Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/11 maq. 6-9
  • Se ka Thusang ba Saretsoeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se ka Thusang ba Saretsoeng
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Iphe Nako ea ho Sareloa!”
  • “U se ke Ua Lumella Seo Hore se Laole Bophelo ba Hao”
  • Nka Phela le ho Sareloa ha ka Joang?
    Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa
  • Nka Sebetsana le Bohloko ba ho Hlokahalloa Joang?
    Bacha Baa Botsa
  • Na Tsela eo ke Sareloang ka Eona e Tloaelehile?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ho Amohela Hore o Hlokahetse
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 4/11 maq. 6-9

Se ka Thusang ba Saretsoeng

“Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng.”—Pesaleme ea 34:18.

KA MOR’A ho shoeloa ke motho eo u mo ratang, u ka ’na ua sithabetsoa ke maikutlo a sa tšoaneng, a akarelletsang ho tšoha, ho ba shohlo, ho hlomoha, mohlomong le ho ikutloa u le molato kapa u halefile. Joalokaha ho boletsoe sehloohong se ka pele ho sena, batho ba sareloa ka litsela tse sa tšoaneng. Kahoo, ho ka ’na ha etsahala hore u se ke ua ba le maikutlo ’ohle a boletsoeng ka holimo, ’me u ka ’na ua se ke ua bontša ho sareloa ka tsela eo batho ba bang ba sareloang ka eona. Leha ho le joalo, haeba ho hlokahala hore u bontše kamoo u utloileng bohloko kateng, hase phoso ho etsa joalo.

“Iphe Nako ea ho Sareloa!”

Heloisa, e leng ngaka eo ho builoeng ka eona pejana, o ile a leka ho hatella maikutlo a hae ka mor’a hore ’mè oa hae a hlokahale. O re: “Qalong ke ile ka lla, empa ka mor’a nakoana ka qala ho hatella maikutlo a ka—feela joalokaha ke ne ke etsa ha mokuli oa ka a hlokahetse. Ke ile ka kula haholo, mohlomong e le ka lebaka la seo. Keletso ea ka ho ba hlokahaletsoeng ke motho eo ba mo ratang ke hore: Iphe nako ea ho sareloa! Ntša bohloko. U tla ikutloa u imolohile.”

Leha ho le joalo, ha matsatsi le libeke li ntse li feta, u ka ’na ua ikutloa joaloka Cecília, eo monna oa hae a ileng a bolaoa ke kankere. O re: “Ka linako tse ling kea ikoatela kaha ho bonahala eka ha ke finyelle seo ba bang ba se lebeletseng, ba nkang hore joale ke lokela hore ebe ke se ke tšelisehile.”

Haeba u kile ua nahana joalo, leka ho hopola hore ha ho na tsela “e nepahetseng” ea ho sareloa. Ba bang ba khona ho itsoella pele ka bophelo. Ba bang bona baa thatafalloa. Boemong boo, u ke ke ua potlakisa lintho, kahoo u se ke ua nka hore u tlamehile ho ipehela nako eo u lokelang ho tšeliseha ka eona.a

Empa u ka etsa’ng haeba ho sareloa ho sa ee moriting ’me u nyotobetsoa ke ho nyahama? Mohlomong u ikutloa joaloka Jakobo, monna ea lokileng, eo ha a ne a bolelloa ka lefu la mora oa hae Josefa, a ileng “a ’na a hana ho tšeliseha.” (Genese 37:35) Haeba u ikutloa joalo, ke mehato efe e molemo eo u ka e nkang e le hore u se ke ua sithabetsoa ke ho sareloa?

Itlhokomele. Cecília o re: “Ka linako tse ling, ke ikutloa ke khathetse habohloko ebe kea elelloa hore ke ikimelitse.” Joalokaha a bolela, ho sareloa ho ka ama motho hampe ’meleng le maikutlong. Ka lebaka leo, u lokela ho itlhokomela ka tsela e khethehileng. Phomola ka ho lekaneng ’me u je lijo tse matlafatsang.

Ke ’nete hore u ka ’na ua ikutloa u se na takatso ea lijo, re se re sa re letho ka ho ea mabenkeleng le ho pheha. Leha ho le joalo, ho se je ho ka etsa hore u tšoaetsoe maloetse habonolo ’me u kule, e leng se tla u sithabetsa le ho feta. Bonyane leka ho ja lijo tse nyenyane e le hore u lule u phetse hantle.b

Haeba ho khoneha, thapolla ’mele ka tsela e itseng, esita le haeba e le ho otlolla maoto feela. Ho ikoetlisa ho ka etsa hore u tsoe ka tlung. Ho feta moo, ho ikoetlisa ka tsela e itekanetseng ho ka etsa hore ’mele oa hao o ntše lik’hemik’hale tse bokong tse ka etsang hore u ikutloe u le betere.

Amohela thuso ea ba bang. Sena ke sa bohlokoa haholo-holo ha u shoetsoe ke molekane. Mohlomong ho na le mesebetsi e mengata eo a neng a e etsa, ’me joale ha ho sa na motho ea e etsang. Ka mohlala, haeba molekane oa hao o ne a hlokomela litaba tsa lichelete kapa mesebetsi ea lapeng, qalong u ka ’na ua thatafalloa ho iketsetsa lintho tsena. Maemong a joalo, keletso e fanoang ke metsoalle e masene e ka u thusa haholo.—Liproverbia 25:11.

Bibele e hlalosa hore motsoalle oa ’nete ke “ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Kahoo, u se ke ua ikarola ho batho ba bang, ua nahana hore u tla ba moroalo ho bona. Ha u sa itšehle thajana, batho ba bang ba ka u thusa hore u fete boemong boo bo sithabetsang. Ka mor’a lefu la ’mè oa hae, moroetsana e mong ea bitsoang Sally o ile a hlokomela hore ho thabela botsoalle le ba bang ho mo khothatsa haholo. O re: “Metsoalle ea ka e mengata e ne e mpitsa ha e ea boikhathollong. Seo se ile sa nthusa haholo hore ke loantše bolutu bo matla boo ke neng ke e-na le bona. Kamehla ke ne ke ananela ha batho ba mpotsa lipotso tse bonolo tse kang, ‘U ntse u ea joang ka mor’a lefu la ’mè oa hao?’ Ke ile ka hlokomela hore ho bua ka ’Mè ho ne ho kokobetsa bohloko.”

Ikhopotse eena. Leka ho ikhopotsa linako tse thabisang tseo u bileng le tsona hammoho le motho eo u mo ratang, mohlomong ka ho sheba linepe. Ke ’nete hore qalong ho ka ’na ha e-ba bohloko ho ikhopotsa linako tse joalo. Empa ka mor’a nako, ho ikhopotsa eena ho ka ’na ha u thusa hore u tšelisehe, ho e-na le hore u utloe bohloko.

U ka ba ua leka ho ngola tlaleho ea lintho tseo u li hopolang ka eena. Ho eona, u ka ngola lintho tse thabisang tseo u li hopolang, ua ba ua akarelletsa lintho tseo u lakatsang eka u ka be u li boleletse motho enoa eo u mo ratang, ha a sa ntse a phela. Ha u bala seo u se ngotseng, ho ka ’na ha e-ba bonolo hore u utloisise tsela eo u ikutloang ka eona. Ho ngola ho ka ’na ha boela ha u fa monyetla oa hore u ntše maikutlo a hao ka tsela e molemo.

Na u lokela ho boloka lintho tse u hopotsang mofu? Maikutlo a batho aa fapana tabeng ena, ’me seo ha se makatse kaha batho ba sareloa ka litsela tse sa tšoaneng. Ba bang ba nahana hore ho boloka lintho tse u hopotsang mofu ho ka u sitisa hore u tšelisehe. Ba bang ba re hoa ba thusa. Sally eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae pejana o re: “Ke bolokile lintho tse ngata tseo e neng e le tsa ’Mè. Ke tsela e nthusang hore ke tšelisehe!”c

Tšepa “Molimo oa matšeliso ’ohle.” Bibele e re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.” (Pesaleme ea 55:22) Ho rapela Molimo hase feela tsela ea ho kokobetsa bohloko maikutlong. Ke tsela ea sebele le ea bohlokoa ea ho buisana le “Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.”—2 Bakorinthe 1:3, 4.

Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, ke lona le tšelisang ka ho fetisisa. Moapostola oa Mokreste, Pauluse, o ile a re: “Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Ho nahana ka tšepo ea tsoho e thehiloeng Bibeleng ho ka u tšelisa haholo ha u saretsoe ka lebaka la ho shoeloa ke motho eo u mo ratang.d Ke seo Lauren a ileng a hlokomela hore ke ’nete, ka mor’a hore khaitseli ea hae e lilemong tsa bocha e hlokahalle kotsing. O re: “Ho sa tsotellehe hore na ke ne ke hloname hakae, ke ne ke nka Bibele ke e bala, esita le haeba e ne e le temana e le ’ngoe feela. Ke ne ke khetha litemana tse neng li nkhothatsa haholo ’me ke li bala ka makhetlo a mangata. Ka mohlala, ke ile ka tšelisoa ke mantsoe ao Jesu a ileng a a bolella Maretha ka mor’a lefu la Lazaro. O ile a re ho eena: ‘Khaitseli ea hao e tla tsoha.’”—Johanne 11:23.

“U se ke Ua Lumella Seo Hore se Laole Bophelo ba Hao”

Le hoja e se ntho e bonolo, ho sebetsana le ho sareloa ho tla u thusa hore u tsoele pele ka bophelo. U se ke ua ikutloa u le molato joalokaha eka ha u tšepahale ho motho eo u mo ratang kapa u mo lebetse, haeba u tsoela pele ka bophelo. ’Nete ke hore ha ho mohla u tla lebala motho eo u mo ratang. Ka linako tse ling, u ka ’na ua hopola lintho tse ngata ka eena, empa butle-butle boikutlo ba ho nyahama bo tla kokobela.

U ka ’na ua boela ua hopola lintho tse monate le tse bohloko ka nako e tšoanang. Ka mohlala, Ashley eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae sehloohong se fetileng, o re: “Ke sa hopola letsatsi le etellang pele leo ’Mè a hlokahetseng ka lona. O ne a bonahala eka oa hlaphoheloa a bile a tsohile liphateng ka lekhetlo la pele ka mor’a matsatsi a mangata. Ha ausi oa ka a ntse a mo kama, ka boraro ba rōna re ile ra qala ho tšeha ntho e itseng, ’me ke ile ka bona ’Mè a bososela ka tsela eo e neng e le khale ke qetetse ho e bona. O ne a khotsofetse haholo hore ebe o na le barali ba hae.”

U tla boela u be le monyetla oa hore u nahane ka lithuto tsa bohlokoa tseo u ithutileng tsona, ha eo u mo ratang a sa ntse a phela. Ka mohlala, Sally o re: “’Mè e ne e le tichere e ipabolang. O ne a mpha likeletso tsa bohlokoa empa a sa nqobelle ho li amohela, ’me o ile a nthuta ho iketsetsa liqeto tse bohlale, eseng feela ho etsa seo eena le Ntate ba reng ke se etse.”

Ho hopola lintho tse itseng ka motho eo u mo ratang ho ka u thusa haholo hore u tsoele pele ka bophelo. Ke seo mohlankana e mong ea bitsoang Alex a ileng a se hlokomela. O re: “Ka mor’a lefu la Ntate, ke ile ka etsa qeto ea hore ke tla tsoela pele ke phela joalokaha a nthutile—hore le ka mohla ke se ke ka lebala ho thabela bophelo. Ho ba hlokahaletsoeng ke batsoali, nka re: Ruri ha ho mohla u tla lebala hore u shoetsoe ke motsoali, empa u se ke ua lumella seo hore se laole bophelo ba hao. Lla ’me u sareloe joalokaha ho loketse, empa u se ke ua lebala hore u ntse u lokela ho thabela bophelo bo larileng ka pele.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka lebaka leo, u lokela ho qoba ho etsa liqeto ka lepotlapotla, joaloka ho etsa qeto ea ho fallela ntlong e ’ngoe kapa ho qala litaba tsa lefereho. U lokela ho etsa liphetoho tse joalo hafeela u se u bile le nako e lekaneng ea ho ikamahanya le maemo a hao a macha bophelong.

b Le hoja ho noa joala ho ka ’na ha kokobetsa bohloko ba ho shoeloa, ho bo kokobetsa ka nakoana feela. Qetellong, joala bo ke ke ba u thusa hore u sebetsane le ho sareloa ’me u ka fetoha lekhoba la bona.

c Kaha batho ba sareloa ka litsela tse sa tšoaneng, metsoalle le beng ka motho ea saretsoeng ha baa lokela ho leka ho mo qobella hore a amohele maikutlo a bona tabeng ena.—Bagalata 6:2, 5.

d Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka boemo ba bafu le ka tšepiso ea Molimo ea ho ba tsosa, sheba khaolo ea 6 le ea 7 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

“Ho sa tsotellehe hore na ke ne ke hloname hakae, ke ne ke nka Bibele ke e bala, esita le haeba e ne e le temana e le ’ngoe feela”—Lauren

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

HO SEBETSANA LE BOIKUTLO BA HO BA MOLATO

Mohlomong u ikutloa hore ho na le bohlasoa boo u bo entseng bo tlatselitseng lefung la moratuoa oa hao. Ho hlokomela hore ho ikutloa motho a le molato—ebang ke ha sebele kapa ho inahaneloang—ke boitšoaro bo tloaelehileng ba ho sareloa ho ka thusa ka bohona. Le mona hape, ha ho hlokahale hore u ipolokele maikutlo a joalo. Ho bua ka hore na u ikutloa u le molato hakae ho ka fana ka ho imoloha ho hlokahalang haholo.

Leha ho le joalo, hlokomela hore ho sa tsotellehe hore na re rata motho e mong hakae, re ke ke ra laola bophelo ba hae, leha e le hore re ka thibela “nako le ketsahalo e sa lebelloang” hore li se ke tsa oela bao re ba ratang. (Moeklesia 9:11, NW) Ntle ho moo, ha ho pelaelo hore merero ea hao e ne e se mebe. Ka mohlala, na ka ho se behelane nako le ngaka kapele, u ile ua rera hore moratuoa oa hao a kule ’me a shoe? Le hanyenyane! Joale na u hlile u molato oa ho baka lefu la motho eo? Che.

’Mè e mong o ile a ithuta ho sebetsana le ho ikutloa a le molato ka mor’a hore morali oa hae a shoele kotsing ea koloi. Oa hlalosa: “Ke ile ka ikutloa ke le molato hore ebe ke ile ka mo roma. Empa ke ile ka hlokomela hore ke bothoto ho ikutloa ka tsela eo. Ho ne ho se letho le phoso ka ho ba roma le ntat’ae. E mpile ea e-ba kotsi e mpe.”

U ka ’na ua re, ‘Empa ho na le lintho tse ngata tseo ke lakatsang eka nkabe ke li buile kapa ke li entse.’ Ke ’nete, empa ke mang ho rōna ea ka reng re bile bo-ntate, bo-’mè, kapa bana ba phethahetseng? Bibele ea re hopotsa: “Bohle re khopjoa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa khopjoe lipuong, eo ke monna ea phethehileng.” (Jakobo 3:2; Ba-Roma 5:12) Kahoo amohela ’nete ea hore ha ua phethahala. Ho lulela mefuta eohle e kang “hoja feela” ho ke ke ha fetola letho, empa ho tla liehisa ho hlaphoheloa ha hao.e

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

e Lintlha tse lebokoseng lena li nkiloe bukaneng ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ka linako tse ling, motsoali ea hōlileng ea saretsoeng o lokela ho tšelisa ngoana oa hae ea saretsoeng, eo e seng e le motho e moholo

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Litsela tse ling tseo u ka sebetsanang le ho shoeloa ke motho eo u mo ratang ka tsona ke ho ngola tlaleho ea lintho tseo u li hopolang, ho sheba linepe le ho amohela thuso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela