Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp16 no. 2 maq. 11-13
  • Ho Mamela Temoso ho ka Pholosa Bophelo ba Hao!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Mamela Temoso ho ka Pholosa Bophelo ba Hao!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HLOKOMELA LIPHETOHO
  • MOLIMO O BONTŠA HORE O RATA BATHO
  • BALEHELA SEBAKENG SE SIRELETSEHILENG!
  • Jesu o Ile a re Lefatše le Tla Felisoa Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Lipotso Tse ’Nè ka Bofelo Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Tsunami e Bileng Teng Japane ka 2011—Baphonyohi ba Bolela se ba Etsahalletseng
    Tsoha!—2011
  • Haufinyane Morero oa Molimo o Tla Phethahala
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
wp16 no. 2 maq. 11-13
Sebaka se lebōpong la Sumatra, e Indonesia e sentsoeng ke tsunami

Ho Mamela Temoso ho ka Pholosa Bophelo ba Hao!

KA LA 26 December, 2004, ho ile ha ba le tšisinyeho ea lefatše ea boholo ba 9,1 sekaleng sa Richter sehlekehlekeng sa Simeulue, se lebōpong le ka leboea-bophirimela ho Sumatra, Indonesia. Batho bohle ba ne ba shebile leoatle. Maqhubu a ne a loebehlana ka sekhahla se sa tloaelehang. Hang-hang batho ba ile ba qala ho balehela maralleng ba ntse ba hoeletsa ba re: “Smong! Smong!”, e leng lentsoe la Sesimeulue le bolelang tsunami. Le pele ho feta metsotso e 30, maqhubu a ne a khahlellana lebōpong ’me a senya matlo a mangata.

Sehlekehleke sa Simeulue e bile sona sa pele sa ho otloa ke tsunami eo. Leha ho le joalo, ho ile ha shoa batho ba supileng har’a baahi ba moo ba 78 000. Ke hobane’ng ha ho ile ha shoa batho ba ’maloa feela?a Baahi ba Simeulue ba tloaetse ho re: ‘Haeba ho e-ba le tšisinyeho ea lefatše ’me leoatle le loebehlana, mathela maralleng kaha metsi a tla fihla ka sekhahla.’ Ba ile ba ithuta ka likoluoa tse fetileng hore tsunami e atametse ha leoatle le loebehlana ka tsela e sa tloaelehang. Ho mamela temoso ho ile ha pholosa bophelo ba bona.

Bibele e re ho na le koluoa e tlang, e leng “matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.” (Matheu 24:21) Leha ho le joalo, ha se koluoa e bakoang ke lintho tseo batho ba li etsang tse senyang lefatše kapa koluoa ea tlhaho hobane Molimo o batla hore lefatše le lule le le teng ka ho sa feleng. (Moeklesia 1:4) Ho e-na le hoo, Molimo o tla tlisa koluoa ena hore a ‘felise ba senyang lefatše.’ O tla felisa bokhopo le ho utloa bohloko. (Tšenolo 11:18; Liproverbia 2:22) Re tla thaba hakaakang ha seo se etsahala!

Hape, ho fapana le litsunami, litšisinyeho tsa lefatše kapa ho foqoha ha seretse se chesang, koluoa e tlang e ke ke ea timetsa batho ba se nang molato. Bibele e re Molimo eo lebitso la hae e leng Jehova “ke lerato,” hape, o tšepisa hore “ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (1 Johanne 4:8; Pesaleme ea 37:29) Leha ho le joalo, u ka pholoha koluoa ee e tlang joang ’me oa phela ka ho sa feleng lefatšeng joalokaha Molimo a tšepisitse? Keletso ke ena: Mamela temoso!

HLOKOMELA LIPHETOHO

Ha re tsebe hore na bokhopo le ho utloa bohloko li tla fela neng hobane Jesu o itse: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.” Leha ho le joalo, Jesu o itse re ‘lule re lebetse.’ (Matheu 24:36; 25:13) Hobane’ng? Bibele e bua ka lintho tse tla etsahala lefatšeng pele Molimo a tlisa bofelo. Feela joalokaha leoatle le ile la loebehlana ’me la bontša baahi ba Simeulue hore tsunami e haufi, liphetoho tse etsahalang ka sekhahla lefatšeng li bontša hore bofelo bo haufi. Lebokose le tsamaisanang le sehlooho sena le hlalosa liphetoho tseo Bibele e buileng ka tsona.

Ke ’nete hore lintho tseo ho buuoeng ka tsona lebokoseng leo li ’nile tsa etsahala nakong e fetileng. Empa Jesu o ile a re ha re bona “lintho tsena tsohle,” re tsebe hore bofelo bo haufi. (Matheu 24:33) Ipotse, ‘Ke neng lintho tseo ho buuoeng ka tsona (1) li etsahetseng lefatšeng ka bophara, (2) ka nako e le ’ngoe ’me (3) tsa mpefala?’ Ho hlakile hore li etsahala mehleng ena.

MOLIMO O BONTŠA HORE O RATA BATHO

Mopresidente oa mehleng oa United States o ile a re: “Temoso e fanoang esale nako . . . e pholosa bophelo ba batho.” Ka mor’a hore ho be le tsunami ka 2004, ho ile ha kenngoa mochine ka leoatleng leo o lemosang ka tsunami e le hore batho ba se ke ba bolaoa ke koluoa eo joaloka nakong e fetileng. Ka tsela e tšoanang, Molimo o re lemosa esale pele hore bofelo boa tla. Bibele e ile ea bolela esale pele ea re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.

Selemong se fetileng, Lipaki Tsa Jehova li qetile lihora tse fetang libilione tse 1,9 li bua le batho ka Bibele linaheng tse 240 ka lipuo tse fetang 700. Ho boleloa ha litaba tse molemo ka tsela ena ke bopaki ba hore bofelo bo haufi. Kaha Lipaki Tsa Jehova li rata batho, li etsa sohle se matleng a tsona hore li ba lemose ka letsatsi la Molimo la kahlolo le ntseng le atamela ka potlako. (Matheu 22:39) Taba ea hore ebe Jehova u o lemosa ka tsela ena ke bopaki ba hore oa u rata. Hopola hore “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Na u tla bontša hore u rata Molimo ka hore u mamele temoso ee?

BALEHELA SEBAKENG SE SIRELETSEHILENG!

Hopola hore baahi ba motse oa Simeulue ba ile ba balehela maralleng hang ha ba bona leoatle le loebehlana. Ha baa ka ba emela hore metsi a be a fihle ho bona. Kahoo ba ile ba pholoha. Le uena u lokela ho etsa lintho tse tla u thusa hore u pholohe koluoa e tlang. U lokela ho etsa’ng? Molimo o ile a bululela moprofeta Esaia hore a ngole ka seo re lokelang ho se etsa “karolong e qetellang ea matsatsi,” e leng mehleng ena ea rōna. O ile a re: “Tloong, ’me re nyoloheleng thabeng ea Jehova . . . o tla re rupela ka litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.”—Esaia 2:2, 3.

Ha u le thabeng, u sebakeng se phahameng ka ho lekaneng e le hore u sireletsehe. Ka tsela e tšoanang, batho ba limilione ba fetotse bophelo ba bona ka mor’a hore ba bale Bibele ’me ba ithute ka litsela tsa Molimo. (2 Timothea 3:16, 17) Ha ba etsa joalo ba “tsamaea litseleng tsa hae” ’me oa ba sireletsa le ho ba hlokomela.

Na u tla etsa qeto ea ho tsamaea litseleng tsa Molimo ’me u mo lumelle hore a u sireletse matsatsing aa a ho qetela? Re kōpa hore u hlahlobe lebokose le tsamaisanang le sehlooho sena le fanang ka bopaki ba Mangolo bo bontšang hore re phela “matsatsing a ho qetela.” Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno li ka thabela ho u thusa hore u utloisise Bibele ’me u sebelise seo u ithutileng sona bophelong ba hao. U ka boela oa fumana likarabo tsa lipotso tsa hao websaeteng ea rōna ho www.jw.org/st. Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA.

a Tsunami ea 2004 e ile ea bolaea batho ba fetang 220 000, ’me e bile eona tsunami e bolaileng batho ba bangata ka ho fetisisa.

LIKETSAHALO TSE BONTŠANG HORE BOFELO BO HAUFI

Kanono

LINTOA LE MERUSU LEFATŠENG KA BOPHARA

“Le tla utloa ka lintoa le litlaleho tsa lintoa; le bone hore le se ke la tšoha. Etsoe lintho tsena li tla etsahala, empa ha e e-s’o be bofelo. Etsoe sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla. . . Lintho tsena tsohle ke tšimoloho ea bohloko ba mahlomola.”—Matheu 24:6-8.

Bana ba lapileng

MAFU A SEOA LE TLALA LEFATŠENG KA BOPHARA

“Mafu a seoa le likhaello tsa lijo sebakeng se seng ka mor’a se seng.”—Luka 21:11.

Moruti o tlanngoe ka lihanaboi

TLŌLO EA MOLAO LE MEFEREFERE EA BOLUMELI

“Ho tla hlaha baprofeta ba bangata ba bohata ’me ba khelose ba bangata; ’me ka lebaka la ho eketseha ha tlōlo ea molao lerato la ba bangata le tla fola.”—Matheu 24:11, 12.

Moruti o nyalisa batho ba bong bo tšoanang

HO HLEPHA HA BOITŠOARO

“Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, . . . ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso.”—2 Timothea 3:1-4.

Lipaki Tsa Jehova li eme pel’a toroli ea limakasine ’me li pakela monna

LITABA TSE MOLEMO TSA ’MUSO LI BOLELOA LEFATŠENG LOHLE

“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.

Mosali ea phahamisitseng letsoho ho bontša hore ha a batle ho utloa letho

BAHANYETSI BA RE BOFELO BO SA LE HŌLE

“Matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi ka ho soma ha bona, . . . ba re: ‘Ho kae ho ba teng hoo ho tšepisitsoeng ha hae? Ka sebele, ho tloha letsatsing la ha baholo-holo ba rōna ba robala lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.’”—2 Petrose 3:3, 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela