hao esita le liphoofolo tseo u li ruileng lapeng.
f. Molimo ha a tsotelle hore na kea tsuba kapa che.—Bohata. Ba batlang ho khahlisa Molimo ba lokela ho itlhoekisa “litšila tsohle tsa nama.” (2 Bakorinthe 7:1) Ha ho pelaelo hore ho tsuba ho silafatsa ’mele. Haeba u khetha ho se hloeke ’me u intša kotsi ebile u ntša ba bang kotsi ka ho tsuba, u ke ke ua ba motsoalle oa Molimo.—Matheu 22:39; Bagalata 5:19-21.
Kamoo U ka Hanelang ho Tsuba Kateng
Joale u tla etsa’ng haeba motho e mong a u fa sakerete? Hangata ho araba ka tsela e bonolo empa u tiile, mohlomong u re “Kea leboha, ha ke tsube,” ho tla hlakisa taba. Haeba motho eo a u qophella kapa a u soma, hopola hore ke seo u se khethileng. U ka ’na ua re:
● “Ke ithutile hore ho tsuba ho kotsi ’me ke entse qeto ea hore ke se ke ka tsuba.”
● “Ho na le lintho tsa bohlokoa tseo ke batlang ho li etsa nakong e tlang tse hlokang hore matšoafo a ka a be a sebetsa hantle.”
Empa joaloka bacha ba qotsitsoeng pejana sehloohong sena, u ka ’na ua fumana hore ntho e u bakelang khatello e matla ke hore uena ka bouena u lakatsa ho tsuba. Haeba ho joalo, loantša bothata boo ka hore u nahane ka likarabo tsa lipotso tse kang tsena:
● Na ho tsuba ho tla ntsoela molemo? Ka mohlala, haeba ke khetha ho tsuba hobane feela ke batla hore ba bang ba nkamohele, na seo se tla etsa hore ba nkamohele le hoja re sa thahaselle lintho tse ngata tse tšoanang? Na ke batla ho amoheloa ke batho ba thabelang ho mpona ke etsa ntho e tla nkulisa?
● Ho tsuba ho tla ntšenyetsa chelete e kae, ho mpakele maloetse a makae le ho ntheola seriti hakae bathong ba bang?
● Na ke ikemiselitse ho senya botsoalle ba ka le Molimo ka lebaka feela la ho tsuba?
Empa u ka etsa’ng haeba u se u ntse u lemaletse ho tsuba? U ka etsa’ng ho khaotsa?
Seo U ka se Etsang ho Khaotsa
1. Ikemisetse. Ngola fatše mabaka ao ka ’ona u batlang ho khaotsa ho tsuba, ’me u lule u ikhopotsa ’ona. Ntho e ka u susumetsang haholo ke haeba u lakatsa ho ba ea hloekileng ka pel’a Molimo.—Baroma 12:1; Baefese 4:17-19.
2. Kōpa thuso. Haeba u tsuba ka ho ikutsoa, joale ke nako ea hore u bolelle ba bang. Bolella batho bao u neng u ba patetse hore ua tsuba hore joale u batla ho khaotsa, ’me u ba kōpe hore ba u tšehetse. Haeba u batla ho sebeletsa Molimo, mo rapele hore a u thuse.—1 Johanne 5:14.
3. Ipehele letsatsi. Iphe libeke tse peli kapa matsatsi a ka tlaasenyana ho moo, ’me u tšoaee letsatsi leo u ikemiselitseng ho khaotsa ho tsuba ka lona k’halendareng. Bolella ba lelapa le metsoalle hore u khaotsa ho tsuba ka letsatsi leo.
4. Li batle ’me u li lahle. Pele letsatsi leo le fihla, batla ka hloko lisakerete tse ka tlung, ka koloing esita le tse liaparong tsa hao. Li lahle. Lahla lintho tse hotetsang koae, mollo le literei tsa molora oa koae.
5. Sebetsana le matšoao a bang teng ha u khaotsa ho tsuba. Noa juse kapa metsi a mangata, ’me u iphe nako e eketsehileng ea ho robala. Hopola hore boemo boo bo sa thabiseng ke ba nakoana feela, empa melemo eo u tla e fumana eona ke ea nako e telele!
6. Qoba lintho tse u lakalisang ho tsuba. Qoba libaka le maemo a ka etsang hore u batle ho tsuba. Ho ka ’na ha hlokahala hore u khaole maqhama le batho ba tsubang bao u ba tloaetseng.—Liproverbia 13:20.
7. Qoba ho ipehela mabaka. U se ke ua ithetsa ka ho re, “Ke tla hula hanngoe feela.” Hangata ho ipehela mabaka a joalo ho etsa hore motho a khutlele ka ho feletseng mokhoeng oo.—Jeremia 17:9.
U se ke Ua Thetsoa
Selemo le selemo, lik’hamphani tse rekisang koae li sebelisa lidolara tse libilione ho e bapatsa. Lia tseba hore bacha ba bangata ba oelang lerabeng la ho tsuba ba tla tsoela pele ba tsuba le ha e se e le batho ba baholo.
U se ke ua fa barekisi ba koae chelete ea hao. Ke hobane’ng ha u ka itumella ho tšoasoa ke bona? Hase hore barekisi le bacha bao ba tsubang ba u batlela se molemo bophelong. Ho e-na le ho ba mamela, mamela keletso ea Bibele ’me u ithute ho ‘itsoela molemo.’—Esaia 48:17.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja sehloohong sena ho buuoa ka batho ba tsubang lisakerete, mathata le likotsi tse hlalositsoeng li ama le batho ba hlafunang koae.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 27]
SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG
“Haeba motho e mong a mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke sa tsube, ke tla re, ‘Hobane ha ke batle ho ntšofatsa matšoafo a ka le ho khutsufatsa bophelo ba ka.’”
“Ha motho e mong a mpha sakerete, ke tla re, ‘Ha ke e hloke.’ Haeba a leka ho nqobella, ke tla re, ‘Athe joale ha u batle ha ke sebelisa tokelo ea ka ea ho ikhethela seo ke se batlang? Hoa makatsa hore ebe ntho e tjena e ntse e etsahala le mehleng ena ea rōna!’”
[Litšoantšo]
Benjamin
Heather
[Lebokose le leqepheng la 28]
● NA U NE U TSEBA?
Koae e sa ntšeng mosi—e kang e hlafunoang—e ntša bokoali bo bongata ho feta bo ntšoang ke lisakerete ’me e na le metsoako e fetang e 25 e bakang kankere, e leng se behang motho ea e sebelisang kotsing e khōlō ea ho tšoaroa ke kankere ea ’metso le ea molomo.
[Lebokose le leqepheng la 28]
KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?
Ho batla ho le bonolo ho sebetsana le khatello ea lithaka ha u itokisitse. U ka ’na ua kōpa batsoali ba hao hore le itlhakise e le hore u khone ho araba motho ea batlang ho u fa sakerete. Kōpa motsoali hore a iketse mocha ea lenyokonyane. Tlhahiso: E le hore u fumane litlhahiso tsa kamoo u ka arabang kateng, sheba boitsebiso bo tlas’a “Seo U ka se Etsang ha U Hatelloa ke Lithaka” bo leqepheng la 132 le la 133 bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Joaloka tlhapi e tšoasoang ke hakisi, motho ea tsubang o fumana moputso o itseng empa o lefella seo habohloko