Ho se Tšepahale ke Kobo-anela!
Dannya o sebeletsa k’hamphani e khōlō ea khoebo e Hong Kong. Ha a ne a etetse feme e ’ngoe e neng e tlil’o ba rekisetsa thepa nakong e tlang, o ile a bolela kamoo a tšoenyehileng kateng ka hore na feme eo e tla latela melao e hlokahalang e le hore e hlahisetse k’hamphani ea bona thepa e hlokahalang. Hamorao ha ba le lijong tsa motšehare, mookameli oa feme eo o ile a fa Danny enfelopo. Ka har’a eona, Danny o ile a fumana tjotjo ea liranta tse likete tse mashome—e leng chelete e lekanang le moputso oa hae oa selemo.
● Batho ba bangata ba kile ba etsahalloa ke ntho e tšoanang le e etsahaletseng Danny. Lefatšeng lohle, hoa tšosa ho bona kamoo ho se tšepahale ho atileng ho bileng ho pharaletseng kateng. Ka mohlala, litokomane tsa lekhotla li bontša hore pakeng tsa 2001 le 2007, feme e ’ngoe e khōlō ea Jeremane, e ile ea ntša tjotjo e ka lekanang le lidolara tse libilione tse ka bang 1,4 (R9 940 000 000) e le hore e fuoe konteraka ea ho etsa mosebetsi o itseng.
Le hoja haufinyane tjena, mahlabisa-lihlong a entsoeng ke batho ba hlaheletseng khoebong a ile a tlisa liphetoho tse itseng, ka kakaretso ho bonahala boemo bo ntse bo mpefala. Phuputso e entsoeng ka 2010 ke Mokhatlo oa Machaba oa ho Loantša Bobolu, e bontšitse hore lefatšeng ka bophara, “bobolu bo eketsehile lilemong tse tharo tse fetileng.”
Ke hobane’ng ha ho se tšepahale ho atile hakaale? Na ho tšepahala ho molemo? Haeba ho joalo, na re ka khona ho tšepahala? Na Bibele e ka re thusa ntlheng ee?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe lihloohong tsena.