“Ha Kea Shoa”
“U se ke ua ema lebitleng la ka ’me ua lla,
Ha ke eo moo.
Ha kea shoa.”
● Na u tseba thothokiso ee? Na u kile ua e utloa? Lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng, thothokiso ena e ’nile ea tšelisa batho ba bangata lefatšeng ho pota. E ’nile ea amahanngoa le liroki tse ’maloa ho theosa le lilemo. Ba bang ba bile ba bolela hore ke thapelo ea Manavajo ea lepato. Ka Senyesemane ha ea tuma ka mantsoe a boletsoeng ka holimo a qetellong ea eona, empa e tumme ka a qalong ea eona, a reng: “U se ke ua ema lebitleng la ka ’me ua lla.”
Thothokiso ena e ile ea fetoha pina e ratoang haholo Japane lilemong tse seng kae tse fetileng, empa e ile ea boela ea baka pherekano e khōlō. Batho ba Japane ba atisa ho ea mabitleng ho ea buisana le beng ka bona bao ba lumelang hore ba ntse ba phela. Kaha pina ena e ruta thuto e fapaneng, ba bang ba ’nile ba botsa, “Ha e le hantle bafu ba hokae?”
Ke khale Mabuddha a Japane a tšoara litšebeletso tsa mapato, litebelo a bile a etsa litšebeletso tsa sehopotso. Empa Mabuddha a mangata a sitoa ho araba potso e reng, Bafu ba hokae? Kapa lipotso tse ling, tse kang: Na batho ba malumeli a mang le ba lichaba tse ling ba ea sebakeng se le seng ha ba shoa? Ke hobane’ng ha bafu ba sa arabe?
Batho ba bangata ba nka hore lipotso tseo ha li na likarabo ebile ke tšenyo ea nako ho batla likarabo tsa tsona. Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa?’ Re ka fumana likarabo tsa lipotso tsee hokae? Bibele e re Molimo o ile a bōpa banyalani ba pele ba phethahatse ’me a ba fa serapa se setle hore ebe lehae la bona. Ba ne ba e-na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise haeba ba ne ba ka mamela Molimo. Empa ha baa ka ba mamela.
Kahoo, Molimo o ile a nka khato. O ile a leleka banyalani bao lehaeng la bona la Paradeise ’me a khaotsa ho ba hlokomela. O ile a hlalosa liphello tsa ho se mamele hoo ha bona, a re: “Hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” Motho o entsoe ka lerōle, ’me qetellong ha a shoa, o khutlela lerōleng.—Genese 2:7; 3:19, Bibele ea Sesotho.
Monna e mong oa Kofu, Japane, ea hlokomelang setša se seholo sa mabitla, o re: “Ha ke kenya mepotjoana e tšetseng molora oa bafu ka lebitleng ke e kenya e tletse molora le masapo. Ka mor’a lilemo tse ka bang hlano, e halofong. Ka mor’a tse leshome, ha ho sa na letho ka mepotjoaneng e mengata.” ’Mele ea rōna e entsoe ka metsoako e fumanehang mobung, ’me ha nako e ntse e ea e khutlela lerōleng. Joale ho sala eng?
Le hoja lefung re khaotsa ho ikutloa, Moetsi oa rōna, ea elang hloko esita le ha serobele se le seng se shoa, ka lerato oa re hopola. (Matheu 10:29-31) Joalokaha a tšepisitse, o tla re tsosa bafung, ha e le hantle, a re khutlisetse bophelong. O tla re bitsa a re tsose borokong ba lefu.—Jobo 14:13-15; Johanne 11:21-23, 38-44.
Haeba u ka rata ho tseba ho eketsehileng ka taba ena, re kōpa u ngolle bahatisi ba makasine ena, ba tla thabela ho u fa boitsebiso bo eketsehileng, kapa u ee mocheng oa rōna oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org.