Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 115
  • Nka Sebetsana le Bohloko ba ho Hlokahalloa Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Sebetsana le Bohloko ba ho Hlokahalloa Joang?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke utloile bohloko ho feta tekano?
  • U ka sebetsana le bohloko ba ho hlokahalloa joang?
  • Nka Phela le ho Sareloa ha ka Joang?
    Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa
  • Se ka Thusang ba Saretsoeng
    Tsoha!—2011
  • U ka Etsa’ng ha U Siame?​—Lintho Tseo U ka li Etsang Hona Joale
    Tsoha!—2018
  • Na ho Tloaelehile ho Ikutloa ka Tsela Ee?
    Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 115
Mocha o paqame betheng ea hae, oa lla. O shebile foto ea hae le ntate-moholo oa hae.

BACHA BAA BOTSA

Nka Sebetsana le Bohloko ba ho Hlokahalloa Joang?

Na u hlokahalletsoe ke oa lelapa kapa motsoalle haufinyane? Haeba ho joalo, sehlooho sena se ka u thusa hore u sebetsane le bohloko boo u bo utloang.

Sehloohong sena

  • Na ke utloile bohloko ho feta tekano?

  • U ka sebetsana le bohloko ba ho hlokahalloa joang?

  • Seo bacha ba bang ba se buang

Na ke utloile bohloko ho feta tekano?

Batho ba bangata ba utloa bohloko haholo ka nako e telele.

Olivia ea lilemo li 15 o re: “Ha hona letsatsi le fetang ke sa nahane ka ntate-moholo oa ka. Le hoja ho se ho fetile lilemo tse peli a se a hlokahetse, ho thata hore ke bua ka eena ke sa lle.”

Alison ea lilemo li 22 o re: “Nkhono oa ka o ne a lula a ntšehetsa haeba ho ne ho e-na le lintho tseo ke batlang ho li finyella empa ha aa bona ha ke li finyella. Kamehla ha ke atleha ke utloa bohloko hobane ha aa sa phela.”

Bohloko ba ho hlokahalloa ke motho eo u mo ratang bo etsa hore u be le maikutlo a mangata. Ka mohlala:

Nadine ea lilemo li 24 o re: “Ha malome oa ka a ne a hlokahala ke ne ke sa kholoe ’me ke ile ka lula ke ntse ke sa kholoe ka nako e telele. Leo e ne e le lekhetlo la pele motho eo ke mo tloaetseng haholo a hlokahala. Lintho li ile tsa etsahala ka ho panya ha leihlo ’me li ile tsa nkama habohloko.”

Carlos ea lilemo li 21 o re: “Ke ile ka halefela ntate-moholo oa ka haholo ha a ne a hlokahala hobane o ne a sa itlhokomele le hoja re mo kopile hore a itlhokomele.”

Adriana ea lilemo li 21 o re: “’Na le ausi oa ka re ne re le sieo ha ntate-moholo oa rona a hlokahala. Ntho ena e ile ea etsa hore ke ikutloa ke le molato.”

Jared ea lilemo li 17 o re: “Banyalani bao e neng e le metsoalle ea lelapa leso ba ile ba hlokahalla kotsing ea koloi. Nako le nako ha e mong oa lelapa a ne a tsamaea, ke ne ke tšoha ke nahana hore le eena a ka hlokahala.”

Julianna ea lilemo li 19 o re: “Ha nkhono oa ka a ne a hlokahala lilemong tse tharo tse fetileng, ke ile ka ikoahlaela hore e be ha kea ba le nako e ngata ke e-na le eena ha a ntse a phela.”

Ho koata, ho se kholoe, ho ikutloa u le molato, ho tšoha le ho ikoahlaea ke maikutlo a tloaelehileng ao motho ea utloileng bohloko a ka bang le ’ona. Haeba u e-na le maikutlo a tšoanang le ao, kholiseha hore ha nako e ntse e ea u tla ba hantle. Empa hona joale ke’ng e ka u thusang hore u sebetsane le bohloko ba ho hlokahalloa?

U ka sebetsana le bohloko ba ho hlokahalloa joang?

Bua le motsoalle. Bibele e re motsoalle oa ’nete ke “ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.” (Liproverbia 17:​17) Ho bolella motho e mong hore na u ikutloa joang ho ka u thusa hore u fumane thuso eo u e hlokang.

Yvette ea lilemo li 21 o re: “Ho utloa bohloko ha se mohlolo. Ka linako tse ling u ka tšaba ho bontša batho hore u utloile bohloko empa sena se ka etsa hore u tetebele le ho feta. Ke kahoo ho leng bohlokoa ho bua le motho e mong.”

Hopola moratuoa oa hao ea hlokahetseng. Bibele e re “motho ea lokileng o bua lintho tse ntle hobane ho tletse tsona ka letlotlong la pelo ea hae.” (Luka 6:​45) U ka ngola lintho tse ntle tseo u li hopolang ka eena kapa oa etsa albamo.

