Tsunami e Bileng Teng Japane ka 2011—Baphonyohi ba Bolela se ba Etsahalletseng
Bala litlaleho tse boletsoeng ke batho ba pholohileng tšisinyeho ea lefatše e bileng teng Japane le tsunami e ileng ea latela ka mor’a moo.
KA Labohlano la la 11 March, 2011, ha nako e le 2:46 thapama, Japane ho ile ha e-ba le tšisinyeho ea bone ho tse matla ka ho fetisisa tse kileng tsa tlalehoa lefatšeng. E ile ea baka tsunami e matla le litšisinyeho tse matla tse nyenyane tse ileng tsa latela, ’me ea siea batho ba sebakeng seo ba tšohile ka libeke tse ngata. Batho ba ka bang 20 000 ba ile ba shoa kapa ba nyamela. Leha ho le joalo, ba likete ba ile ba pholoha. Ka tlaase mona, baphonyohi ba bang ba pheta se ba etsahalletseng.
Tadayuki Tashiro le mosali oa hae, Harumi, ba ne ba le lapeng Ishinomaki, Seterekeng sa Miyagi, ha ba utloa molumo o matla ’me ntlo ea bona e qala ho sisinyeha ka matla. Tadayuki o re: “Re ile ra mathela ka ntle ’me ra tšoha haholo ha re bona lefatše le petsohile. Re ile ra shebella feela ha ntlo ea rōna e tsukutleha ’me ho tsoa lerōle le lengata maboteng joalokaha eka ke mosi.”
Tšisinyeho eo e ne e qalile sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 129 ho tloha lebōpong la Miyagi. Tsunami eo e ile ea baka tšenyo libakeng tse bohōle ba lik’hilomithara tse 670 tse haufi le Lebōpo la Pacific la Japane. Libakeng tse ling, maqhubu a ne a phahame ka limithara tse 15 ha a fihla lebōpong la leoatle, a fetela ka nģane ho mabota a sirelelitseng, a tlōla mabōpo a linōka ’me a kenella ka har’a naha sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse 40.
Mehloli ea motlakase, khase le metsi a hloekileng e ile ea senyeha ka ho feletseng. Matlo a ka bang 160 000 ho kopanyelletsa le mabenkele le lifektheri a ile a senyeha kapa a hoholoa ke metsi. Ka nako e ’ngoe, batho ba 440 000 ba tsietsing ba ne ba lula libakeng tse sireletsehileng tsa nakoana tse ka bang 2 500, tse kang likolo le litsi tsa sechaba. Batho ba bang ba bangata ba ile ba fumana bolulo ho beng ka bona kapa metsoalle. Ho ile ha shoa batho ba baloang ka likete tse mashome ’me litopo tse likete li ntse li e-s’o fumanoe.
Tahlehelo le Masisa-pelo
Tsunami e ile ea bolaea batho ba bangata ho feta ba bolailoeng ke tšisinyeho ea lefatše. Yoichi Yoshida, ea neng a lula Rikuzentakata, e Seterekeng sa Iwate, kapele-pele o ile a belaella hore ho tla ba le tsunami ka mor’a tšisinyeho eo ea lefatše, eaba o isa batsoali ba hae sebakeng se sireletsehileng se haufi. Ka mor’a moo, a khutlela morao ho ea hloela baahelani ba hae. Kaha o ne a ntse a amehile ka batsoali ba hae, Yoichi le mosali oa hae, Tatsuko, ba ne ba batla ho khutlela morao ho ea ba bona empa ba fumana molaetsa oa hore tsunami e ntse e atamela.
Ba ile ba mathela sebakeng se seng se sireletsehileng empa ba sitoa ho kena mohahong kaha mahoholi a ne a koetse monyako. Eaba ba bona mohaho o motšo o haufi oa fektheri ea moo ho sakhoang lifate o tla o lebile ho bona ka potlako. Tatsuko o ile a hoeletsa a re: “Balehang!”
Qetellong ba ile ba fihla jareteng ea sekolo, e neng e le sebakeng se phahameng. Ha ba le moo ba ile ba bona ha tsunami e hohola motse oohle oa bona. Motho e mong o ile a re: “Ntlo ea ka e ea le metsi.” Karolo e khōlō ea motse oa Rikuzentakata e ile ea senyeha ’me batsoali ba Yoichi ba ile ba ea le metsi. Setopo sa ntate oa hae ha sea ka sa fumanoa; qetellong setopo sa ’mè oa hae se ile sa fumanoa.
Toru o ne a ntse a sebetsa fekthering e haufi le lebōpo, Ishinomaki. Ha tšisinyeho e nyenyane ea pele e kokobela, o ile a mathela koloing ea hae hore a balehe. O ile a hoeletsa ba bang hore ba balehe tsunami eo a neng a belaella hore e tla latela ka mor’a moo.
Toru oa hlalosa: “Qalong ke ile ka nka tsela e lebang ha ka, moo ho neng ho batla ho phahame, empa ka tšohanyetso ka qabelloa sephethephetheng sa likoloi. Ke ile ka utloa se-ea-le-moeeng sa koloi hore tsunami e se e fihlile motseng o mong o haufi. Ke ile ka bula fensetere ea koloi e le hore nka tsoa ka eona haeba e ne e ka fihla moo ke leng teng. Kapele feela lebota le leholo la metsi a matšo le bophahamo ba limithara tse fetang tse peli le ile la tla ho ’na ka potlako. Likoloi tse neng li le ka pel’a ka li ile tsa chechella morao ho ea ka ’me kaofela ra hoholehela ka har’a naha.
“Ka tšohanyetso ke ile ka tsoa ka fensetere, empa joale ka hoholoa ke metsi a nang le oli, a nkhang hampe le a phallang ka matla. A ile a ntahlela ka har’a lebenkele la ho lokisa thepa, moo ke ileng ka itšoarella ka thata litepising eaba ke nyolohela mokatong oa bobeli. Ka mor’a ho etsa boiteko bo matla, ke ile ka khona ho hulela batho ba bararo sebakeng se sireletsehileng. Re ile ra pholoha re se bakae metsing ao a neng a ntse a phahama, bosiung bo batang, ebile ho e-na le lehloa. Empa ha rea ka ra khona ho pholosa ba bang ba neng ba ntse ba hoeletsa ho kōpa thuso.”
Pele ho tšisinyeho eo, Midori ea lulang Kamaishi, e Iwate, o ne a qetile nako e monate a e-na le nkhono oa hae le ntate-moholo. O ne a sa tsoa qeta sekolong se phahameng ’me a il’o bontša ntate-moholo oa hae ea neng a se a e-na le nako a holofetse, lengolo la hae la diploma. Ntate-moholo oa hae o ile a balla lengolo leo la diploma holimo ’me a babatsa Midori ka boiteko bohle boo a bo entseng. Matsatsi a mahlano ka mor’a hore ba be le nako eo e monate, ho ile ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše.
Midori le ’mè oa hae, e leng Yuko, ba ile ba phehella nkhono le ntate-moholo hore ba ee sebakeng se sireletsehileng, ba lumela hore tsunami e tla latela ka mor’a moo. Empa ntate-moholo oa hae o ile a re: “Che, ha ho na moo ke eang. Litsunami ha li e-s’o ka li fihla hōle hakana ka hare ho naha.” Ba ile ba leka ho mo kakasa ba mo ntša ka tlung, empa ha baa ka ba khona ho mo phahamisa, kahoo ba ile ba tsamaea ho ea batla thuso. Leha ho le joalo, ka nako eo, tsunami e ne e se e fihlile lebōpong la leoatle. Banna ba neng ba le leralleng le haufi ba ile ba hoeletsa ba re: “Potlakang! Mathang!” Tsunami e ne e metsa ntlo e ’ngoe le e ’ngoe eo e kopanang le eona. Midori o ile a hoeletsa ka lentsoe le thothomelang a re: “Ntate-moholo! Nkhono!” Hamorao setopo sa ntate-moholo oa hae se ile sa fumanoa, empa nkhono oa hae eena ha aa ka a fumanoa.
Boiteko ba ho Fana ka Thuso
Hang-hang ’muso oa Japane o ile oa romela bo-ralitima-mollo, mapolesa le litho tsa lebotho la tšireletso tse tsoang likarolong tsohle tsa Japane. Ka nakoana feela, batho ba fetang 130 000 ba ne ba kentse letsoho mosebetsing oa ho pholosa batho le ho fana ka liphallelo. Ka mor’a nako e itseng, thuso e tsoang linaheng tse ling le mekhatlong ea machaba e ile ea fihla. Kapele-pele basebetsi ba pholoho ba bangata le lingaka ba ile ba fihla. Ba ile ba batla batho ba pholohileng, ba fana ka thuso ea bongaka ’me ba tlosa mahoholi.
Mekhatlo e sa tšoaneng e ile ea thusa litho tsa eona. Lipaki Tsa Jehova le tsona li ne li le har’a mekhatlo eo. Hang feela ka mor’a hore ho be le tšisinyeho ea lefatše le tsunami ka Labohlano thapama, Lipaki li ile tsa hlahloba hore na ba kopanelang le tsona kamehla borapeling ba bolokehile kapa che. Leha ho le joalo, libakeng tse ngata mebila e ne e koalehile, ho se na motlakase ’me lithelefono li sa sebetse. Ho ne ho se bonolo ho fumana batho sebakeng seo se seholo se neng se anngoe ke tšisinyeho.
Takayuki, e leng e mong oa baholo phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova ea Soma, Seterekeng sa Fukushima, o ile a kopana le malapa a seng makae thapama ka Labohlano leo le tšosang. O re: “Ke ile ka etsa qeto ea ho batla ba bang letsatsing le latelang. Ha mafube a qala ho hlaha, ke ile ka qalella ho tsamaea ka koloi ’me hamorao ka tsamaea ka maoto ke ba batla ho fihlela mantsiboea. Ke ile ka ea libakeng tse 20, tse akarelletsang libaka tsa tšireletso, ho ea batla litho tsa phutheho. Ha ke li fumana, ke ne ke li balla mangolo ebile ke rapela le tsona.”
Shunji, oa Ishinomaki, oa hlalosa: “Re ile ra theha lihlopha tsa ho batla balumeli-’moho le rōna. Ha re ne re fihla sebakeng sa koluoa, re ne re tšosoa haholo ke seo re se bonang. Likoloi li ne li leketlile lipalong tsa motlakase, matlo a hatane holimo ’me mahoholi a phaellane holimo hoo a fetang matlo. Re ile ra bona motho ea shoeleng ka holim’a koloi e ’ngoe, mohlomong a bolailoe ke serame bosiu. Koloi e ’ngoe e ne e hlabile hlohlolingoane ’me e leketlile pakeng tsa matlo. Ho ne ho e-na le setopo ka har’a eona.”
Shunji o ile a imoloha ha a fumana barapeli-’moho le eena libakeng tsa tšireletso. O re: “Ha ke kopana le bona, ke ile ka hlokomela kamoo e leng ba bohlokoa kateng ho ’na.”
“Le Tlile Kapele Hakaakang!”
Baroetsana ba babeli ba Lipaki, e leng Yui le Mizuki Shibahara, e ne e le baahelani motseng oa Minamisanriku, o Seterekeng sa Miyagi. Ha tšisinyeho e nyenyane ea pele e kokobela, ba ile ba mathela ka ntle ’me ba bonana. Ba ile ba mathela sebakeng se phahameng hammoho. Pele ho feta metsotso e leshome ka mor’a moo, ba ile ba shebella ha motse oohle ho akarelletsa matlo abo bona a hoholoa ke metsi ka ho latellana.
Ha Yui le Mizuki ba fumana metsoalle ea bona ea Lipaki sebakeng seo se sireletsehileng, ba ile ba rapela hammoho. Letsatsing le latelang, litho tsa phutheho ea bona le litho tse tsoang ho tse ling tsa boahelani, li ile tsa feta thaba ’me tsa ba tlisetsa lijo le thepa e ’ngoe. Yui le Mizuki ba ile ba re: “Re ne re tseba hore le tla tla, empa le tlile kapele hakaakang!”
Hideharu, e leng e mong oa balebeli ba Lipaki Phuthehong ea Tome o ile a etela sebakeng seo se sireletsehileng. Oa hlalosa: “Bosiu kaofela ke ile ka leka ho fumana metsoalle ea rōna e lulang haufi le lebōpo. Qetellong, ka 4:00 hoseng, ke ile ka fumana boitsebiso ba hore ba bang ba fumane botšabeli sekolong se seng. Ka 7:00 hoseng, ba ka bang leshome ba rōna ba ile ba kopana ’moho ho apeha raese ’me ba bararo ba rōna ra qala ho tsamaea ka koloi re nkile lijo. Likoloi li ne li sa khone ho feta mebileng e mengata. Ka mor’a ho etsa boiteko bo matla, re ile ra fihla sekolong seo. Esita le ba neng ba senyehetsoe ke mahae a bona ba ile ba re thusa hore re tšehetse ba bang.”
Ho Khotsofatsa Tlhoko ea Moea
Lipaki Tsa Jehova li kopana kamehla hore li ithute Bibele ’me liphutheho tse ling li kopana ka Labohlano bosiu. Leha ho le joalo, ho ne ho le joalo le Rikuzentakata, moo Holo ea ’Muso—e leng sebaka sa borapeli sa Lipaki—e neng e sa tsoa hoholoa ke tsunami. Paki e ’ngoe e ile ea etsa tlhahiso, ea re: “Leha ho le joalo, a re tšoareng seboka.” Kahoo, ho ile ha khethoa ntlo e sa senyehang haholo ’me litho tsa phutheho tsa tsebisoa seo.
Le hoja motlakase o ne o khaohile, jenereithara e ne e le teng bakeng sa ho khantša. Ho ne ho e-na le batho ba 16. Yasuyuki e monyenyane, eo folete eabo e neng e sentsoe ke tsunami o hopola sena: “Re ile ra ntša meokho ea thabo. E ne e le setšabelo sa rōna sa bohlokoa ka ho fetisisa.” Hideko o re: “Hangata litšisinyeho tse matla tse nyenyane li ne li re ferekanya nakong ea seboka, empa ha re le ’moho ke ne ke lebala tšabo le matšoenyeho tse neng li nkutloisa bohloko.”
Ho tloha ka nako eo, phutheho ha e e-s’o ka e fetoa ke seboka le se le seng sa tseo e li tšoarang kamehla. Matsatsi a mabeli ka mor’a moo, e leng ka Sontaha, sehlooho se ileng sa khetheloa ketsahalo eo se ne se re, “Mokhatlo oa Bara ba Motho oa Lefatše Lohle o Pholosoa Tlokotsing.”
Mosebetsi oa Liphallelo o Hlophisehileng
Ka mor’a nakoana, mekhatlo e fapaneng ea ’muso e ile ea qala mosebetsi oa ho fana ka liphallelo ’me le ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, e Ebina, haufi le Tokyo le eona e ile ea qalella mosebetsi oa ho fana ka liphalello. Ka Moqebelo, e leng letsatsi ka mor’a hore ho be le tšisinyeho ea lefatše, ofisi ea lekala e ne e arotse sebaka seo se seholo se anngoeng ke tšisinyeho likarolo tse tharo. Ka Mantaha, e leng matsatsi a mararo ka mor’a tšisinyeho eo, baemeli ba tsoang lekaleng ba ile ba etela libaka tseo.
Mosebetsi oa ho fana ka liphallelo o ile oa tsoela pele nakong ea libeke le likhoeli ka mor’a moo. Ho ’nile ha ajoa lithane tse ngata tsa lintho tseo Lipaki li faneng ka tsona. Litsi tse tharo tsa liphallelo le litoropo tse 21 le litsi tse neheletsanang li ne li tsamaisa thepa ea liphallelo ka nako e le ’ngoe. Nakong ea likhoeli tse qalang tse peli, baithaopi ba makholo ba ile ba aba lijo, liaparo le lintho tse ling tsa bohlokoa tsa boima ba lithane tse 250. Lipaki tse ngata li ile tsa arolelana lintho tseo le baahelani ba tsona.
Litho tsa phutheho ea Rikuzentakata le tsa phutheho ea boahelani ea Ofunato ea Lipaki Tsa Jehova, li sebelisa Holo ea tsona ea ’Muso e hahiloeng bocha hore li matlafatse batho moeeng. Sena se tla thusa batho ba moo hore ba atlehe ho sebetsana le mathata ao ba talimanang le ’ona ha ba tsosolosa bophelo le ho hlaphoheloa maikutlong a sithabetsang a bakiloeng ke tšisinyeho ea lefatše e bakileng tšenyo le tsunami. Ho Lipaki tse fetang 14 000 tsa sebakeng se neng se anngoe ke koluoa, ho netefalitsoe hore tse 12 li hlokahetse ’me tse peli li ntse li nyametse.
Lipaki tse ngata tsa Jehova tseo e bileng mahlatsipa koluoeng ena e tšabehang li ile tsa bua mantsoe a tšoanang le ao lelapa le leng le ileng la a bua ha le re: “Ha re baleha, re ne re tšoere mokotla o le mong feela motho ka mong. Empa balumeli-’moho le rōna ba ile ba re hlokomela ka tsohle tseo re neng re li hloka.” Ke ntho e hlollang hakaakang hore ebe hona joale bahlanka ba Molimo oa ’nete, Jehova ba thabela ho ba mokhatlong oa bara ba motho lefatšeng lohle oo Jesu le baapostola ba hae ba ileng ba bua ka oona! Tlamahano ena e ke ke ea hoholoa ke litsunami kapa koluoa ea tlhaho leha e le efe e ’ngoe.—Johanne 13:34, 35; Baheberu 10:24, 25; 1 Petrose 5:9.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]
TLOKOTSI EA NYUTLELIE EA LATELA
Tšenyo e bakiloeng ke tsunami liteisheneng tsa ho fehla motlakase ka matla a nyutlelie tse Fukushima Daiichi, e ile ea e-ba ka sehloohong litabeng lefatšeng ka bophara. Mahlaseli a kotsi a ile a hasana naheng ea Japane le linaheng tse ling. Batho ba likete ba ile ba balehisoa matlong a bona ka lebaka la mahlaseli ao a kotsi.
Megumi o re: “Ntlo ea rōna e ne e le haufi le seteishene sa nyutlelie sa ho fehla motlakase. Letsatsi ka mor’a hore ho be le tšisinyeho, re ile ra utloa ka tšenyo e bileng teng seteisheneng seo sa motlakase ’me ra bolelloa hore re balehe sebakeng seo.” Ngoan’abo, e leng Natsumi oa hopola: “Liroala-nkhoana li ne li fofela tlaase, ho lla liphala tsa temoso ’me seboholi se ntse se hoeletsa hore re tlameha ho tsoa sebakeng seo.” Libekeng tse latelang, ba ile ba leba libakeng tse sa tšoaneng tse robong. Qetellong, banana bao ba babeli ba ile ba lumelloa ho khutlela lapeng ka lihora tse peli feela hore ba il’o nka lintho tsa bona tse seng kae.
Chikako, ea nang le lilemo tse fetang 60, o ne a le Namie, Fukushima. O re: “Ha ho e-ba le tšisinyeho ea lefatše, ke ile ka leba sebakeng se haufi se sireletsehileng se khethiloeng. Ha re le moo, ’na le bana ba ka ba babeli ha rea ka ra bo hlotha bosiu ka lebaka la litšisinyeho tse matla tse nyenyane tse neng li le teng. Hoseng ha letsatsi le latelang ka 7:00, re ile ra bolelloa hore hang-hang re lebe sebakeng se sireletsehileng motseng o mong.
“Mebila e ne e tletse sephethephethe, kahoo re ile ra fihla sebakeng seo hoo e ka bang ka hora ea boraro thapama. Ha re le moo, re ile ra utloa hore ho bile le ho phatloha seteisheneng sa ho fehla motlakase sa nyutlelie. Kaha ke ne ke nahanne hore re tla khutlela hae kapele, re ne sa nka letho.” Eena le ba lelapa la hae ba ile ba ea libakeng tse ngata ho fihlela qetellong ba fumana folete e neng e le hōle le lehae la bona.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photo by DigitalGlobe via Getty Images
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]
SEO BOHLE RE KA ITHUTANG SONA
Yoichi, ea boletsoeng pejana oa motseng oa Rikuzentakata, ea ileng a lahleheloa ke lintho tse ngata tse bonahalang, o re: “Ka sebele, nka tiisa hore lintho tse bonahalang ha li fane ka tšireletseho.” Esale bahlanka ba Molimo ba e-na le maikutlo ao, haholo-holo ba ithutileng seo Jesu a se rutileng. O ile a hlalosa hore lintho tse bonahalang ke tsa bohlokoa bo bonyenyane ha li bapisoa le ho amoheloa ke Molimo le tlhohonolofatso ea hae.—Matheu 6:19, 20, 33, 34.
Thuto e ’ngoe ke ea hore re lokela ho nka bohato ha re fuoa temoso. Haeba re etsa joalo, re ka pholoha ho e-na le hore re oeloe ke tlokotsi. Maemong a mangata, batho ba Japane ba ileng ba potlakela ho leba sebakeng se phahameng ba sa tsilatsile ba ile ba pholoha.
[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 16]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
JAPANE
TOKYO
Kamaishi
Rikuzentakata
Minamisanriku
Ishinomaki
Soma
Seteishene sa ho fehla motlakase sa nyutlelie se Fukushima
Ebina
Ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova
[Litšoantšo]
Rikuzentakata, Iwate
Soma, Fukushima
Ishinomaki, Miyagi
Kamaishi, Iwate
Minamisanriku, Miyagi
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Harumi le Tadayuki
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Yoichi le Tatsuko
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Yuko le Midori
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Toru
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Koloi eo Toru a neng a e khanna
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Takayuki
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Shunji
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Mizuki le Yui
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Hideharu
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Basebetsi ba liphallelo ba kene khabong
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Holo ea ’Muso ea Rikuzentakata ka mor’a tsunami
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Mosebetsi oa ho haha bocha likhoeli tse tharo hamorao
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Holo ea ’Muso e phethiloeng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 14]
JIJI PRESS/AFP/Getty Images