Jeffrey ea lilemo li 24 o re: “Ka mor’a hore motsoalle oa ka a hlokahale, ke ile ka ngola lintho tsohle tseo a ileng a nthuta tsona. Ho etsa joalo ho ile ha nthusa hore ke ithute mohlaleng oa hae le ho sebetsana le bohloko boo ke neng ke bo utloile.”

Ngoana o ngola bukeng ea hae.

Itlhokomele. Bibele e re ho ikoetlisa ho na le molemo. (1 Timothea 4:8) Etsa bonnete ba hore u ja hantle, oa ikoetlisa le hore u robala lihora tse lekaneng.

Maria ea lilemo li 27 o re: “Ha u utloile bohloko ha u nahane hantle, joale ke ha bohlokoa hore u lule u phetse hantle ’meleng. Etsa bonnete ba hore u robala lihora tse lekaneng ebile u ja hantle.”

Moshanyana oa matha.

Thusa batho ba bang. Bibele e re: “Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuoa.”​—Liketso 20:35.

Carlos o re: “Leka ho thusa batho ba bang haholo-holo batho ba hlokahalletsoeng ke batho bao ba ba ratang. Ho etsa joalo ho tla u thusa ho hopola hore ho na le batho ba bang ba ntseng ba utloa bohloko joaloka uena.”

Ngoanana o thusa ’mè ho sebelisa thablet.

Bolella Jehova hore na u ikutloa joang. Bibele e re Jehova o ‘utloa thapelo.’ (Pesaleme ea 65:2) Hape e re Jehova “o folisa bao lipelo tsa bona li utloileng bohloko. O tlamisa maqeba a bona.”​—Pesaleme ea 147:3.

Jeanette ea lilemo li 22 o re: “Kopa Jehova hore a u tšehetse a be a u khothatse. Matsatsi a mang a thata ho feta a mang empa Jehova o lula a e-na le rona.”

U se ke oa lebella mohlolo. Hopola hore re utloa bohloko ka litsela tse fapaneng. Bibele e re Jakobo “o ile a hana ho tšeliseha” ha a ne a nahana hore mora oa hae o hlokahetse. (Genese 37:​35) U se ke oa makala ha u bona u nka nako e telele ho fola.

Taylor ea lilemo li 23 o re: “Le hoja ho se ho fetile lilemo tse 15 nkhono oa ka a se a hlokahetse, ho na le lintho tse ngata tse nkhopotsang eena.”

Nahana u se u robehile lesapo. Ho bohloko ebile ho ka nka nako hore u fole. Ngaka e tl’o u joetsa fela lintho tseo u lokelang ho li etsa ho fihlela u fola.

Moshanyana ea robehileng leoto o shebile bapalami ba libaesekele ba fetang tseleng ka fensetere.

Hoa tšoana le haeba u utloile bohloko ka lebaka la ho hlokahalloa ke motho eo u mo ratang. Ho nka nako hore bohloko boo bo fole. Kahoo, u be le mamello. Sheba likeletso tse hlahang sehloohong sena ’me u shebe hore na ke life tse tla u thusa.

Seo bacha ba se buang

Isabelle.

“Ho sebetsana le bohloko ba ho hlokahalloa ke motho eo u mo ratang, ha ho bolele hore oa mo lebala hoo u seng u sa batle ho nahana ka eena. Ke ntho e ntle ho hopola lintho tse ntle ka motho eo le hore na e ne e le oa bohlokoa hakaakang ho uena.”​—Isabelle

Jordan.

“U se ke oa ikutloa u le molato haeba u se u sa utloe bohloko joaloka pele. Ho thabela bophelo hape ha ho bolele hore ha u hlomphe moratuoa oa hao ea hlokahetseng. Ho bolela hore oa fola ’me ke sona seo moratuoa oa hao a neng a ka thabela ho bona u se etsa.”​—Jordan

Seo re ithutileng sona: Nka sebetsana le bohloko ba ho hlokahalloa joang?

  • Bua le motsoalle. Ho bolella motho e mong hore na u ikutloa joang ho ka u thusa hore u fumane thuso eo u e hlokang.

  • Hopola moratuoa oa hao ea hlokahetseng. U ka ngola lintho tse ntle tseo u li hopolang ka eena kapa oa etsa albamo.

  • Itlhokomele. Etsa bonnete ba hore u ja hantle, oa ikoetlisa le hore u robala lihora tse lekaneng.

  • Thusa batho ba bang. Leka ho thusa batho ba bang, haholo-holo batho ba hlokahalletsoeng ke batho bao ba ba ratang.

  • Bolella Jehova hore na u ikutloa joang. Kopa Jehova hore a u tšehetse a be a u khothatse.

  • U se ke oa lebella mohlolo. Hopola hore re utloa bohloko ka litsela tse fapaneng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela